Dumelang, lebitso la ka ke Thando. Lena ke lentswe la Sezulu le bolelang lerato. Mme wa ka o re ke hobane a nthata haholo. Ke dula le mme wa ka, motswala wa ka Santie, le mmangwane wa ka Sallie. Santie le mme wa hae ba sa tswa tla dula le rona lapeng dibekeng tse pedi tse fetileng. Mmangwane Sallie ke nnake wa mme wa ka. Ke kgetlo la pele ke kopana le yena hobane ke ne ke ile ka utlwa nkgono a re monna wa hae o ne a sa batle hore a re etele. Ba ne ba dula Mpumalanga pele ba fallela Johannesburg ho tla dula le rona. Mme wa ka o re Mmangwane Sallie o ne a e na le mathatanyana a ka lapeng kahoo ba ile ba tlameha ho tla dula le rona. Ha a ka a mpolella hore mathata ao ke a eng.
Santie ke thaka ya ka. Tjhe, kwana, ke mo sia ka dikgwedi tse nne.
“Dikgwedi tse tharo le matsatsi a mashome a mabedi!” Ho hoeletsa Santie.
“Tloha mona, ho a tshwana, e ntse e le dikgwedi tse nne,” ke rialo.
“Tjhe, ha ho jwalo,” a araba.
Jwaloka ha le iponela, Santie o manganga. Ha ke tsebe hore ke hobaneng a rata ho ngangisana. Ha se le habo mona. Jwaloka ha ke boletse, mme ke tlameha ho e hweshetsa taba ena hore a se ke a nkena hanong hape, “Ke mo sia ka dikgwedi tse nne.”
Kajeno ke letsatsi la tswalo la Santie la dilemo tse 11. Mme wa ka o re o tlo le etsa ebe le kgethehileng. Mmangwane Sallie o tla be a sebetsa bosiung bona. O sa tswa qala mosebetsi wa ho tlisetsa batho dijo ditafoleng resetjhurenteng mane Sandton mme ha a ya kgona ho fumana bosiu bo le bong ba ho phomola. Kahoo mme wa ka o a re ntsha ho ya sinema re ilo shebella Jock of the Bushveld.
Ke tshepa hore ho tla ba monate. Re se re tatile. Kapa e re ke re, ke tatile. Kajeno ho hang ha ho so be monate. Ka nako tsohle ha ke batla ho bapala papadi e itseng, Santie o batla ho bapala enngwe, ebe re tlameha ho etsa seo a se batlang. Mme wa ka o re ke tshwanetse ho bapala papadi eo Santie a e batlang hobane ke letsatsi la hae la tswalo kajeno. Ke lekile ho sisinya hore re bapale ntho e nngwe, empa Santie o dula a hoeletsa hore mme a tle a mo utlwe, “Empa ke letsatsi la ka la tswalo!” Ke tshepa hore lekgatheng le tlang ha a ba le letsatsi la tswalo, o tla be a se a sa dule mona.
Kamora ho ba re itlhatswitse mme e se e le nako ya hore re ye sinema, mme a re o na le mpho ya ka le ya Santie. O re reketse mese le dieta tseo re tla di apara ho ya sinema. A re ke hobane a batla hore re shebahale jwaloka barwetsana ba hlomphehang. Atjhe, o a nyahamisa ruri. Bathong, hobaneng a sa ka a re rekela dijini kapa ho hong feela? Mose wa Santie o tshwana le wa ka, empa o mofubedu mme ha wa ka o le mosehla. Ebile bobedi ba rona re na le dieta tse tshwanang ntle feela le hore dieta tsa hae di kgubedu mme tsa ka di tshehla. Ha ke rate mese. Santie o rata mese haholo.
“Mme? Re na le dilemo tse leshome le motso o mong, e seng tse supileng!” Ka rialo ho mme hobane ke swabiswa ke diaparo tsena tse tshwanang.
Mme a ntjheba yaba o re, “Wena, Thando, na ke yona tsela ya ho leboha yona eo? Ke tla nka mose oo ke o busetse lebenkeleng mme o ke ke wa ya le rona sinema. Hobaneng o sa ikokobetse jwaloka Santie o re feela ke a leboha?”
Yaba ke re, “Ke a leboha,” ka moya o fatshe.
Mme a ntjheba yaba o re, “Ha ke a o utlwa.”
Yaba ke phahamisa lentswe ka nto pheta hape ka re, “Ke itse KE A LEBOHA.”
“Ha se moo hee. Jwale tsamayang le ilo apara,” a rialo. Ka bona Santie a bonya a ba a nnyotolela leleme a eme kamora mme. Yaka nka mo tsipa. Hee o a tena.
Ra qeta ho apara, ke fela ke sa rate mose ona, yaba mme o re, “Ha re yeng, banana.” Ra mo latela.
Ha re palama tekesi ho ya sinema, mokganni wa tekesi a re, “O na le baradinyana ba batle jwang feela, Mme.” Yaba ke a bososela le ha ke tseba hore nna ke motle ho feta Santie. Empa jwale ka teneha ha a botsa mme wa ka, “Na ke mafahla?”
Yare feela moo ke reng ke tla re tjhe, re bomotswala feela, mme a be a se are, “Tjhe ke bana ba motho feela.” Ha se ngwaneso. Ke motswala!
Ra fihla sinema mme ke ne ke tshepa hore ha ho motho eo ke tla mmona ho bao ke kenang sekolo le bona.
Yaba ho a etsahala.
Ha re sa emetse mme ho ya reka ditekete, ka bona moshanyana yane e motlenyana eo ke mo ratang ka phaposing ya rona, Siya, a tsamaya le motswalle wa hae wa hlooho ya kgomo, Sam, mme le bona ba tlile sinema.
Yaba o re ho nna, “Helang, dumela Thando, na ha o moholo haholo hore o ka apara mafeto a diaparo le motho e mong?”
O a bona he ntho eo ke neng ke bua ka yona? Ekare lefatshe le ka ngamoha ka kena.
“O tshwenngwa ke eng wena? O lathalatha feela ya moshanyana ya sa tsebeng letho ka feshene!” ha araba Santie.
Ao Basadi! Hobaneng a buile jwalo?
“Oho, ha ho na taba, ‘lefahlanyana’ la Thando,” a rialo mme yena le Sam ba otlana ka matsoho mme ba qala ho tsheha ba ntse ba re supa.
Ka kgitla Santie ka setsu mme ka re, “Ke eng ka wena? Hobaneng o entse ntho e jwalo?”
“O ne a o tlwaela hampe. Ke ne ke mpa ke thusa wena,” a araba jwalo.
“Ke leboha haholo hee! Ho hang ke ne ke sa o kopa thuso. Siya ke yena ya motle ka ho fetisisa ka phaposing ya ka mme jwale nna ke tlilo fetoha motshewa ka phaposing ya borutelo,” ka rialo ka mabefi.
“Na ke mohlankana wa hao?” a botsa a kweletsa mahlo.
“Tjhe bo!” ka rialo. Hoja e ne e le mohlankana wa ka, jwale seo se ke ke sa hlola se etsahala, ka lebaka la molomo wa hae o moholo.
“Halala, Thando o na le mohlankana, Thando o na le mohlankana.” A bina a ntse a thenthetsa.
Ka ona motsotso oo mme a kgutla mme a botsa Santie, “Ke eng eo, Ratu?”
Yaba Santie o re, “Ha ho letho, Nkgono. Nna le Thando re ntse re iketsetsa metlae feela.”
Mme wa ka a re, “Ho lokile,” yaba o fa e mong le e mong lebokoso la diqhome (popcorn), senomaphodi le dipompong tsa Smarties.
“Ke leboha haholo, Nkgono, lena ke letsatsi la tswalo le monate ka ho fetisisa,” Santie a rialo a suna mme lerameng.
Mme a bososela mme are, “Ao rato la ka, ha se letho hle. Ke o tshepisa hore isao ho tla ba monate le ho feta.”
Mpolaeng, mpolaeng bo. Lena ke letsatsi la tswalo le lebe ka ho fetisisa. Empa e se letsatsi la ka la tswalo. Jwale hape, Santie o ntse a tla ba kwano isao?
Ha ke hola ke batla ho ba moetsi wa difilimi tsa tlhakisetso (documentary). Ha ke na bonnete hantle hore na ba etsa eng, empa mosadi ya kileng a tla sekolong sa rona o ile a re o etsa ntho eo, mme e ne e utlwahala e kgahlisa. O ile a re o rekota dipale. Kahoo ke rekota pale ena e le hore mohla Santie a seng a hodile, le yena o tla hopola hore letsatsi lena e ne e le le lebe ka ho fetisisa la tswalo!