Kamehla ha Sisanda ya dilemo di robedi a fihla lapeng ho tswa sekolong, o hlobola diaparo tsa hae tsa sekolo, a je dijo tsa motsheare mme a bapale papadi ya morabaraba le ntatemoholo wa hae. Ba natefelwa haholo ke ho tsamaisa “dikgomo” tsa bona ho potoloha letlapa hoo a qetellang a sa batle ho emisa. Empa ntatemoholo a mo hopotse hore o batla ho ba motsamaisi wa banka ka tsatsi le leng ha a se a hodile.
“O tla ba yena jwang ha o sa ye sekolong se phahameng?” ho rialo ntatemoholo wa hae a swaswa.
Sisanda o itshehela feela. “Ke tla ya sekolong se phahameng ke be ke ye le yunivesiting. Ke kahoo ke sebetsang ka thata tjena sekolong!”
Sisanda o molelele ho feta dilemo tsa hae – o futsitse ntatae. Sefahleho sa hae se tjhitja le pososelo ya hae e ntle ke tsa mmae. Ka bobedi batswadi ba hae ba tsoha ka matjeke kamehla ho ya mosebetsing polokelong ya diphoofolo tse hlaha e haufi le moo. Ka nako eo Sisanda le metswalle ya hae ba qalang sekolo ka yona, ho be ho se ho tlile dihlopha ka dihlopha tsa bahahlaudi ho tla bona diphoofolo tse kgahlisang ka ho fetisisa tsa Afrika.
Bakeng sa letsatsi la hae la tswalo le fetileng, Sisanda o ile a fumana mpho e ikgethang – batswadi ba hae ba ile ba fumana tumello ya hore a ka tshwarela moketjana wa hae serapeng sa diphoofolo. Dithuhlo tsa moo di ne di makaletse sehlopha sena sa batho. Di ne di otlolla melala ya tsona e melelele ho bona moketjana hantle mme e ne eka di kgaletse le
kuku ya letsatsi la tswalo! Sisanda o ne a rata dithuhlo tseo. Kaofela diphoofolo di ne di kgethehile ho yena, empa e ne e le dithuhlo tse kgutsitseng le tse bonolo tse hapileng pelo ya hae. O ne a ka qeta letsatsi lohle a di shebelletse.
Ka tsatsi le leng ka Labohlano, ntate wa Sisanda a fihla hae pele ho nako a etswa mosebetsing. O ne a shebahala a saretswe haholo.
“Molato ke eng, Ntate?” ha botsa Sisanda.
“Kajeno sehlopha sa dinotshi se ile sa loma mme thuhlo,” ha hlalosa ntata Sisanda. “Hlooho ya hae e ne e ruruhile hohle ka lebaka la ho longwa hoo mahlo a hae a matle a neng a kwalehile. Re lekile tsohle ho mo thusa, empa ho ne ho sa thuse letho – o ile a shwa. Mme taba e bohloko ka ho fetisisa ke hore o ne a ena le namane e nyane e ntseng e mo hloka.”
“Tjhe bo!” ha rialo Sisanda a qala ho lla. “Ekare ho ka be ho ena le ho hong hoo nka ho etsang. Ledinyane la thuhlo le lona ke a kgolwa le ntse le lla jwalo ka nna tjena.”
Sisanda a lla, a lla. Mmae o ile a leka ho mo tshedisa. O bile a ba a balla Sisanda pale ya bobedi ka nako ya ho robala ho mo thusa ho lebala kamoo a utlwileng bohloko ka teng bakeng sa ledinyane la thuhlo. Qetellong, Sisanda a kgaleha a ntse a mametse lentswe la mmae.
Tsatsing le hlahlamang hoseng Sisanda a tsoha a ena le mohopolo o itseng!
“Na nka ya le lona mosebetsing kajeno?” a botsa ntatae. “Ke na le mpho bakeng sa ledinyane la thuhlo.”
Batswadi ba hae ba shebana, ba bososela mme ba re, “Ee, ho lokile o ka tla le rona.”
E ne e le letsatsi le futhumetseng empa maru a kwahetse. Dintho tsohle tse serapeng sa diphoofolo di ne di kgutsitse ka tsela e sa tlwaelehang.
“Ke nahana hore letsatsi ha le a tjhaba kajeno hobane le utlwisitswe bohloko ke ledinyane la thuhlo,” ha rialo Sisanda.
Tlou e kgolohadi ya tjamela ba lelapa ba fetang moo.
“Mohlomong e makaletse hore ke hobaneng ha ngwananyana eo a tlile mosebetsing le batswadi ba hae,” ha rialo mma Sisanda.
Sisanda a oma ka hlooho. “E tla makala ha e fumana lebaka,” a nahana jwalo.
Ba fumana ledinyane la thuhlo le eme le le leng. Molala wa lona o kebeselang o ne o leketlile mme mahlo a lona a maholo a sootho a ne a shebahala a le bodutu. Sisanda a atamela ho lona haholo kamoo a ka kgonang. A bula mokotlana wa hae o monyane mme a ntsha buka. Mme batswadi ba hae ba makala ha a qala ho balla ledinyane la thuhlo. La thintsha hlooho ya lona la sheba kamoo lentswe le tswang ka teng mme la mamela jwaloka haeka le utlwisisa ditaba kaofela. Qalong batswadi ba Sisanda ba ne ba nahanne hore ho balla thuhlo e ne e le ntho e sa tlwaelehang, empa ba fetola mehopolo ya bona ha ba bona kamoo e shebahalang e ena le kgotso ka teng – mahlo a yona a bonolo a shebile Sisanda.
“Ke nahana hore Thokozani ke lebitso le monate,” ha rialo Sisanda.
“Motswalle wa hao o motle, Sisanda. O bile mosa ho yena,” a rialo ka bonolo.
“Lebitso la hae ke mang?” ha botsa e mong wa bashanyana.
“Thokozani,” ha araba Sisanda.
“Thokozani e bolela ‘thabang’,” ha hlalosa Moftsn Khanyile.
Bana ba dula fatshe ho mamela ha Sisanda a bala pale eo a e baletseng Thokozani ka letsatsi leo ba kopaneng kgetlo la pele ka lona. Motsamaisi wa polokelong ya diphoofolo a nka ditshwantsho. Bahahlaudi ba neng ba feta moo ba nka ditshwantsho le bona. Esitana le raditshwantsho ya neng a etswa phatlalatsong ya koranta ya lehae a tlanyatsa ka khemera le yena. O ile a tshepisa hore setshwantsho sa bona se tla be se le koranteng haufinyane. Bohle ba etsa ditlatse le mahofi.
A, mpho e ntle ruri! Ho balla motswalle.