Borashe ba ho taka ba mehlolo
Home | Written stories | Multilingual stories | Borashe ba ho taka ba mehlolo

Written stories

Borashe ba ho taka ba mehlolo

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Mofetoledi: Hilda Mohale

Ho na le naha e nngwe hole, hole haholo e bitswang China. Kgalekgale, naheng ena e hole haholo ho ne ho dula moshanyana e mong ya neng a bitswa Ho. Ho o ne a futsanehile, empa a le mosa. O ne a sebetsa ka thata ho fumana tjhelete e lekaneng ho reka dijo.

Le ha Ho a ne a futsanehile, o ne a thusa batho ba bang neng kapa neng ha a kgona. Ho o ne a rata le ho taka mme o ne a taka ka dinako tsohle ha a ne a e na le nako.

Ka bosiu bo bong, o ile a lora eka ho na le monnamoholo ya mo fang borashe ba ho taka bo etsang mehlolo.

“O na le pelo e ntle,” ho rialo monnamoholo torong ya hae. “ Ke a bona hore o rata ho taka. Borashe ba ho taka bo etsang mehlolo ke bona. Ke batla hore o ntshepise hore o tla bo sebedisetsa ho thusa batho.”

Ha Ho a tsoha, a fumana borashe ba ho taka ba mehlolo bo le pela hae.

“Ao,” a rialo, “ke ne ke nahana hore ke toro feela.”

Ho tloha letsatsing leo, a sebedisa borashe boo ba ho taka neng kapa neng ha batho ba hloka thuso.

“Ho,” ho hoeletsa batho masimong. “Ha ho na metsi sedibeng sa rona. Re hloka metsi a ho nosetsa dijalo.”

Yaba Ho o ba takela noka. Ha a ntse a taka moralo oo, ka mohlolo noka ya hlahella mme batho ba kgona ho nosetsa dijalo tsa bona.

Paintbrush1loresYaba Ho o elellwa hore batho ba ne ba sokola ho phethola mobu, kahoo a taka setshwantsho sa kgomo le mohoma ho ba thusa. Ka dinako tsohle ha a ne a bona motho ya hlokang thuso, o ne a sebedisa borashe ba hae ba ho taka. Ka pele batho ba bangata ba tseba ka Ho le borashe ba hae ba ho taka.

Kamorawana ho moo, monna wa morui a utlwela ka borashe boo ba ho taka. “Borashe boo ba ho taka e tla ba ba ka,” a rialo mme a rera hore na o tla bo utswa jwang. “Ke tla etsa tjhelete e ngata haholo hoo ke tlang ho ba moruihadi ya fetang bohle naheng ena kaofela”. Ka letsatsi le hlahlamang a romela batho ho ya lata Ho.

“Ke batla hore o dise dikgomo tsa ka kajeno,” a rialo. “Phirimaneng a kajeno ke tla o lefa hantle.”

Ho o ne a thabile mme a disa dikgomo tsa monna eo wa morui. Empa yare ka phirimana, bakeng sa hore a lefshwe, a lahlelwa tjhankaneng a ba a amohuwa borashe ba hae ba ho taka.

“O utswitse e nngwe ya dikgomo tsa ka,” monna wa morui a bua leshano. “Borashe bona bo tla lefella molato oo a o entseng.” Qetellong, a nahana jwalo, jwale borashe ba ho taka ba mehlolo e se e le ba ka.

Monna wa morui a mema metswalle yohle ya hae hore e tle ha hae. “Dulang fatshe le shebelle mona,” a rialo. Yapa o taka ditshwantsho tse ngata ka borashe ba ho taka. Bohle ba shebella ba shebella … ba shebella, empa ha ho le setshwantsho se le seng se ileng sa fetoha sa phela.

“Ho etsahalang?” ha hoeletsa monna wa morui. “Tsamayang le late Ho le mo tlise mona!”

Ho o ile a tliswa ka pela monna wa morui. Empa jwale Ho o ne a se a tseba hore monna eo ke moikgohomosi e bile o kgopo.

“Haeba o ntakela ditshwantsho tse itseng,” ha rialo monna wa morui, “mme tsa fetoha tsa phela, ke tla o lefa ke be ke o lokolle.”

Pele, Ho a tsieleha. Yaba o ba le leqheka. “Ho lokile, ke tla etsa jwalo,” Ho a araba.

“Ntho ya pele eo ke batlang hore o e take ke thaba e KGOLO e entsweng ka kgauta,” ha rialo monna wa morui. “Ke batla ho bokella kgauta eo kaofela.”

Ho a nka borashe ba ho taka ba mehlolo mme a taka lewatle. Sena sa halefisa monna wa morui.

“Hobaneng ha o taka lewatle? Ha ke batle lewatle. Ke batla thaba e entsweng ka kgauta. Jwale, phakisa o e take.”

Jwale Ho a taka thaba e entsweng ka kgauta ka nqane ho lewatle. “O tla tlameha ho tshela lewatle lena ho ya fihla mane,” a bolela jwalo.

“Taka le sekepe se seholo he hore ke kgone ho tshela lewatle lena,” ha laela monna wa morui.

Ho a bososela mme a taka sekepe se seholo. O ne a so ka a qeta ha monna wa morui a tlolela sekepeng. Ka potlako ba lelapa la hae le metswalle ya hae ba tlolela ka hara sekepe le bona mme ba kganna sekepe ho ya lewatleng.

Ho a ba shebella ka hloko. O ile a emela hore sekepe se fihlelle bohareng ba lewatle, mme a taka leqhubu le leholo. Leqhubu leo la potlakela sekepeng. Ha se se se atametse – QHUU! – la kwahela sekepe la ba la se kgaola dikotwana tse ngatangata.

Paintbrush2 loresKamora moo, Ho a phela ha monate. O ne a e na le dijo tse lekaneng ho ka ja. O ne a thusa batho ha ba ne ba hloka thuso mme a taka ditshwantsho tse ngata kamoo a neng a rata ka teng.

Ka nako tse ding o ne a betsa mahlo ka nqane ho lewatle thabeng e entsweng ka kgauta. Ha ho na motho ya kileng a ya moo hobane ho ne ho se letho moo ha e se kgauta feela. Tjhe … ho se letho ntle le kgauta feela, dikotwana tse pshatlehileng tsa sekepe le monna wa morui ya kgenneng haholo, ba lelapa la hae le metswalle yohle ya hae.