Olwethu, e leng Okthophase, o ne a phomotse ka tlasa lefika le ka metsing haufi le lebopo la lewatle. O ne a tshohile. O ne a qala ho ba hole hakaalo le lefika leo a dulang ho lona le ka metsing. O ne a dula a ikutlwa a sireletsehile lefikeng leo, a ipatile hole le lebopo le hole le batho. Empa jwale matsatsing a mmalwa a fetileng, motswala wa hae, e leng Oscar, o ile a re a tsamaye le yena ba lo sibolla dintho metsing a haufi le lebopo. O ne a ile a re, “Mona re jewa ke bodutu. Ke batla ho bona lefatshe nna. Ha re tsamaye Olwethu, re ke re sesese hojana kwana.”
Olwethu o ne a ile a mo kopa ka thata hore a se ke a tsamaya, empa Oscar a hana ho mo mamela etswe kamehla o ne a etsa ntho eo a e batlang. Jwale e ne e se e le matsatsi a ile. Ke lona lebaka le entseng hore Olwethu a etse qeto ya ho ya mo sheba. Ke lona lebaka le entseng hore a qetelle a le metsing ana a haufi le lebopo, moo qetellong a fumaneng dibopuwa tse ding tsa metsing tse neng di ka mo bolella hore na ho etsahetseng ka Oscar. “O bolailwe ke bohelehele,” ha rialo tlhapinaledi ka pelo e bohloko. Di-anemone tsa lewatle tsa dumellana le seo di ntse di akga matsohwana a tsona, mme tsa re, “Re ile ra mo lemosa hore a hlokomele dintho tse mebalabala tse leketlelang ka metsing.” Lekgala a ntshetsa hlooho ya hae ka ntle ho kgetla mme a re, “Monna ya tshwasang ditlhapi o ne a thabile haholo hore ebe o tshwasitse okthophase.” Olwethu o ne a utlwile bohloko haholo. O tla lokela ho kgutlela lefikeng leo a phelang ho lona ka metsing a le mong.
Jwale ha a ntse a phaphametse ka tlasa lefika, a ntse a nahana hore na o hopotse Oscar jwang, ka tshohanyetso a utlwa mantswe a batho ba ntseng ba bua. Ha Olwethu a nyarela, a bona ngwananyana, mme wa hae le nkgono wa hae ba le moo metsi a qalang teng. Ba ne ba shebile ka metsing. Ha Olwethu a honyela ho ipata ka tlasa lefika, a utlwa nkgono a hweletsa a re, “Viwe, bona, okthophase ke yane ka tlasa lefika! O wa e bona?” Olwethu a iphetola mmala ka potlako e le hore a tshwane le mafika le ditlamatlama tsa ka metsing tse haufi le yena. Empa Viwe o ne a mmone. “Ee! Bona, ke nahana hore e leka ho ipata,” a rialo a supa moo Olwethu a leng hona teng.
Ha a hopola se etsahaletseng Oscar, Olwethu a etsa qeto ya ho balehela moo ho sireletsehileng ka potlako. Ka ho panya ha leihlo a tswa a ipetsa ho ya ipata tlasa lefika le leholwanyane. Empa a tshoha haholo ha ngwananyana a qaputsa ka metsing mme a fihla a dula hodima lefika le leholo leo Olwethu a ipatileng ka tlasa lona. Ngwananyana eo o ne a tshwere ntho e mmala o kganyang letsohong, empa Olwethu o ne a sa tsebe hore na ke eng.
Haesale Olwethu a kgahlwa ke dintho tse mebala e kganyang. Moo a dulang teng metsing ho ne ho le mebalabala. Ho ne ho na le di-anemone tse kgubedu, di-chitin tse benyang, ditlamatlama tsa lewatleng tse tala le ditlhapinaledi tse ngata tse ntle. Olwethu o ne a utlwisisa hore na ho tlile jwang hore Oscar a kgahlwe ke ntho e phaphametseng ka hodima metsi e mmala o kganyang eo motshwasi wa ditlhapi a neng a e sebedisitse ho mo tshwasa.
A ntse a le moo a ipatileng teng, Olwethu a bona ntho e mmala o mopinki bo kganyang e theohela ka metsing e bile e mo feta. A sa nahane le ho nahana, ka bonolo a harela le leng la matsohwana a hae nthong eo, mme yare ha ho se letho le etsahalang, a qala ho harela letsohwana la bobedi ho yona. Jwale a utlwa ngwananyana a hweletsa a re, “Mme, bona, okthophase e itshwareleditse nthong eo ke hemang ka yona.” Olwethu a tshoha yaba o itshwareletsa le ho feta nthong eo. Ngwananyana a otlolla letsoho mme a tshwara ntho eo ya hae eo a hemang ka yona. Ha a utlwa hore ho na le ntho e e hulang, ngwananyana le yena a e hula.