Mong Mmutla o kopana le Mong Mandela
Home | Written stories | Multilingual stories | Mong Mmutla o kopana le Mong Mandela

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Mong Mmutla o kopana le Mong Mandela

Author

Chris van Wyk

Illustrator

Paddy Bouma

Mong Mmutla a tswa ka tlung ya hae e morung. Lehodimo le ne le hlakile. Jwang bo ne bo le botala. Difate di ne di foka moyeng o phodileng. Moru o ne o tletse dipina tsa dinonyana. Empa…

Mosemeng wa hae o monyako ho ne ho ena le ntho eo a qalang ho e bona: pampiritjhelete e ntjha ya R200.

Mong Mmutla a e thonaka. “Mong Lengau o etsang mo?” A e fetofetola. “Oho! Mong Mandela,” a rialo a maketse.

Tsebe ya hae e ho le letshehadi ya nna ya tlolatlola ha a ntse a nahana. A sheba hodimo ho Mofts Nonyana wa Mongodi, ya neng a mo shebile a dutse hodima lekala la sefate sa meutlwa.

“Ke kopa o bitse kopano ya diphoofolo tsohle,” a rialo. “Ho na le tsebiso ya bohlokwa eo ke batlang ho e etsa.”

Eo a fofela kwana a ntse a hoeletsa, “Kopano kaofela ha lona, sefateng sa Moduwane, hoseng hona. Bohle ba tle kopanong…”

“Ese e le eng jwale?” bohle ba ipotsa, ba bokana ho etsa sedikadikwe tlasa sefate.

Mong Mmutla a ema bohareng. A kgohlela hanyane mme yaba o a qala, “Badudimmoho bohle ba morung ona, ke le tshwaretse ditaba tsa bohlokwa. Ntho ena,” a rialo a tsoka tjhelete ya R200 hohle, “e wetse mosemeng o monyakong wa ka. Ha ke tsebe hore ke eng kapa e bolela eng, empa e na le sefahleho sa Mong Mandela ho yona mme kahoo ke nahana hore ke ya hae…”

“E na le sefahleho sa ka le nna,” ha bua Mong Lengau ka bohale eka o a swaswa. “Kahoo, mohlomong ke ya ka.”

Bohle ba tsheha ntle le Mong Mmutla. O ne a se na nako ya ho swaswa.

“Ke ikemiseditse ho ya toropong hona jwale ho ya kgutlisetsa pampitshana ena ya bohlokwa ho Mong Mandela.”

“Eng?” ha botsa Mong Nare a tshohile. “O ilo lahleha kwana.”

“Ke tla be ke lahlwa ke eng?” ha botsa Mong Mmutla, a isitse peta pele.

“Hobane ha o tsebe ho bala,” ha araba Mong Tshukudu, a supile Mong Mmutla ka lenaka la hae le bohale.

“Tloha mona!” ha kgaruma Mong Mmutla.

“Ke nnete,” Mof Tlou a tila ka leoto la hae a tenehile. “Toropong ya Babadi batho bohle ba tseba ho bala. Mme ba sa tsebeng ho bala ba ntse ba ithuta ho bala.”

“Jwale, nka hlahelwa ke eng?” Mong Mmutla a botsa.

Mong Tau a tlolela ka pele, a ntse a sisinya maro a hae. “Ba sa tsebeng ho bala ba dula ba pheta diphoso tsa bona hangata.” a rora. “Le wena o tla etsa jwalo.”

“Ha!” Mong Mmutla a halefa. “E seng nna, katsekatse!” Ka mantswe ao a hwanta a sa tshabe letho ho feta ka tlasa Mof Tlou. Yaba o qhomaka ho theosa tsela e lebang Toropong ya Babadi.

Ho se hokae a qala ho utlwa marata a toropo e kgolo. Mme a e bona. O ne a so ka a eya toropong le kgale.

A sheba sefahleho sa Mong Lengau se tjheleteng. Ene eka se mo kgalemela ho se ye moo.

“Empa nna ke Mohlalefi e Monyane,” Mong Mmutla a rialo. “Ke bohlale ho feta batho bohle ba Toropo ya Babadi.” Mme a tlola a tlola ho ya kena toropong.

Batho ba pele bao a ba boneng e ne e le banana le bashanyana ba sekolo. Ba ne ba shebahala hantle ka yunifomo ya bona e mmala o bolou le o mosehla. Ba ne ba jere mekotlana ya sekolo le dibuka.

“Dumela, Mong Mmutla!” ba mo dumedisa.

“Dumelang hle!” Mong Mmutla a dumedisa, a thabetse hore ba mo tsebile hore ke mang. Empa o ne a batla ho tseba. “Le ntsebella kae?” a ba botsa.

“Re badile ka wena dibukeng tsa rona tsa dipale,” ngwananyana a rialo. “Kamoo Mong Kgudu a kileng a oqhekanyetsa lebelong.”

Bohle ba tsheha. Mong Mmutla a ba sheba hampe mme a tswela pele leetong la hae.

A bona batho ba mathela tereneng mme a tsamaya le bona. Seteisheneng sa ho lefa monna e mong ya apereng yunifomo e ntle, a eme kamora khaontara, a ntsha letsoho la hae mme
Mong Mmutla a re, a phahamisitse R200, “Ke tseleng ya ho ya bona Mong Mandela.”

Monna eo a hlotha tjhelete eo ka letsohong la hae…“Helang!” Mong Mmutla a halefa.

Yaba monna eo o mo kgutlisetsa pampiritjhelete ya R100.

Mong Mmutla a hlahloba tjhelete eo ka tereneng. “E fetohile e se e le bolou,” a
rialo, a maketse. “Mme Mong Nare o se a nkile sebaka sa Mong Lengau.” A phethola
pampiritjhelete eo. “Empa Monghadi Mandela o ntse a le teng.” A ntsha sehwete ka pokothong ya hae mme a se ja a thabile, a shebile tse etsahalang ka ntle.
“O a bona he, Mong Nare,” a rialo a bua le tjhelete eo ya R100. “Le ha ke sa tsebe ho bala, ke tseleng ya ho ya bona Mong Mandela.”

“Tshwarelo, Monghadi.”

Mong Mmutla a sheba monna ya apereng yunifomo e bolou. “Ha o a dumellwa ho jella ka tereneng. Ha o kgone ho bala mola?” A supa letshwao le ka hodima ditsebe tsa Mong Mmutla le balehang tjena:

1KA KOPO O SE KE WA JELLA KA TERENENG

“O,” Mong Mmutla a rialo, a kgutlisetsa sehwete se sa fellang ka pokothong ya hae.

A theoha seteisheneng se latelang mme hang a iphumana a le seterateng se tletseng batho.

Bra Tsotsi a shebella Mong Mmutla a leka ho tshela mmila, mme a bona seo a se tshwereng ka letsohong.

“Lekgolo!” a rialo, a nyeka melomo. A ya ho Mong Mmutla. “O shebahala o lahlehile, moholwane,” a bososela. “Ke nna Bra Tsotsi, ke thusa baeti ba batjha toropong ena.”

“Ke nna Mong Mmutla,” a dumedisa ka letsoho. “Mme ke tseleng ya ho ya bona Mong Mandela,” Mong Mmutla a rialo. “Ho ya mo fa sena.” A phahamisa tjhelete ya pampiri.

“Kgele,” ha rialo Bra Tsotsi. “Mandela ke motswalle wa ka. Ke tla e isa ho yena.” A hlotha R100 mme a nyamela hara letshwele.

Mong Mmutla o ne a sa thaba kamoo dintho di neng di tsamaya ka teng. O ne a batla ho kopana le Mong Mandela ka sebele mme a mo dumedise ka letsoho. Empa jwale seo a neng a ka se etsa feela ke ho kgutlela hae. Mme o ne a tla reng ho diphoofolo ka ho kopana le Mandela?

“Tjhe,” a etsa qeto. “Ke tlameha ho ya batla Bra Tsotsi ke hlothe pampiri yane.”

Yaba Mong Mmutla o nyenyelepa ka potlako ka hara letshwele le leholo, a tlola ka hodima dikoloi tse tsamayang, mme a kena le ho tswa ka mabenkeleng.

“Ke yane!” Mong Mmutla a bona Bra Tsotsi Lebenkeleng la Kgoho ya Peri-Peri la MaPhiri, a ja lebokoso la Mapheo a Kgoho la R50.

“Hela, Bra Tsotsi,” Mong Mmutla a rialo, “mphe pampiri ya ka.”

Bra Tsotsi a tshoha haholo hoo a ileng a kgangwa ke moro wa peri-peri, mme a kgitlwa ke thaabe.

“Ke hik hik ena hik,” a rialo a mo fa pampiri tjhelete ya R50.

“Pinki?” Mong Mmutla a phahamisa tjhelete eo, a maketse. “Ho se ho etsahetseng ka Mong
Nare? Empa Mong Tau ke enwa a tlo mpolella hore ke hloka ho bala hore ke tsebe ho phela toropong! Ha!” A e fetofetola. “Empa he bonnyane Mong Mandela o ntse a le teng.”

Mong Mmutla a bona batho ba eme moleng wa tekesi. Ka mora bona, moahong wa ditekesi, ho ne ho ena le setshwantsho sa Mong Mandela.

“Aha,” Mong Mmutla a rialo. “Mohlomong ba ilo etela Mong Mandela kaofela ha bona.” Yaba o kena moleng le yena. Eitse ha tekesi etla a palama.

“Mandela o dula hokae?” a botsa mokganni.

“Qetellong ya leeto le le lelele la tokoloho, motswalle wa ka,” a rialo a bososela. “Ke tla o isa teng.”

Ba ile ba tsamaya halofo ya hora, ba feta sekolo, barekisi ba seterateng, ba theosa ka mmila o moholo, ba feta kereke, ba feta motsetoropo. Qetellong mokganni a emisa renkeng ya ditekesi.

“Boemelong ba hao, motswalle,” ho rialo mokganni. “Nyolosa feela ka tsela ena ho fihlela o fihla tlung e kgolo e nang le heke e kgolo le molebedi ka ntle. E tla ba R30.” Yaba o nka R50 e letsohong la Mong Mmutla.

Mong Mmutla o ne a re o tla korotla ha…

“Tjhentjhe ya hao, monghadi.” Mokganni a kenya pampiritjhelete ka letsohong la hae.

Mong Mmutla a sheba tjhelete ena e ntjha. Hape e ne e fetohile e sa Tshwane le ya pele. Bakeng sa Mong Tau, e ne e se e le Mof Tlou ya mo tjametseng. Empa eitse ha a e phethola Mong Mandela one a ntse a le teng, a bososela. Mong Mmutla a bobosela le yena mme a qala ho
tlolatlola ho nyolosa tsela.

Tseleng a feta lebaka. A emisa, a fofonela moyeng. Ke monko wa eng o monate oo? A hatella sefahleho sa hae fensetereng ya lebaka mme a tjamela didonate, dipanekuku, diphae, ditarte, kuku ya ditholwana le dibisikiti.

Mong Mmutla a kena ka lebenkeng.

“Na nka o thusa, monghadi?” ha rialo mofumahadi e mong ka mora khaontara.

“Nka thabela e nngwe ya tsena,” a rialo a supile didonate. “Tjhe, tjhe, e nngwe ya tseno,” a mmontsha selae sa tarte. Yaba kuku ya tjhokolete, bisikiti, phae ya apole, le koeksister.

“Ke a o kopa, monghadi, o lokela ho kgetha e le nngwe.”

Mong Mmutla a qetella a supile bane ya Chelsea.

“Aha!” mofumahatsana eo a bososela. “Ke kgetho e ntle.”

A kenya bane ya Chelsea ka pakaneng mme a mo fa yona. Ha a hopola, pampiritjhelete ya
Mong Mandela e sootho e ne e le ka letsohong la hae.

Empa ha a e kgutlisetsa ka letsohong la hae, e ne e se ele tala! Mme ha o nahana ke mang ya neng a se a le sebakeng sa Mof Tlou? E ne e le Mong Tshukudu a mo lemosa ka Toropo ya Babadi.

Mong Mmutla a tlolatlola ho tswa ka lebenkeleng, a ntse a loma bane ya Chelsea haholo feela, mme a ipotsa, “Pampiri ee ya Mong Mandela e tla fetola mmala hakae pele ke kopana le yena?” Yaba o bona molebedi hekeng e kgolo. A tlola ho ya ho molebedi, a mo dumedisa mme a mmotsa:

“Na Mong Mandela o dula mo?”

“E, ehlile.”

“Ke nna Mong Mmutla wa Moru wa Afrika. Ke na le pampiri ya bohlokwa bakeng sa hae.”

Molebedi a re, “Na o ne o beeleditse kopano?”

“Tjhe,” ha araba Mong Mmutla. “Ke na le pampiri.”

Molebedi a fetoha mme a buela ka hara inthakomo.

“Monghadi, ho na le Mong Mmutla ya tswang morung…”

Lentswe le tebileng le bososelang la hlaha inthakomong. “Mong Mmutla! Mong Mmutla e moholo wa moru wa Afrika?”

“E, Mong Mandela.”

“Ho lokile, ere a kene!”

E bile kopano e ntle haholo. Letsoho le leholo la Mong Mandela le dumedisa letsohwana la Mong Mmutla ya tsebahalang. Banna bana ba babedi ba thabisana ka dipale tsa toropong le morung, tsa ditau, bahale, tokoloho le ditshibollo.

Mme yaba Mong Mmutla o bolella Mong Mandela hore o tletseng.

“Ke fumane pampitshana ena monyakong wa ka.” a rialo, a mo fa R10. “E fetohile mebala hangata haholo, le difahleho tsa metswalle ya ka e meholo ya morung di ne di ntse di hlahella moo. Ke tsebile hore ke ya hao mme ke tlile ho o fa yona ka bonna.”

2Mong Mandela o ne a maketse, empa a amohela tjhelete eo ka pososelo. Raditshwantsho a tla nka ditshwantsho tsa Mong Mandela le Mong Mmutla. Le ba televishene ba tla ho tla ba filima bakeng sa Ditaba tsa hora ya Botshelela.

Ha Mong Mmutla a fihla hae a bitsa kopano. A bolella diphoofolo tsohle ka leeto la hae le makatsang. A ba bolella ka batho bao a kopaneng le bona, le dibaka tseo a di boneng. Le kamoo a ileng a qetella a kopane le Mong Mandela.

“Mme, metswalle ya ka,” a rialo, a shebile Tau le Tlou le Nare le Lengau le Tshukudu, “tsena tsohle ke di entse ke ntse ke sa tsebe ho bala le lentswe feela.” Mme ka mora moo, letsatsi la dikela mme diphoofolo tsohle tsa ya malapeng ho ya phomola bosiu.

Hoseng ka tsatsi le hlahlamang, Mong Mmutla a tsoswa ke modumo lemating la hae.

“Ke eng seo?” a ipotsa. “Mohlomong ke ho tila ha Mof Tlou ya halefileng o tlilo ntsekisa.

A nyarela ka ntle. Mof Tlou one a le siyo. Empa ho ne ho ena le enfolopo e kgolo hodima moseme.

O ile a tswela ka ntle ho sheba hore e be e tlisitswe ke mang. Ho ne ho se na motho ka ntle.

Mong Mmutla a bula enfolopo eo. E ne e le lengolo:
Mong Mmutla ya ratehang
Naha yohle entse e bua ka ketelo ya hao. Ke a leboha ka ho mphetela dipale tseo, le ka ho kgutlisa pampiritjhelete ya R10. Ke kentse mona R200 bakeng sa hore o e sebedise ka nako e tlang ha o tlile ho etela toropong.
Ka ditumediso
Nelson Mandela

Hobane o ne a sa kgone ho bala, Mong Mmutla one a se na taba le lengolo. Empa ho ile ha wa ntho e nngwe enfelopong mme ya wela mmateng.

Mong Mmutla a sheba fatshe mme a bona R200. O ne a sa kgolwe mahlo a hae.

“Ha ke kgolwe!” a hoeletsa. “Hona sebakeng sona sela sa maobane hoseng.”

Ntle le ho senya nako, a bitsa kopano ya diphoofolo tsohle hape.

“Metswalle ya ka,” a ba bolella, “ke mohlolo o moholo, pampiri ela e kgutlile.” A e tsoka hohle hore bohle ba e bone. “Mme ke tlameha ho kgutlela leetong la ka ho e kgutlisetsa ho Mong Mandela.”

Mme, ntle le ho bua lentswe le leng o ile a tsamaya, a tlolatlola ho theosa tsela e lebang Toropong ya Babadi, pampiritjhelete e ntse e foka letsohong la hae.