Motswalle wa sebele | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | Motswalle wa sebele

Motswalle wa sebele

Author

Retold Dawn Garisch

Translator

D. H. Mohale

Ka tsatsi le leng hoseng Tadi a sunya hlooho ya hae mahlakeng a lebopong la noka. A qethola nko a nna a e famola, a fofonela moya ho utlwa hore ke mang ya haufi. Madinyane a supileng a sa tswa qhotswa a matata a tla a ntse a sesa mothinyeng mane, a bonahala jwaloka sehlopha sa dibolo tse bonojana. Mmaona o ne a ntse a a setse morao a le haufinyane. Maletata o ne a na le sefahleho se sesweu le hlooho e ntsho. O ne a leka ho ruta matatanyana a hae ho ema ka dihlooho ka metsing.

“Ha ho eo o ka mo kgahlisang ntle le ha o ka kgona ho ema ka hlooho ya hao feela.” O ne a ntse a rialo, ha a ntse a ba bontsha hore ho etswa jwang. Empa madinyane a hae a ne a sa mo mamele. A ne a sa le manyane hoo a neng a sa tsebe hore ho molemo ha kae ho kgahlisa ba bang ka seo o ka se etsang.

“A ba sa hlompheng bana bana!” ho bolela Tadi, “ba tshwanela ho kgaqiswa.”

“O bua ditsiebadimo,” ho araba Maletata, “motho e mong le e mong ho na le moo a qalang teng, mme batswadi ba lokela ho ba le mamello.”

“Oho! Ha ho seo ke se tsebang ka ho ba motswadi,” ho rialo Tadi. “Ha ke ntate ebile ha ke a ikemisetsa ho ba yena. Lerato ke ntho e lokileng, empa setswalle sa sebele ke yona ntho e bohlokwa le ho feta.”

“Ho ya ka wena motswalle wa sebele ke ya jwang?” ho botsa mokotatsie ka molomo o mosehla, kamora ho utlwa moqoqo ona ha a ntse a tsamaya metsing a haufinyane.

“Le nna nka thabela ho tseba,” ho rialo letata, le eme ka hlooho ya lona hape.

“Ke potso ya bomaumau eo!” ho omana Tadi. Motswalle wa ka wa sebele o lokela ho tshepahala ho nna, ehlile.”

“Wena o ka mo etsetsang ha a tshepahala ho wena?” ho botsa Mokotatsie, a ntse a fatafata ka maoto seretseng a bile a kobokobola ka molomo fatshe.

“Ha ke utlwisise potso ya hao” ho araba Tadi.

“E re ke o bolelle pale” ho rialo Mokotatsie.

“Na pale eo e malebana le nna?” ho botsa Tadi. “ha ho le jwalo, ke tla mamela.”

“O ka tjho jwalo,” ha araba Mokotatsie, a tshwara tlhapi ka molomo wa hae mme a e kwenya hang ka ho isa hlooho morao. A ema ka leoto le le leng, a hemela tlase ho bontsha kgotsofalo mme a ba qoqela pale ena maelana le motswalle wa sebele.

Kgaolo ya 2

Kgalekgale ho ne ho ena le monna ya tshepahalang eo lebitso la hae e neng e le Sizwe.

“Na o ne a rata ho kgahlisa?” Tadi a mo kena hanong.

“Ha ke kgolwe hore o ne a leka ho kgahlisa ba bang,” ha araba Mokotatsie. “O ne a le mosa – oo e ne e le mokgwa wa hae. Le ha ho le jwalo, e re ke tswele pele …”

Sizwe o ne a dula a le mong tlung e nyane haufi le molatswana. Kamehla o ne a sebetsa tshimong ya hae. Hara motse ohle ho ne ho se tshimo e nang le tjhai jwaloka ya hae. Ho ne ho na le poone, ditamati, le mekopu e meholo e ka lekanang le mabidi a kiribaye. Ho ne ho na le sepenetjhe le ditapole, le difate tse pedi tse telele tsa dipanana. Dihwete tsa hae di ne di le monate haholo di le mmala wa lamunu hoo batho ba neng ba di ja di le tala le pele di fihla pitseng. Ka nako tse ding o ne a jala le monokotshwai o mokgubedu o tletseng lero le monate.

Sizwe e monyane o ne a e na le metswalle e mengata, empa motswalle wa hae wa sebele e ne e le rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, ya neng a na le polasi thabaneng. Rapolasi enwa wa morui o ne a tshepahetse hona hoo a neng a ke ke a feta tshimong ya Sizwe a sa inamela ka nqane ho terata ho ikgella dipoone tse mmalwa kapa ho qotha sehlophana sa dipanana ho isa lapeng.

“Metswalle ya nnete e lokela ho arolelana,” rapolasi enwa wa lebese le dihlahiswa tsa lona o ne a rata ho rialo. Sizwe ya monyane o ne a oma feela ka hlooho a bososela, mme a ikutlwa a le motlotlo ka hore motswalle wa hae o ne a kgotsofalla tjhai ya hae hakana.

Sizwe o ne a sa phetse ho makala hore ke hobaneng ha rapolasi wa morui wa lebese le dihlahiswa tsa lona a ne a sa ke a mo fe letho le tswang polasing ya hae. Ebile ho ne ho tsebahala hore rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona o ne a e na le makgolokgolo a sereledi se bolokilweng selareng ya hae, le dikgomo tse mashome a mararo tsa lebese, le mohlape o moholo wa dinku tsa boya. Sizwe o ne a lebohela ho mamela dintho tsohle tse ntle tseo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona a neng a di bolela ka setswalle sa nnete se sa hlokeng hore o inahanele bowena.

Kahoo Sizwe o ne a itshebeletsa tshimong ya hae. Ka nako yohle ka hwetla, mariha le selemo o ne a dula a thabile haholo, empa e ne e re ha lehlabula le etla, dipula tsa ditlwebelele di ne di ena. Molatswana o ne o fetoha nokahadi, mme noka e hwasa e ja ditlhokwa e be e fetele tshimong ya Sizwe. Dijalo tseo a di jetseng di ne di hoholeha kapa di bolla ka tlasa metsi. Sizwe o ne a se na meroho eo a ka e isang mmarakeng. Nakong eo e telele ya lehlabula, o ne a atisa ho bolawa ke tlala kapa a robale a jele dimango tse mmalwa feela. Hape o ne a tshwarwa ke bodutu a le mong, ka ha rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona o ne a ke ke a mo etela ka dinako tse tjena.

Kgaolo ya 3

“Ha ho thuse ho ya bona mohlankanyana Sizwe ha tshimo ya hae e hohotswe ke metsi tjena,” rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona a rialo ho mofumahadi wa hae. Polasi ya bona e ne e le hodima thabana, kahoo dikgomo le dinku tsa hae le masim, tsohle di ne di bolokehile. “Ha batho ba le mathateng, ba lokela ho tlohelwa jwalo ba se ke ba tshwenngwa hohang ka baeti. Ke tla emela hore dikgohola di theohe mme Sizwe a kgone ho lokisa le ho lema dijalo tse ntjha hape. Jwale ke tla mo etela mme o tla kgona ho mpha seroto se seholo sa meroho ebile seo se tla mo thabisa haholo.” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona.

“Ruri o motswalle ya tsebang ho nahanela ba bang,” ho araba mofumahadi wa hae ha a ntse a pakolla korosara a e kenya ka sehatsetsing. “O lokile e le ka nnete. Ho tjhesa haholo ho ka ya kae kapa kae. Athe ho ne ho sa tlo ba monate ho Sizwe wa batho ha o ka bona tshimo ya hae e senyehileng.”

“Empa na re ke ke ra mo kopa ho nyolohela kwano?” ho rialo mora e monyane wa rapolasi eo, a ntse a hlafuna dijo tsa hae. “Haeba Sizwe a e na le mathata ke tla mo fa halofo ya samentjhese ya ka ke be ke mmontshe mebutla ya ka e mesweu ho leka ho mo kgothatsa.”

“O moshemane ya thibaneng hakaakang!” ha omana rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona. “Molemo wa ho o isa sekolong ke ofe ha e le hore ha o ithute letho? Ha mohlankanyana Sizwe a ka nyolohela kwano yaba o bona letamo la rona la ho sesa le phodileng le sereledi sa rona se monate le raka ya rona ya veine, a ka tloha a kenwa ke mona. Mona ke ntho e mpe haholo. O ka senya sebopeho se lokileng. Ho hang nke ke ka dumela hore sebopeho sa Sizwe se senngwe. Nna ke motswalle wa hae wa sebele. Kamehla ke tla dula ke mo hlokometse ho etsa bonnete ba hore ha a wele molekong. Ho feta moo, ha Sizwe a ka tla mona, a ka nna a kopa ho kolotisetswa sereledi, mme seo nke ke ka se etsa. Sereledi ke ntho e nngwe; setswalle ke e nngwe, mme ha di a lokela ho lobokanngwa. Le mantswe a mabedi ao a ngolwa ka tsela e fapaneng mme a bolela ntho tse fapaneng ho hang. Bohle ba a e tseba taba eo.”

“O bua hamonate jwang!” ho rialo mosadi wa rapolasi eo, a itshella galase e kgolo ya lebese. “Ke bile ke ikutlwa ke otsela ke ho mamelana le wena. Ekare ke kerekeng.”

“Batho ba bangata ba etsa dintho hantle,” ho araba rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, “empa ba mmalwa batho ba buang hamonate. Ho thata haholo ho bua hamonate, mme kahoo o a bona le wena, ke monna ya lokileng haholo.” A shebisisa ka nqane ho tafole ho mora wa hae e monyane, ya neng a utlwa a itshwabetse hoo a ileng a inamisa hlooho, a kgutsa mme a qala ho llela tlase ka teyeng ya hae.

Kgaolo ya 4

“Na ke qetello ya pale eo?” ho botsa Tadi.

“Ho hang bo,” ha araba Mokotatsie. “Ke qalong.”

“Tjhe, o motho ya siilweng ke dinako,” ho rialo Tadi. “Mopheti e mong le e mong wa sebele wa pale matsatsing ana o qala ka qetelo, ebe o ya qalong, mme a qetelle mahareng. Oo ke mokgwa o motjha. Ke utlwile ka taba ena maobanyana mona ho motho ya manollang dipale ya neng a tsamaya lebopong la noka ya rona le mohlankana e motjha. O ile a bua ka yona nako e telele, mme ke nahana hore o nepile, hobane o ne a rwetse diborele tsa mahlo tse bolou mme a e na le lefatla, mme e ne e re ha mohlankana enwa a tshwaela, o ne a araba a re ‘Pooh!’. Empa tswela pele ka pale ya hao he. Ke rata rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona haholo.” Ho rialo Tadi.

Mokotatsie a hemela tlase mme a tswela pele.

Eitse hang ha metsi a dikgohola a fokotseha, Sizwe a qala ho sebetsa hape. O ile a lema masimo a hae mme a a tshela menontsha mme a jala dijalo. O ne a sebetsa ho tloha ka madungwadungwana ho fihlela bosiu. O ne a sebetsa ho fihlela phatla ya hae e rotha mofufutso mme matsoho a hae a tlala matswabadi.

Ho se hokae dipeo tsa qala ho hlahisa makala a tsona mobung mme a sheba ka letsatsing. Ha hola khabetjhe e kgolo jwaloka dihlooho tsa masea, mme dinawa tsa hola tsa ikgara ka terata. Ho tswa hodimo leralleng, rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona a elellwa hore masimo a  Sizwe a ne a ntse a kgutlela setlwaeding hape. Yaba o bolella mosadi wa hae hore o tla theohela tlase ho ya etela Sizwe.

“Ao batho, o motho ya nang le pelo e ntle ruri!” ha rialo mosadi wa hae, “o dula o nahanela batho ba bang. Ke kopa hore o nke seroto sena se seholo bakeng sa meroho.”

Yaba rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona o theohela tlase a tshwere seroto letsohong la hae.

“Dumela, Sizwe,” ho dumedisa rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona.

“Dumela,” ho araba Sizwe a itshetlehile ka kgarafu ya hae a bososela haholo.

“O ntse o eya jwang lehlabuleng lee kaofela?” ho botsa rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona.

“Ke hantle hakaakang ha o botsa,” ho rialo Sizwe, “hantle haholo ka nnete. Ke mpa feela ke ile ka ba le mathata ka lebaka la dikgohola, empa ha jwale ke thabile haholo mme dijalo tsa ka di hola hantle.”

“Re ne re dula re bua ka wena nakong ya lehlabula, Sizwe,” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, “mme re ntse re ipotsa hore o kganna jwang.”

“Ke hantle hakaakang batho,” ho araba Sizwe, “Ke ne ke se ke nahana hore o ntebetse.”

“Sizwe, o a mmakatsa o a tseba,” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, “Metswalle ha e lebalane. Seo ke sona sa bohlokwa ka setswalle.”

Rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona a qamaka kwana le kwana. “Dikhabetjhe tsa hao di shebahala di le ntle hakaakang!” a bua jwalo.

“Ehlile, di ntle haholo,” ha araba Sizwe, “mme ke lehlohonolo ho ba le tse ngata hakana. Ke tlilo di rekisetsa moradi wa majoro. Mme ke tla kgona ho reka kariki ya ka hape ka tjhelete eo.”

“Ho reka kariki ya hao hape? Na ha o bolele hore o ile wa e rekisa? Ha se bohlale ho hang ho etsa ntho e jwalo!” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona.

Kgaolo ya 5

“Kwana, bonnete ke hore,” ho bua Sizwe, “ke ne ke tlamehile. Ka lebaka la dikgohola, ke ne ke se na tjhelete ya ho reka bohobe. Kahoo ke ile ka qala ka ho rekisa baki ya ka ya letlalo, yaba ke rekisa mabenyane a ka a silifera mme qetellong ka rekisa kariki ya ka. Empa ke tla di reka hape kaofela.”

“Ke tla o fa kariki ya ka,” ha rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona. “Ha e maemong a matle. Lehlakore le leng le robehile mme ho na le ho sa lokang ka mabidi a yona, empa le ha ho le jwalo ke tla o fa yona. Ke a fana o a tseba. Batho ba bangata ba ka nahana hore ke semaumau ka ho fana ka yona feela, empa ke nahana hore ho fana ke motheo wa setswalle. Ho feta moo, ke itheketse kariki e ntjha nna.”

“O na le pelo e ntle ka nnete,” ho rialo Sizwe ha sefahleho sa hae se kganya kgotso ke thabo. “Nka lokisa kariki eo hobane ke na le mapolanka ka mane ka setorong sa ka.”

“Lepolanka la patsi!” ha rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona ka thabo. “Eo ke yona ntho eo ke e batlang bakeng sa sekgeo se terateng ya ka. Dinku di tla tswa haeba ke sa se lokise. Ke lehlohonolo hore o bue ka lona! Ho a makatsa ka nnete hore ketso e le nngwe ya molemo e tlise enngwe. Nna ke tla o fa kariki ya ka mme wena o tla mpha lepolanka la hao la patsi. Ehlile, kariki e bitsa ho feta patsi, empa setswalle sa nnete ha se shebe ntho tse kang tsena. Tsa mo lata lepolanka hanghang mme ke tla ilo lokisa terata ya ka hona kajeno lena.”

“Hantle haholo,” ho araba Sizwe. A matha ho ya setorong sa hae mme a hula lepolanka.

“Ha se lepolanka le leholo,” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona ha a le sheba, “mme ke bona e ka ha ho le tla sala ha ke qeta ho lokisa terata ya ka hore wena o lokise kariki ya hao, empa seo ha se phoso ya ka. Mme jwale he, ha ke o fa kariki ya ka, ke tshepa hore o tla rata ho mpha dikhabetjhe tse itseng bakeng sa yona. Seroto ke sena. Ke kopa o se tlatse hle.”

“Ke se tlatse?” ho botsa Sizwenyana a saretswe, hobane e ne e le seroto se seholo, mme o ne a tseba hore ha a ka se tlatsa, a ke ke a fumana tjhelete e lekaneng ho reka baki ya hae ya letlalo hape.

Kgaolo ya 6

“Tjhe,” ho araba rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, “jwaloka ha ke tla o fa kariki ya ka, ha ke kgolwe hore ke ntho e boima eo ke o kopang yona ya dikhabetjhenyana tse mmalwa. Mohlomong ke fositse, empa ke ne ke nahana hore setswalle, setswalle sa nnete, ha se na boinahanelo bofe kapa bofe.”

“Motswalle wa ka, motswalle wa ka wa sebele,” ha araba Sizwe, “Nka mpa ka iphumanela mohopolo wa hao o motle ho e na le baki ya ka ya letlalo.” A matha ho ya kga dikhabetjhe tse hlano tse kgolohadi yaba o tlatsa seroto sa rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona.

“Sala hantle, Sizwe,” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona ha a nyolosa thabana ka lepolanka lehetleng la hae le seroto se boima letsohong la hae.

“Tsamaya hantle,” ho araba Sizwe ha a ntse a qala ho tjheka a thabile. O ne a thabile haholo ka kariki eo a neng a tla ba le yona haufinyane.

Letsatsing le hlahlamang Sizwe o ne a ntse a ntsha dikgofu sepenetjheng sa hae ha a utlwa rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona a mmitsa a le tseleng. Sizwe a matha a theosa tshimo a nto nyarela terateng. Rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona o ne a eme moo a jere mokotlahadi wa sereledi mokokotlong wa hae.

“Sizwe nnake,” ha rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, “na o ka rata ho nkisetsa mokotla oo wa sereledi kwa mmarakeng?”

“Oh, ke maswabi haholo,” ho araba Sizwe, “empa ke qakehile haholo kajeno. Ke tshwanela ho hlaola diratswana tsohle tsa meroho ya ka.”

“Seo se ke ke sa loka,” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona. “Ha re sheba hore ke tlilo o fa kariki ya ka, hohang ha se botswalle hore o be o hana ha ke o kopa.”

“Tjhe, o se bue jwalo,” ho araba Sizwenyana. “Nke ke ka o hlokela setswalle ho hang.” Sizwe a mathela ka tlung ho ya lata kepisi ya hae, mme a tsamaya a jere jwalo mokotla o boima wa sereledi mahetleng a hae.

Ho ne ho tjhesa haholo mohlang oo. Pele Sizwe a fihla toropong o ne a kgathetse hona hoo a ileng a lokela ho dula fatshe a phomole. Qetellong a fihla mmarakeng moo a ileng a rekisa sereledi seo ka theko e ntle haholo. Yaba o kgutlela hae ka potlako, hobane o ne a tshaba hore a ka kopana le dinokwane tseleng..

Kgaolo ya 7

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona a tla ho tla lata tjhelete ya sereledi sa hae, empa Sizwe o ne a kgathetse hona hoo a neng a ntse a robetse.

“Kgele banna,” ho kgotsa rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, “o botswa hakaakang. Botswa ke sebe se seholo mme nna ha ke rate ho ba le metswalle eo e leng mehlohlwa e rapame mekotla e mahlo. O mpe o ntshwarele ha e le mona ke bua feela le wena. Setswalle sa nnete ke eng haeba re ke ke ra bolellana nnete? Batho ba bang ba ka o rorisa feela ho o kgahlisa, empa motswalle wa sebele o bua dintho tse seng monate, hobane o a tseba hore seo ke se lokileng.”

“Ke maswabi haholo,” ho rialo Sizwe, a pikitla mahlo a hae, “empa ke kgathetse haholo hoo ke neng ke paqame betheng ke mametse melodi ya dinonyana. Kamehla ke sebetsa hantle ha ke ile ka mamela melodi ya dinonyana.”

“Tjhe, ke a thaba ho utlwa seo,” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, a phaphatha Sizwe ka mokokotlong, “hobane kajeno ke batla hore o tle o tlo tiisa terata ya ka.”

Sizwe wa batho o ne a tatetse ho ya sebetsa tshimong ya hae, hobane o ne a batla ho jala diananyese.

“Na e tla be e le ho hloka setswalle ha nka re ho wena ke qakehile kajeno?” a botsa ka lentswe le thothomelang.

“Bonneteng,” ho araba rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, “ha ke nahane hore ke ntho e kgolo eo ke o kopang yona, ha re nahana hore ke tlilo o fa kariki ya ka, empa he ha o sa batle, ke tla itokisetsa terata ya ka ka bonna.”

“Ao! Tjhe bo, butle pele,” ho araba Sizwe. A apara kapele mme a nyolohela polasing ya lebese le dihlahiswa tsa lona.

O ile a sebetsa teng letsheare lohle, ho fihlela letsatsi le dikela, ha rapolasi a e tla ho tla sheba hore na o ntse a e ya jwang.

“Ah!” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona, ha a bona hore terata ya hae e tiile, “mosebetsi o motle ke oo motho a o etsetsang ba bang.”

“Ke monyetla ka nnete, ho o utlwa o bua,” ho araba Sizwe, a dula fatshe mme a iphumola mofufutso phatleng, “monyetla o moholo ruri. Ke maswabi hore nke ke ka hlola ke e ba le dikgopolo tse ntle tse kang tsena.”

“O! o tla ba le tsona,” ho rialo rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona. “Ha jwale o mpa o fumana boikwetliso ba ho ba motswalle wa sebele, empa ka letsatsi le leng o tla kgona ho kena kgabong. Jwale ho molemo hore o ye hae o ilo phomola, hobane ke batla hore hosane o kganne dikgomo tsa ka o di ise sakeng ho ya di hama.”

Sizwe wa batho o ne a se a tsohile ka le hlahlamang ka matjeke. A kganna dikgomo tsa rapolasi ho di isa moo di hamelwang teng mme a qeta boholo ba nako ya hoseng a di hama. Ha a kgutlela hae o ne a kgathetse hona hoo a ileng a kgaleha a ntse dutse setulong sa hae.

Kgaolo ya  8

“Ke tlilo ba le letsatsi le monate tshimong a ka kajeno,” Sizwe a nahana jwalo ha a tsoha tsatsing le hlahlamang, le ha diphaka tsa hae di ne di le bohloko ke ho hama dikgomo.

Empa le ha ho le jwalo o ne a se a sa kgone ho hlokomela meroho ya hae, hobane motswalle wa hae o ne a dula a e tla mme a mo roma mesebetsi e itseng e nkang  nako e telele, kapa a mo kopa hore a mo thuse polasing ya lebese le dihlahiswa tsa lona. Sizwe o ne a kgathatsehile haholo, kaha a ne a tshohile hore dijalo tsa hae di tla nahana hore o di lebetse, empa a ikgothatsa ka hore rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona ke motswalle wa hae wa sebele ya tlilo mo fa kariki ya hae.

Yaba Sizwe o dula a sebeletsa rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona ka thata, mme rapolasi eo a dula a bua mantswe a monate mabapi le setswalle. Sizwe o ne a ngola tsohle ka hara buka ya hae mme a ipalle mantswe ao bosiu, hobane o ne a le hlooho e bonolo.

Bosiung bo bong ba mariha, Sizwe o ne a orile mollo ha a utlwa modumo o moholo monyako.

“Mohlomong ke mohahlaudi ya phirimetsweng,” Sizwe a nahana jwalo ha a potlakela monyako. Empa e ne e le rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona a tshwere totjhe ka letsohong le leng le molamu o moholo ka ho le leng.

“Sizwe nnake,” ho hoeletsa rapolasi, “ke mathateng a maholo. Moshanyana wa ka e monyane o wele lereng mme o lemetse. O hloka ngaka, empa ngaka e dula hole haholo mme ke bosiu bo batang haholo. Ke nahana hore ho ka ba molemo ha o ka ya lata ngaka bakeng sa ka. O a tseba hore ke tlilo o fa kariki ya ka, kahoo ho ka ba molemo hore le wena o nketsetse ho hong.”

“Ehlile,” ha araba Sizwe. “Ke tlotla le hore o kopile nna. Ke tla tsamaya hanghang. Nkadime totjhe ya hao, ka ha bosiu ho le lefifi haholo hoo ke tshabang hore nka nna ka wela lengopeng.”

“Ntshwarele,” ho araba rapolasi, “ke totjhe ya ka e ntjha mme nka utlwa bohloko ha ho ka etsahala ho hong ho yona.”

“Se tshwenyehe, ke tla kgona,” ho rialo Sizwe ka sebete. A theola jase ya hae le katiba ya hae e mofuthu. Yaba o thatela sekhafo se selelele molaleng mme a tsamaya.

Kgaolo ya 9

E ne e le bosiu bo batang ruri, mme ho na le sekotwana feela sa kgwedi! Sizwe o ne a sa kgone ho bona hantle, empa kamora ho tsamaya dihora tse ka bang tharo, a kokota monyakong wa ngaka.

“Ke mang?” ho hoeletsa ngaka.

“Ke nna Sizwe, Ngaka.”

“O batlang, Sizwe?” ho botsa ngaka.

“Mora wa rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona o tswile kotsi mme o batla hore o tle hang,” ho araba Sizwe.

Ngaka a theoha ka ditepisi mme a palama baesekele ho ya tlung ya rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona. Sizwe a qala leeto le le lelele ho kgutlela lapeng a le mong.

Empa maru a lefifi a kwahela kgwedi mme Sizwe a qetella a lahlehetswe ke tsela. A sollaka jwalo ho ya ka nokeng, moo e neng e le sebaka se kotsi haholo. Mafika a ne a phahame ka mahlakoreng a noka mme Sizwe wa batho a thella a wela ka metsing a phallang. O ile a hulelwa tlase ke jase ya hae e boima mme a kgaqwa. Tsatsing le hlahlamang badisa ba dipodi ba ile ba fumana setopo sa hae se phaphametse hodima metsi.

Phupung ya Sizwe, rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona e ne e le yena moidi ya ka sehloohong.

“Ke ne ke le motswalle wa hae wa hlooho ya kgomo,” ha bua rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona. “Ke bona ho loketse hore ke fumane sebaka se setle ka ho fetisisa.” Yaba o tsamaya ka pele ho lekese a ntse a hlakola mahlo a hae ka sakatuku moo batho bohle baka mmonang.

“Lefu la Sizwe ke tahlehelo e kgolo ruri,” ho rialo mofumahadi wa rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona kamora phupu. “Re tla etsa jwang ntle le meroho ya hae?”

“Tahlehlelo e kgolo ruri,” ho araba rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona. “Hobaneng, ke ne ke lokile hoo ho neng ho tshwana le ha ke mo file kariki ya ka, empa jwale ha ke tsebe hore ke tla etsa eng ka yona. E tlatsitse sebaka lapeng la ka ebile e robehile hoo nke keng ka kgona o e rekisa. Nke ke ka hlola ke fana ka ntho tsa ka le kgale. Motho o a sotleha ka lebaka la ho ba mosa.”

“Jwale?” ho rialo Tadi, kamora ho thola sebakanyana.

“Jwale, ke pheletso ya pale,” ho araba Mokotatsie.

“Empa ho qetelletse ho etsahetseng ka rapolasi wa lebese le dihlahiswa tsa lona?” ho botsa Tadi.

“Oh! Bonneteng ha ke tsebe,” ho araba Mokotatsie, “ebile ha ke kgathale.”

“Ho totobetse hore ha o na kutlwelo bohloko ka tlhaho ya hao,” ho rialo Tadi.

“Ke maswabi ka hore ha o bone molaetsa wa bohlokwa o paleng ena,” bo rialo Mokotatsie.

“Eng?” ho botsa Tadi.

“Molaetsa wa bohlokwa,” ho pheta Mokotatsie.

“O bolela hore pale ee e na le molaetsa wa bohlokwa?” ho botsa Tadi.

“Ehlile,” ho rialo Mokotatsie.

“Tjhe, kwana ka nnete,” ho rialo Tadi a kgenne, “ke nahana hore o ka be o ile wa mpolella seo pele o qala. Nka be ke sa o mamela. Hantlentle, nkabe ke ile ka re ‘Pooh!’ jwaloka mosekaseki wa dipale. Le ha ho le jwalo, nka nna ka tjho hona jwale.” Yaba o hoeletsa  haholo o re “Pooh!” ka lentswe le phefa, a tsoka mohatla, mme a nyamela lehlaka.

“O mo ratile jwang Tadi?” ho botsa letata, ya tlileng a hlapa hodima metsi.

“Ke bona eka ke mo kgentshitse,” ho araba Mokotatsie. “ke mo qoqetse pale e nang le molaetsa wa bohlokwa.”

“Ah! Kamehla ke ntho e kotsi eo o ka e etsang,” ho rialo letata. Yaba o qwela ka metsing mme a ema ka hlooho ya hae ho kgahlisa Mokotatsie