Tshepiso ke tshepiso
Home | Written stories | Multilingual stories | Tshepiso ke tshepiso

Written stories

Tshepiso ke tshepiso

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Richard Mackintosh

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Mekotatsie ke dinonyana tse nang le menoto e melelele e mmala wa lamunu le melomo e melelele e mmala wa lamunu tse fofang ho tloha Leboya ho ya Borwa mme di kgutlele morao hape. Jwale, mehleng ya kgalekgale, mekotatsie e ne e le dinonyana tse lerata ka ho fetisisa lefatsheng lohle.

Di ne di rata ho dula di bua ka dinako tsohle. Ka nako eo di fihlang Afrika ha di fofela Borwa, e nngwe le e nngwe ya tsona e ne e bua ka ntho e fapaneng, kaofela ha tsona di ne di bua ka nako e le nngwe, mme ha ho le e le nngwe e neng e bua ntho e nang
le kelello.

Ha Mokotatsie o le mong o ne o ka re, “Tlhapi! Ke rata tlhapi.”

E nngwe e ne e tla re, “Ke rata ho tshwasa ka metsing. Metsi a metsi haholo.”

Mme e nngwe e be e re, “Metsi? Ke hloile ho ba metsi.”

Ebe di tswela pele jwalojwalo … “Ha o a oma hohang ha o le metsi.”

“Metsi? Na o ka fofa ha o le metsi?”

“Fofa? Hobaneng, o ka nna wa otlanya mapheo a hao feela ebe o kgona ho fofa!”

Promise is a promise 1

Mme ke mantswe ao a ho qetela ao mpshe e ileng ya a utlwa. O ne a sa rate ha mekotatsie e ntse e pepeta, empa a lebala ka lerata hobane ntho e le nngwe feela eo a neng a batla ho e
etsa ke ho fofa.

Yaba he o a tsamaya o ya ho ikwetlisa. A leka ka matsatsi a mangata. A matha a leba kwana le kwana. A otlanya mapheo a hae, empa ha a ka a kgona le ho tloha fatshe. “O a bona he,” a rialo. “Mekotatsie yane ha e bue haholo feela, ebile e bua ditsiebadimo. E hloka ho fuwa kotlo.”

“Le rona e a re tena,” ha tletleba diphoofolo tse ding. “Ha re yeng ho mokgodutswane o bohlale.” Yaba ba tsamaya ho ya nokeng.

“Le batla kgutso?” ha botsa mokgodutswane. “Ho bonolo! Le lokela ho bua mantswe ana feela kajeno hara mpa ya bosiu mme ho tla ba le kgutso,” Mme yaba o hweshetsa mantswe a etsang mehlolo. “Empa” a rialo, “le hopole ntho e le nngwe. Hara mpa ya bosiu ba letsatsi la boraro mantswe ao a tla fellwa ke matla. Kamora moo le tla lokela ho tla ka leano la lona.”

Ka kgitla bosiu bo boholo diphoofolo tsa bokana mmoho. Tsa hweshetsa mantswe a mohlolo mme tsa emela hore bosiu bo se.

Letsatsing le hlahlamang di ne di maketse. Ho ne ho se na le ha e le modumo feela o tswang ho mekotatsie mme melomo ya yona e ne e kwalehile ka thata. Diphoofolo jwale di ne di se di kgona ho utlwana. Di ne di kgona ho buisana ntle le hore di hoeletse.

Mpshe e ne e thabile haholo, kahoo ya leka hape. A matha ho ya kwana le kwana. A phukalatsa mapheo a hae a ikwetlisetsa ho fofa ka kgotso le kgutso, empa o ne a hloleha le ho tloha fatshe feela. Qetellong a kgutlela ho mekotatsie. E ne e dutse mane, e bokane
mmoho ka mapheo a yona a kwahetseng melomo ya yona.

“Ao bathong,” ha rialo mpshe, “e shebeha e hloname ebile e lapile. Leha mekotatsie e tena hakana, empa e lokela ho ja. Ke lakatsa eka feela e ne e ka kgona ho ja ntle le hore e bue haholo.”

Hara mpa ya motsheare diphoofolo tsa tshwara kopano. Di ne di tseba hore di na le ho fihlela hara mpa ya bosiu feela ho tla ka leano le leng.

“Ha mekotatsie e ka bula melomo ya yona hona jwale, e ka bua le ho feta,” ha rialo kgudu.

“Re lokela ho nahana ka tsela e nngwe ya ho etsa hore melomo ya yona e dule e kwetswe,” ha honotha kubu.

“Empa e lokela ho ja,” ha rialo Mpshe … mme a ba le mohopolo o motle.

Yare pele ho kgitla diphoofolo tsa bokana di potile mekotatsie. “Na le batla ho qeta boloi bo entseng hore melomo ya lona e se ke ya buleha?” tsa botsa. Mekotatsie ya oma ka dihlooho e thabetse ditaba tsena.

“Jwale, re ka lokisa hoo,” ha rialo mpshe, “empa pele, le lokela ho tshepisa, mme tshepiso ke ntho e sa lokelang ho rojwa LE KGALE.” Le mekotatsie e ne e tseba taba eno. Ya nna ya oma ka dihlooho ka bonngwe e dumela ho tshepisa eng kapa eng eo mpshe a e kopang.

Sephoko sa bosiu sa lla. Mekotatsie e ne e loketse ho bula melomo ya yona mme e bue ka nyakallo ha mpshe a ema a tsepame. “Jwale,” a rialo, “le hopole tshepiso ya lona,” Mekotatsie ya dumela ka dihlooho hape. “E mong le e mong wa lona o tla tshepisa ho SE HLOLE a bua le ha e le lentswe le le leng HOHANG.”

Melomo ya mekotatsie ya buleha ke ho tshoha, empa e ne e entse tshepiso. Mme, ehlile, e ne e lokela ho etsa seo e se tshepisitseng.

Ho tloha letsatsing leo, mekotatsie haesale e thola. O tla nne o bone e otlanya melomo ya
yona mmoho e etsa ekare e etsa lerata, empa tshepiso ke tshepiso mme kahoo mekotatsie ha
e so robe tshepiso ya yona le kajeno.

Promise is a promise 2

Hape o tla nne o bone mpshe e matha ka lebelohadi, e otlanya mapheo a yona e leka ho
fofa. Empa, ho fihlela tsatsing la kajeno ha e so ka e kgona ho fofa. Mme ka lebaka la tshepiso ya yona ya ho se bue, mekotatsie e ke ke ya kgona ho mmolella hore dimpshe ha di fofe.