“Ekare nka be ke sa ye sekolong kajeno,” ha rialo Abuti Mmutla ha a tsoha. “Ke lakatsa eka nka be ke dula hae mme ke robala letsatsi lohle.”
Ka mane ka kitjhineng Nkgono Mmutla o ne a ntse a pheha motoho. “Phakisang, bana,” a hoeletsa. “Dijo tsa hoseng di se di lokile.”
“Re a tla, Nkgono,” ha araba Ausi Mmutla, a tlola ho theoha betheng. Ausi Mmutla kamehla o dula a batla ho ya sekolong.
“Ha ke ikutlwe hantle, Nkgono,” Abuti Mmutla a rialo. “Hlooho ya ka e a opa le leoto la ka le bohloko, ebile mmetso wa ka o bohloko esitana le setsu sa ka.”
Nkgono a mamela motjheso wa hae ka ho beha letsoho hloohong ya hae. “Ha ho letho le phoso ka wena mona,” a rialo. “A ko tsohe o apare.”
Abuti Mmutla a theoha betheng. Ka pele a lahlela dieta tsa hae ka ntle ho fensetere. “Ha ke bone dieta tsa ka tsa sekolo,” a rialo a hoeleditse. “Nkeke ka kgona ho ya sekolong ke sa rwala dieta.”
Ausi Mmutla o ne a mmone. “Mmutla towe o thibaneng ditsebe,” a omana.“O no leka ho di pata. Jwale, phakisa. Re tla siuwa ke nako.”
Abuti Mmutla a ja motoho wa hae. Yaba o ya ntlwaneng a dula moo. “Mala a ka a bohloko, Nkgono,” a lla. “Mala a ka a loma ha bohloko. Nke ke ka kgona ho ya sekolong.”
Nkgono a tla le botlolo ya hae e kgolo ya moriana o babang. “Ha se moo,” a rialo, “enwa dikgaba tse pedi tsa moriana ona mme mala a hao a tla fola.”
“Tjhe, tjhe, tjhe,” ha hoeletsa Abuti Mmutla. “Mala a ka ha a sa loma jwale.”
“Ho lokile tsamayang he,” ha rialo Nkgono, a ba fa dijo tsa bona tsa sekolong. “Le ithute ka matla le tsebe ho kgutla le le bohlale.”
Abuti Mmutla a hulanya maoto kamora kgaitsedi ya hae. Kgaitsedi ya hae o ne a tlolatlola a tantsha a qhomaqhoma tseleng e yang sekolong, empa yena o ne a hulanya maoto a sithabetse moyeng. “Ha ke batle ho ya sekolong,” a korotla. “Ke batla ho kgutlela dikobong.”
Ba qetella ba fihlile hekeng ya sekolo. “Tsamaya hantle, Abuti,” ha rialo Ausi Mmutla, a mathela ka hare.
Abuti Mmutla a sheba kwana le kwana. Ho ne ho se motho ya mo shebileng. Kapele a ipata kamora sehlahla. A dula moo, a kgutsitse tu! Mme a emela hore tshepe e lle mme bohle ba kene ka diphaposing tsa sekolo. Yaba o mathela lapeng. A kena ka fensetere ya kamore a fihla betheng ya hae mme a kena dikobong. Ho se hokae a be a se a kgalehile a bile a kgona.
Ka hora ya leshome le motso o mong Abuti Mmutla o ne a se a kgathetse ke ho robala. O ne a tshwerwe ke bodutu jwale. A nyarela ka ntle ho lemati la kamore. Nkgono o hokae? Jowe. O ne a dutse ka kitjhineng, a enwa teye le Mof Pela wa moahisane. Abuti Mmutla a fehelwa. Ho ne ho tena haholo ho dula o paqame betheng letsatsi lohle.
Ka hora ya leshome le metso e mmedi Abuti Mmutla o ne a nyorilwe. A nyarela lemating la kamore. Nkgono o hokae? Tjhe bo. O ne a baka bohobe ka kitjhineng. Abuti Mmutla a fehelwa. O ne a batla metsi a ho nwa le motho eo a ka bapalang le yena.
Ka hora ya pele Abuti Mmutla a sheba hape. Jwale Nkgono Mmutla o ne a se a qoqa le Moruti Mopheme. Moruti o ne a eja bohobe boo Nkgono a bo phehileng. Monko wa bona o ne o dutlisa mathe ho Abuti Mmutla. O ne a lakatsa eka a ka ja bohobe boo ba Nkgono, bo tjhesang bo tswang ka ontong. Abuti Mmutla a fehelwa.
Ka hora ya boraro Ausi Mmutla a fihla hae a thabile. Abuti Mmutla a tlola ka potlako ho tswa ka fensetere mme a tla a matha lemating le ka pele ka mora kgaitsedi ya hae. “Dumela, Nkgono,” a hoeletsa. “Ke se ke kgutlile sekolong.”
“E ne e le letsatsi le monate ka ho fetisisa,” ha rialo Ausi Mmutla. “Re ile ra rutwa ho taka ke senono sa nnete. Re ithutile ho taka dikhomiki. Mme mosuwehlooho wa rona o a nyalwa. O ne a tlile le dinomaphodi le kuku le ditjhipisi bakeng sa bohle. Ho ne ho le monate e le ka nnete, ha ho jwalo, Abuti?”
“Ehlile, ehlile,” ha rialo Abuti Mmutla. Pelo ya hae e ne e utlwile bohloko. Ao bathong. Letsatsi le le leng leo a sa yang sekolong ka lona batho ba fuwe kuku sekolong!
“Wena o jele kuku e jwang, Abuti?” ha botsa Nkgono.
“E ne e le ya tjhokolete,” Abuti Mmutla a bua leshano. “Kuku ya tjhokolete e tlotsitsweng ka kharamele le tjheri ka hodimo.” Ho ja ka ya sekolong, Abuti Mmutla a nahana jwalo. Ekare nka be ke jele kuku eo le nna.
Ka yona nako eo ha kokotwa monyako. Titjhere wa Abuti Mmutla, Moftsn Tweba, o ne a eme monyako. O ne a tshwere poleiti e nang le sekotwana se seholo sa kuku e monate.
“Dumelang, Nkgono Mmutla,” a rialo. “Ke ne ke utlwile bohloko ha ke elellwa hore Abuti Mmutla o a kula ka letsatsi le monate tjena, hoo ke ileng ka mmolokela sekotwana sa kuku. O ntse a eya jwang? Na o ikutlwa eka o se a tla fola?”
Jonna wee. Jwale Abuti Mmutla o ne a le mathateng. A mathela ka kamoreng ya hae, a tlolela ka ntle ka fensetere mme a ya ipata sefateng se tshimong yabo.
“Ke yane mane,” Ausi Mmutla a bolella Nkgono. “O ipatile sefateng sa menko.”
Nkgono le Moftsn Tweba ba ema ka tlasa sefate. “O thibane ditsebe e le ka nnete mmutla,” ha rialo Nkgono a omana. “O balehile sekolo.”
“Ke maswabi, Nkgono. Ke maswabi, Moftsn Tweba,” Abuti Mmutla a lla. “Ke kopa hore le se ke la nkgalefela.”
“Re tla tlameha ho o ruta molao,” Nkgono a rialo. “Ke a ipotsa hore ebe re ka etsa eng.”
“Ke a tseba,” ha rialo Moftsn Tweba. “Hobaneng o sa nketsetse teye, mme re je ka kuku ena e monate ya tjhokolete? Seo se tla mo ruta hore ho baleha sekolo ke ntho e sa lokang hohang.”
Yaba Nkgono o bedisa metsi ka ketlele, mme yena le Moftsn Tweba ba nka dikgaba mme ba arolelana sekotwana seo sa kuku e monate. Molomo wa Abuti Mmutla o ne o dutla mathe mme mala a hae a korotla ke ho kgala, empa ho ne ho se kuku eo a ka e jang. Ke re ho se le lekumanenyana feela.
Ho tloha tsatsing leo Abuti Mmutla a se ke a hlola a baleha sekolo hape. Ke re le hanngwe feela. Ho dula dikobong letsatsi lohle ho ne ho le bodutu haholo!
Eba le boiqapelo!
Nahana hoja Abuti Mmutla a ne a ka etsa qeto ya ho etsetsa Moftsn Tweba karete, eo a neng a tla mo fa yona ha a eya sekolong tsatsing le hlahlamang. O ne a tla ngola eng kareteng eo? Hlahisa hore bana ba etse karete.