Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Pina ya Kgudu

Author

E phetwa hape ke Pirai Mazungunye

Illustrator

Ditshwantsho ka Samantha van Riet

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Mehleng ya kgalekgale, komello e kgolo e ile ya fedisa metsi melatswaneng, dinokeng, diqanthaneng le didibeng. E ile ya fetola lefatshe lohle ho ba lehwatata le tletseng lerole. Masetlaoka a ne a eja mahlaku ohle le jwang kaofela, mme diphoofolo di ne di qobelleha ho ja makala a omeletseng hore feela di kgone ho phela.  

 

Ka lebaka la bophelo bo boima, diphoofolo di ile tsa kopana ho tla buisana ka bothata bona. Di ile tsa buisana tsa ba tsa buisana nako e telele ho fihlela qetellong di dumellana hore tsela ya ho fumana metsi e tla ba ho tjheka sediba se tebileng. Ke Mmutla feela ya ileng a hana ho nka seabo ho seo.  

 

“Tjhe! Leqheka la lona le keke la sebetsa!” a rialo, “kahoo nkeke ka senya nako ya ka ka ho tjheka.”  

 

“Ho mmeng re keke ra o fa metsi a rona!” ha rialo diphoofolo tse ding.  

 

Mmutla a itshehela, empa diphoofolo tse ding di ne di ena le bonnete ba hore morero wa tsona o tla tswella.  

Kahoo, ka lona letsatsi leo, diphoofolo tsa theohela ka thoteng, moo lefatshe le neng le batalletse. Tau a qala ho epa mokoti. Yaba kaofela ha tsona ka bonngwe, diphoofolo tsa nna tsa kena ka mokoting ho tla tjheka – kaofela ha tsona ntle le Mmutla le Kgudu.  

 

Mmutla a itulela thoko mane a tsheha. O ne a sa batle ho tjheka, mme ha ho motho ya ileng a mo qobella ho etsa jwalo. Empa ho Kgudu ho ne ho se jwalo – eitse ha a atamela le yena ho tla etsa mosebetsi, ba bang ba se ke ba mo dumella ho tjheka.  

 

“Tjhe, Kgudu,” ba rialo. “Wena o lenama haholo. O tla senya nako e ngata!”  

 

Dikgwedi tsa feta. Ho ne ho bile le ho tjheka ho hongata mme qetellong mokoti o ne o tebile ... empa ho ne ho ntse ho se metsi a tswang.  

 

“Ha! Ha! Ha! Ke le bolelletse!” ha tsheha Mmutla. “Ha ho metsi tlase mane!”  

 

“O nepile,” ha rialo Kolobemoru a bua le Qwaha. “Ha re mpe re tloheleng!”  

 

“Tjhe, ha re tsweleng pele. Re tla fumana metsi,” ha rialo Kgudu.  

 

“O a ithetsa!” ha tsheha Mmutla.  

 

Letsatsi ka leng, Kgudu a shebella a kgutsitse ha diphoofolo di fapanyetsana ka ho tjheka mokoti. Nako ya nna ya feta mme ha nna ha tjhekwa ho ya tlase, empa ho ne ho sa bonahale le ha e le lerothodinyana la metsi.  

 

Ka letsatsi le leng ha ho tjhesa haholo, diphoofolo tsohle di ne di paqame di kgathetse motjhesong wa letsatsi hau le mokoti o tebileng o ommeng, Kgudu hape a botsa hore na a keke a fumana sebaka sa ho tjheka na. Ha ho phoofolo e ileng ya mo araba. Tse ding tsa tsona di ne di kgathetse haholo di bile di hloname hore di ka mo kgathalla. Boholo ba tsona di ne di rapalletse moo di fufuletswe mme di kgona di robetse.  

 

Kgudu a tsamaya butle ho ya mokoting mme a qalella ho tjheka. Mobu o ne o le thata jwaloka lejwe, empa a tswela pele ho ngwapa, a ntse a rahela mobu ka mora hae. “Ke a ngwapa, ke a ngwapa ke batla metsi,” a rialo a ntse a tjheka. “Ha ho bonolo, empa ho tla ba molemo!”  

 

Ka mora nako a iqapela pinanyana e tla mo thusa ho tswela pele ho tjheka. Kgudu a nna a bina pina ena a e phetapheta:  

 

“Ke a ngwapa ke be ke ngwape ke ngwapela metsi, Ke tla tjheka, ke tjheke, ke tjheke ke tla be ke a fumane.”  

 

Ka mora nako e itseng, Mmutla a tla a feta moo. Yare ha a utlwa mantswe ana a tswa ka hara mokoti, a shwa ke ditsheho. Sena sa tsosa diphoofolo tse ding. Tau a rora ke bohale, mme a tlolela ka mokoting, a phahamisa Kgudu mme a mo lahlela ka ntle qubung ya mobu o pela mokoti.  

 

“ITJHU” a lla ke bohloko ba ho otlana fatshe. “Ha se nnete hono! Le nna ke batla ho tjheka!”  

 

“O se ke wa re senyetsa nako! Bapalla mobung mono pela mokoti,” ha rialo Tau ka bohale hoo Kgudu a ileng a lla.  

 

Diphoofolo tse ding tsa utlwela kgudunyana ya batho bohloko.  

 

“E re le yena a iteke hle!” ha kopa Letsa.  

 

“Ee,” ha rialo Thuhlo, “e re a leke!”  

 

Ntle le ho bua, Tau a tswa ka mokoting mme a fa Kgudu sebaka sa ho kena. Butlebutle, a hlakola meokgo ya hae mme a kena hape ka mokoting. Yaba o qalella ho bina a ntse a tjheka hape:  

 

“Ke a ngwapa ke be ke ngwape ke ngwapela metsi, Ke tla tjheka, ke tjheke, ke tjheke ke tla be ke a fumane.”  

 

Mmutla le Tshwene ba pitika fatshe ke ho keketeha.  

 

Tau a akgela moetse wa hae morao mme a bososela. “Ke le bolelletse hore ke tshenyo ya nako feela!” a rialo.  

 

Tshukudu ya fetela ka pele mme ya nyarela ka hara mokoti ... mme hanghang, HWALAKAHLA! Qubu ya mobu o metsi ya akgelwa ka ntle ho mokoti ya mo otla mahlong!  

 

“Hlokomela mahlo a ka!” a omana a ikwahetse sefahleho, empa diphoofolo tse ding tsa elellwa hore mobu oo o metsi.  

 

“Metsi!” tsa hoeletsa. “Kgudu o fumane metsi!”  

 

Diphoofolo tsa mathela pele, tsa leka ho hlela mokoti moo metsi a neng a ntse a nyoloha. Diphoofolo tse kgolo tsa sututsa tse nyane tsa di tlosa tseleng, empa Tlou e kgolo o ne a le moholo ho feta ba bang kaofela. A habola makgetlo a mmalwa feela, yaba o se a qetile metsi kaofela mme a qalella ho tjheka hape a batla a mang. Diphoofolo tse ding di ile tsa korotla le ho lla feela – kapa di monya mobu o metsi di batla marothodi a manyane a metsi.  

 

Tlou ya tjheka ka matla mme ya ntsha mobu o mongata feela. Ka mora nako e se kae, diphoofolo tsa elellwa hore ha a ntse a lahlela mobu jwalo, mobu o ne o ntse o oma, ho fihlela qetellong mobu o se o etswa o omme nngo.  

 

Diphoofolo tsa shebella ka pelo tse bohloko. Butlebutle, tsa nna tsa fetoha ka bonngwe tsa sheba moo Kgudu a neng a dutse teng thoko mane.  

 

“Tlou!” ha hweletsa Tshukudu. “Tswaa!”  

 

“Kgudu! Kgudu!” diphoofolo tsa hoeletsa hodimo. “Re kopa o re thuse!”  

 

Yaba Kgudu o theosetsa ka mokoting butle moo a hlileng a qala ho tjheka a ntse a bina pina ya hae hape:  

 

“Ke a ngwapa ke be ke ngwape ke ngwapela metsi, Ke tla tjheka, ke tjheke, ke tjheke ke tla be ke a fumane.”  

 

Kgetlong lena ba bang ba bina le yena:  

 

“O a ngwapa o a ngwapa O ngwapela metsi...”  

 

E se kgale Kgudu a qala ho akgela mobu o metsi ka ntle ho mokoti. Yaba o emisa ho ngwapa lefatshe mme a sutha. Metsi a hlwekileng a batang a kolla mme a tlala sediba seo.  

 

Diphoofolo tsa bina tsa tantsha, mme tsa nwa metsi a mangata kamoo di batlang. Esitana le Mmutla a kenella le yena – mme, ka hobane bohle ba ne ba thabile haholo, ba lebala le ho mo leleka. Kgudu o ne a ba pholositse kaofela!