Mosebetsi wa Senqanqane
Home | Content | Mosebetsi wa Senqanqane

Written stories

Mosebetsi wa Senqanqane

Kgalekgale, ha difate di ne di sa ntse di tseba ho bua mme ditlhapi di tseba ho fofa,

Senqanqane e ne e le sona phoofolo e kgolo ho feta ho diphoofolo kaofela.

O ne a rata ho iketsa nkwapo wa bohle, mme diphoofolo di ne di se di kgathetse ke yena.

Ka tsatsi le leng, ha Senqanqane a ile ho ya sesa,

diphoofolo tse ding tsa tshwara kopano ho buisana ka seo di ka se etsang ho shebana le yena.

“Re lokela ho etsa hore a dule a sebetsa hore a tle a lebale ho dula a re laela a re isa kwana le kwana,” ha rialo Tau.

“Ke monahano o motle,” ha rialo Tshukudu, “empa re ka etsa seo jwang?” “Ke a tseba,” ha rialo Letsa.

“Hobaneng re sa botse Mookodi, o dula a ena le menahano e metle…