Leqheka la lempetje le botswa | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Leqheka la lempetje le botswa

Written stories

Leqheka la lempetje le botswa

Author

E ngotswe ke Pirai Mazungunye

Illustrator

Ditshwantsho ka Vian Oelof

Mehleng ya kgale, motseng wa kgotso wa Mudavula, ho ne ho dula lempetje le botswa haholo. Ka nako eo, diphoofolo tsohle di ne di lema mobu bakeng sa ho iphedisa le ba malapa a tsona. Kaofela ha tsona ntle le Lempetje. Ka lebaka la botswa ba hae, o ne a sa batle ho sebetsa jwaloka diphoofolo tse ding. Ho ena le hoo, o ile a nahana leqheka la bolotsana hore a tle a adime ho ba bang mme yena a phele ha monate.

 

Hoseng ha Mantaha o mong, Lempetje a ya ha Mmutla mme a adima phofo ya poone. Pele a fihla tlung ya Mmutla, a fetola mmala wa letlalo la hae ho tloha ho o mosootho ho isa ho o motala.

 

“Ke kopa o nkadime phofo ya poone hle,” Lempetje a kopa.

 

“O tla e kgutlisa neng?” Mmutla a botsa.

 

“Ha kgwedi ena e fela!” Lempetje a mo tshepisa.

 

Mmutla a tlatsa emere e sa tshelang eo Lempetje a neng a tlile le yona. Lempetje a nka phofo eo ya poone mme a ya hae, a ntse a bososela ha a tsamaya. O ne a nahanne ka leqheka la hae la bolotsana la ho qhekanyetsa diphoofolo tse ding. A iqapela pinanyana e tlang ho mo thusa ho hopola morero wa hae.

 

‘Ke tla fetola mebala ya ka

Empa ha ho motho ya tla tseba.

Ke ne ke le motala ha Mmutla a mpona,

Ho Mokgodutswane ke tla ba mosehla.

Senqaqane o tla bona lempetje le letsho

Ho Kgudu, ke tla ba mosootho.

Ke tla fetoha ke nne ke fetole mebala ya ka.

Ba keke ba tseba hore ke nna!’

 

Ka Labobedi, Lempetje a tsoha a lapile. “Nkeke ka ja motoho kamehla. Ke batla raese!” Lempetje a nahana. “Ke tla fetola mmala wa letlalo la ka o be mosehla mme ke ye ho Mokgodutswane. Ha nka qhekanyetsa bohle, nkeke ka lefa le a le mong wa bona eng kapa eng!”

 

Lempetje a tsamaya ka emere ya hae e sa tshelang letho a ya ha Mokgodutswane, ya ileng a mo fa raese ka mosa. Lempetje a tshepisa Mokgodutswane hore o tla mo lefa mafelong a kgwedi.

 

Ka Laboraro, kamora ho pheha raese, Lempetje a sheba sejana sa hae a sa kgotsofala hohang. “Tjhe! Tjhe! Raese e se nang letho ha e monate. Ke hloka nama!” Lempetje a nahana nakwana. “Senqanqane o tla mpha nama!” a qeta jwalo.

 

Lempetje a fetola mmala wa letlalo la hae wa ba motsho mme a mathela ntlong ya Senqanqane ka emere ya hae e sa tshelang. Senqanqane a tlatsa emere eo ka nama. Hape, Lempetje a tshepisa ho lefa Senqanqane ha kgwedi e fela.

 

“Ke hloka ditholwana. Ke a di hloka!” Lempetje a nahana ka Labone. “Ke mang ya nang le ditholwana?” Lempetje a nahana a ingwaya hlooho. “Kgudu! Ehlile, Kgudu!”

 

Lempetje a fetola mmala wa letlalo la hae wa eba mosootho mme a ya ha Kgudu ka emere e sa tshelang letho. A kopa ditholwana ho Kgudu, mme Kgudu a tlatsa emere ya hae ka dipanana, dilamunu le diapole.

 

“Ke a leboha, ke a leboha, Mong Kgudu. Ke tla o lefa mafelong a kgwedi.” a tshepisa.

 

Nako ena kaofela Lempetje o ne a ntse a bina pina ya hae ele hore a tle a kgone ho hopola maqheka a hae a mebala.

 

‘Ke tla fetola mebala ya ka

Empa ha ho motho ya tla tseba.

Ke ne ke le motala ha Mmutla a mpona,

Ho Mokgodutswane ke tla ba mosehla.

Senqanqane o tla bona lempetje le letsho

Ho Kgudu, ke tla ba mosootho.

Ke tla fetoha ke nne ke fetole mebala ya ka.

Ba keke ba tseba hore ke nna!’

 

Ha mafelo a kgwedi a fihla, diphoofolo tsa emela Lempetje hore a tlo di lefa seo a se adimileng. Empa Lempetje a se ke a tla.

 

Pele, Mmutla a ya ntlong ya Lempetje. “Batho ba moo! Batho ba moo!” Mmutla a hoeletsa a le hekeng.

 

Lempetje a nyarela ka fenstere. Yare ha a bona Mmutla, a hopola pina ya hae. “Aha, Mong Mmutla, ke ne ke le motala ha ke adima phofo ya hao ya poone,” Lempetje a ipolella jwalo. Ka potlako, a fetola mmala wa letlalo la hae ho ba le lesehla mme a ya hekeng ho ya kopana le Mmutla.

 

“Ke batlana le lempetje le letala,” Mmutla a rialo a maketse.

 

“Lempetje le letala? Ke dula ke le mong mona. Ha se kgale haholo ke falletse mona,” Lempetje a bolella Mmutla leshano.

 

Mmutla a tsamaya mme Lempetje a kgutlela ka tlung. “Ke bohlale e le ka nnete,” Lempetje a ithorisa a bua haholo, a tlolela hodima soufa.

 

Matsatsing a latelang, Mokgodutswane, Senqanqane le Kgudu le bona ba tla ba batlana le Lempetje ya neng a adimile raese, nama le ditholwana ho bona. Lempetje o ne a qhekanyeditse e mong le e mong ka ho fetola mmalwa wa letlalo la hae ele hore ba se ke ba mo lemoha.

 

Kgwedi e nngwe hape ya feta. Yaba Mmutla, Mokgodutswane, Senqanqane le Kgudu ba kopana tlasa sefate se seholo sa marula ho ya bokella ditholwana tse monate tse mmala wa kgauta. Ha a shebile emere ya hae ya dimarula, Kgudu a re, “Lempetje le letala le kene ntlong ya lempetje le lesootho. Lempetje lane le lesootho le nkolota emere ya ditholwana.”

 

“Tjhe,” ha rialo Mmutla. “Lempetje le lesehla le dula ntlong yane. Empa nna ke batlana le lempetje le letala le nkolotang emere ya phofo ya poone.”

 

“Tjhe,” ha rialo Mokgodutswane. “Lempetje le letsho le dula ntlong yane. Ke batlana le lempetje le lesehla le nkolotang emere ya raese.”

 

“Tjhe,” Senqanqane a rialo. “Lempetje le lesootho le dula ntlong yane. Nna ke batlana le lempetje le letsho le nkolotang emere ya nama.”

 

Yaba Mokgodutswane o re, “Na ekaba lempetje le le leng le re qhekanyeditse kaofela ka ho fetola mmala wa letlalo la lona? Ha re yeng ntlong eo kaofela ka nako e le nngwe.”

 

Yaba he Mmutla, Mokgodutswane, Senqanqane le Kgudu ba hwantela ho ya ntlong ya Lempetje mme ba mo hoeletsa hore a tswe ka tlung.

 

Lempetje a nyarela ka fenstere ho diphoofolo tse halefileng. A ikutlwa a itshwabela ka lebaka la botswa ba hae bo mo kentseng hara mathata a makana, yaba o tswela ka ntle mme a ya kopa tshwarelo ho Mmutla, Mokgodutswane, Senqanqane le Kgudu.

 

Mmutla, Mokgodutswane, Senqanqane le Kgudu ba dumellana ho tshwarela Lempetje. “Empa o keke wa hlola o fumana eng kapa eng ho rona,” ba rialo.

 

Ho tloha letsatsing leo, lempetje le botswa la tlameha ho sebeletsa dijo tsa lona jwaloka bohle.

 

* Na lempetje o ne a adima kapa a utswa ha a ne a nka dintho tsa Mmutla, Senqanqane, Kgudu le Mokgodutswane? Phapang ke efe pakeng tsa ho utswa le ho adima?

* Hobaneng o nahana hore ho lokile ho kgutlisa seo o se adimileng?

* Nahana eka ha o batla hore batho ba se o tsebe hore o mang. Sebedisa diaparo, dikatiba, masela le diborele tsa letsatsi tsa kgale ho iphetola kamoo o shebehang. Hopola hore o ka nna wa fetola le tsela eo o tsamayang le ho bua ka yona ho ipata hore o mang.