E ne e le letsatsi le monate, la boiketlo pela noka. Ho ne ho kgutsitse hohle. Modumo o utlwahalang feela e ne e le wa Nonyana e Nyane ha e ntse e kobola hanyane ha e hlwekisa meno a maholo, a sephara a Kubu.
Kubu o ne a natefetswe ke ho utlwa meno a hae a hlwekiswa. O ne a dutse moo ka hlooho ya hae e le ka ntle ho metsi, a ahlame haholo feela. Letsatsi le ne le mo futhumaditse ha monate hoo a ileng a iphumana a se a otsela mme a kgaleha. O ile a lora ho ena le jwang bo boholo bo monate bo phaphaletseng bo feta pela hae mona, mme torong ya hae, a bo loma haholo a ba a kwenya.
“O jele Nonyana e Nyane!” Lentswe la tsosa Kubu a ba a nyaroha. E ne e le e nngwe ya difolaminko. O ne a shebahala a halefile! Sefahleho sa hae se pinki se fetohile se le sefubedu!
“O jele Nonyana e Nyane,” a hoeletsa hape, a supile Kubu ka lepheo la hae.
“Le kgale!” Kubu a phea. “Nna ke ja jwang, e seng dinonyana tse nyane! Ho feta moo, Nonyana e Nyane ke motswalle wa ka! Nkeke ka mo ja le kgale!”
“Ke o bone! O ne a ntse a hlwekisa meno a hao, mme o mo kwentse!”
Kubu a hopola toro ya hae. Jwale o ne a se a tshohile! Na ebe o ne a kwentswe motswalle wa hae ka phoso? Yare ha a tswa ka metsing a noka, a utlwa modumo wa ho kobola o tlwaelehileng. E ne e le Nonyana e Nyane!
Kubu a qamaka hohle ho bona moo Nonyana e Nyane a leng teng. Qetellong, a elellwa hore modumo oo o tswa ka hara mpa ya hae. O ne a kwentswe motswalle wa hae!
“O a bona? Ke o bolelletse!” ha rialo Folaminko. “O jele Nonyana e Nyane!”
“Ke… ke ne ke sa ikemisetsa ho ... ” Kubu a bokolla, “Re lokela ho mo pholosa. Re tshwanetse re mo ntshe ka mpeng ya ka!”
Ka nako ena diphoofolo tsohle tse phelang pela noka di ne di se di atametse ho tla utlwa hore ho etsahalang. Tsa qala ho nahana maqheka a ho thusa.
“Ha re romelleng ditlhatswana ka hara mpa ya hao. Di ka thusa ho tataisa Nonyana e Nyane ho mmontsha tsela ya ho sesetsa ka ntle,” ha rialo Tshwene. Empa ha di utlwa sena, ditlhatswana tsohle tsa sesa ka potlako ho baleha moo.
“Re ka sebedisa le leng la meno a ka ho seha mpa ya hao re e bule mme re pholose Nonyana e Nyane,” Tau a etsa tlhahiso. Kubu ha a ka a utlwa eka ke mohopolo o motle oo!
“Re tlo etsa jwang? Nonyana e Nyane a keke a dula a le ka mpeng ya ka molebe!” ha rialo Kubu. Empa ho ne ho se leqheka leo a le nahanang. Mohlomong o ne a lokela ho dumella Tau hore a sehe mpa ya hae mme a ntshe Nonyana e Nyane. O ne a se a re o a dumela, ha Sephoko se bohlale se fihla mme se mo pholosa.
“Mamelang, kaofela ha lona,” ha rialo Sephoko. Bohle ba mamela. “Mpatleleng lesiba le leholo,” a ba laela.
Ka potlako, e nngwe ya dinonyana ya fofela tlase moo Folaminko a emeng mme ya tla le seo Sephoko a se batlang.
“Ke hantle haholo!” ha rialo Sephoko se fofela fatshe ka pela Kubu. “Jwale, ahlama haholo kamoo o ka kgonang, mme ke tla kena ka hara lehano la hao! A rialo.
“O se ke wa etsa jwalo! O tla o kwenya le wena!” Tshwene a mo eletsa.
“Helang, tholang!” Sephoko sa ba jwetsa. Empa a bua ka bonolo le Kubu a re, “O se ke wa leka! Le ha o ka etsa eng, o se ke wa kwala molomo wa hao ha ke ntse ke le ka hare ka moo!”
Sephoko a kena kahara mehlare e meholo e tshosang ya Kubu! Yaba o qala ho tsikinyetsa qoqotho ya Kubu hanyane ka lesiba. Qalong seo se ile sa etsa hore Kubu a keketehe, empa hanghang …
“Kga...kga...kgaaaaa!” Kubu a kgohlela, mme Sephoko le Nonyana e Nyane ba tswa ba fofa molomong wa hae! Bobedi ba bona ba ne ba dutla mathe a kubu. Nonyana e Nyane a haka Sephoko mme ha a qeta a mathela ho ya haka le Kubu.