Lenane la Palesa
Home | Written stories | Multilingual stories | Lenane la Palesa

Written stories

Lenane la Palesa

Author

Helen Brain

Illustrator

Mieke van der Merwe

Translator

Hilda Mohale

“Ke hloka ho ya mabenkeleng,” ha rialo Mme, a ngola lenane. “Ke hloka khabetjhe le nama le eie, le phofo ya folouru, le tomoso le oli.”  

 

“Ke tla ya mmarakeng,” ha rialo Nkgono. “O maphathaphathe haholo mona. Palesa a ka nna a tsamaya le nna a tle a nthuse ho tshwara dintho ha re tla hae.  

 

“Ke a leboha,” ha rialo Mme. “Le se ke la lebala lenane la dintho tse rekwang.”  

 

Yaba Nkgono le Palesa ba tsamaya ho ya renkeng ya ditekesi.  

 

“Ke ding tseo re hlokang ho di reka, Nkgono?” Palesa a botsa a ntse a tlolatlola.  

 

“E re ke bone,” ha rialo Nkgono, a bala lenane. “Re hloka khabetjhe le nama le eie, le folouru, tomoso le oli.”  

 

“Khabetjhe le nama le eie, le folouru, tomoso le oli,” ha bina Palesa, a fetola lenane leo pinanyana. “Khabetjhe le nama le eie, le folouru, tomoso le oli.”  

 

Yaba tekesi e a fihla mme ba palama. “Le ya kae?” ha botsa mokganni.  

 

“Re ya mmarakeng,” ha rialo Nkgono. “Re hloka ho reka korosara.” Mme a mmontsha lenane la hae.  

 

“Ke nnete,” ha rialo Palesa. “Re hloka khabetjhe le nama le eie, le folouru, tomoso le oli.”  

 

Tekesi ya ema pela sefate se seholo. Mosadi e moholohadi a kena ka tekesing a nkile lesea le llang.  

 

“Tjhe bo,” ha rialo Nkgono. “Ngwana enwa o lla haholo hoo hlooho ena ya ka e opang. Palesa, o nkgopotse ho reka dipidisi tsa hlooho hle.”  

 

“Ho lokile,” ha rialo Palesa. “Re hloka khabetjhe le nama le eie, le folouru, aesekerimi le oli. Le dipidisi tsa hlooho.”  

 

Tekesi ya matha ka lebelo, e letsa phala ya yona. E se kgale ba fihla mmarakeng. Ho ne ho tletse batho hohle. Ho ne ho ena le dibaka tse rekisang ditholwana le meroho, nama le tlhapi, dieta le dikausu, dikete le mese. Ho ne ho ena le dikgutlwana tse ding tse nang le dikuku le bohobe, diborosolo le dikama le disepa le dintho tse hlwekisang le folouru le kokonate. Ho ne ho ena le oli le botoro le dipeo le dikgarafu le dipitsa le dipane le dipodi le dikgoho. Hohle moo ba shebang teng, ho ne ho tletse batho, batho, batho, ho rekwa, ho rekwa ho bile ho rekwa.  

 

“Ke batho ba bangata hakaakang,” ha rialo Nkgono. “Jwale, lenane lela la ho reka le hokae? Ha ke le fumane moo le leng teng.”  

 

“Jonna we,” ha rialo Palesa. “Ke nahana hore o le siile ka hara tekesi. O seke wa kgathatseha. Ke ntse ke hopola dintho tseo re tshwanelang ho di reka. E ne e le phofo le nama le eie, folouru, aesekerimi le oli. Le dipidisi tsa hlooho.”  

 

“Ke hantle,” ha rialo Nkgono. “Ha re qale ho reka. Jwale, re tla reka phofo hokae?”  

 

Sekgutlwana sa pele seo ba fetileng ho sona se ne se rekisa phofo, yaba ba reka mokotla o moholo.  

 

“Ho lokile,” ha rialo Palesa. “Jwale re se re hloka nama, eie, folouru, tswekere, aesekerimi le oli. Le dipidisi tsa hlooho.”  

 

“Na o na le bonnete ba hore mme wa hao o ne a batla tswekere?” ha botsa Nkgono. “Ke bone mokotlana o moholo wa tswekere ka khabateng hae mane.”  

Palesa a ingwaya hlooho. “Eh. Mohlomong e ne e le dipompong?”  

 

“Ehlile,” ha rialo Nkgono. “Ke na le bonnete ba hore o ne a batla dipompong.” Yaba ba reka mokotla o moholo wa dipompong. Kamora moo ba fihla sekgutlwaneng se rekisang ditholwana le meroho.  

 

“Mmao o ne a sa ngola meroho lenaneng lela?” Nkgono a botsa a sosobantse sefahleho. “Ha ke sa hopola.”  

 

Palesa a sheba sehlopha se seholo sa dipanana. Di ne di shebahala di le monate. “Ke lakatsa eka re ka reka dipanana,” a rialo. “Na re ka di reka, Nkgono?”  

 

Nkgono o ne a shebahala a ferekane. “Ha ke tsebe hantle. Na di ne di le teng lenaneng?”  

 

“Phofo, dipompong, dipanana, folouru, aesekerimi le oli, le dipidisi tsa hlooho,” Palesa a bina.  

 

“Ngwanana ya bohlale,” ha rialo Nkgono, a reka sehlopha sa dipanana. “O bohlale ha o hopotse dintho tsohle hantle hakana. Jwale ha re ilo reka folouru, aesekerimi le oli, mme ha re qeta re ye lapeng. Maoto a ka a bohloko haholo!”  

 

“O se ke wa lebala dipidisi tsa hlooho,” ha rialo Palesa.  

 

Yaba Nkgono o reka botlolo ya dipidisi, folouru, aesekerimi le oli, le botlolo ya senomaphodi.  

 

A nwa dipidisi tse pedi ka senomaphodi seo.  

 

“Tekesi ke ena,” a rialo. “O bile ngwanana ya itshwereng hantle. Enwa o natefelwe ke senomaphodi sena se setseng ha re ya hae.”  

 

Mme o ne a maketse ho ba bona ba kgutlile kapele jwalo. “Le sebeditse,” a rialo. “Ke a leboha ka ho nkela mabenkeleng. Jwale nka qala ho pheha setjhu sa ka sa nama le khabetjhe, le bohobe.”  

 

“Khabetjhe?” ha rialo Palesa. “O ne o itse re o rekele khabetjhe?”  

 

“Nama?” ha rialo Nkgono. “O ne o itse re o rekele nama?”  

 

Mme a ntsha dintho ka dipolasetiking. A sheba korosara le botlolo ya dipidisi tsa hlooho.  

 

“Ke eng ee?” a bua a maketse. “Phoofo, dipompong, dipanana, folouru, aesekerimi le oli. Ke tla etsang nna ka ntho tsee?”  

 

“Jowee,” ha rialo Nkgono.  

 

“Joo,” ha rialo Palesa.  

 

“Ke ne ke le file lenane,” ha rialo Mme. “Hobaneng le sa reka dintho tse neng di le lenaneng?”  

 

“Re lahlile lenane lane,” Nkgono a araba. “Ke ile ka le lebala ka tekesing.”  

 

“Tshwarelo,” ha rialo Palesa, mme a qala ho lla.  

 

“Bonnyane le rekile dipidisi tsa hlooho,” Mme a rialo. “Jwale ke se ke opelwa ke hlooho ha bohloko ha ke ntse ke nahana hore ebe ke tla pheha eng bakeng sa dijo tsa mantsiboya kajeno! Ke ne ke tlo pheha setjhu sa khabetjhe. Jwale ha ke sa tseba!” Yaba o nwa dipidisi tse pedi ka galase ya metsi mme a ya robala. Mme o ne a halefile haholo.  

 

Nkgono le Palesa ba dula tafoleng ya kitjhine. Ba ne ba ikutlwa ba swabile.  

 

“Jwale ke a hopola,” ha rialo Palesa. “Lenane lane le ne le HLILE le ena le khabetjhe ho lona.”  

 

Nkgono a dumela ka ho oma ka hlooho. “Mme o ne a batla le nama, le eie.”  

 

Palesa a sheba dijo tse hodima tafole. “Dipanana tseno di shebahala di le monate,” a rialo.  

 

“Ho na le oli e ngata,” ha rialo Nkgono. “Ho bile ho na le folouru. Mme ke a tseba hore ho na le tswekere ka khabateng, le mahe a mmalwa. Na re ka di sebedisa ho etsa diforithase tsa panana?”  

 

“Mm,” ha rialo Palesa, a lata sekotlolo se seholo sa polasetiki ka khabateng.  

 

“Nka, o ka nna wa ebola dipanana,” ha rialo Nkgono, a tjhwatlela mahe ka sekotlolong.  

 

Kamora halofo ya hora Palesa a kokota monyako wa kamore. “Mme,” a bitsa mmae, “Ke o tliseditse ntho e monate.”  

 

“Kena,” ha rialo Mme.  

 

Nkgono a bula lemati, mme a thusa Palesa ho nka tereyi. Ba e beha ka hloko hodima bethe.  

 

“Re o tliseditse teye,” ha rialo Nkgono, “ho tla kopa tshwarelo.”  

 

“Mme re o etseditse diforithase tsa panana,” ha rialo Palesa.  

 

Mme a dula hodima bethe. “Diforithase tsa panana. Ke RATA diforithase tsa panana.”  

 

Yaba mmoho ba nwa teye ba bile ba ja diforithase tsa panana le aesekerimi. Mme yare ha ba qetetile sekotlolo kaofela sa diforithase, ho ne ho se ho se na motho ya lapileng. Mme o ne a ka nna a tlohela ho pheha dijo tsa mantsiboya tsatsing leo.  

 

 

“Fonane, Palesa,” Mme a rialo ka nako ya ho robala, a suna Palesa pele a ilo robala.  

 

“Kgetlong le tlang ha ke ya mabenkeleng le Nkgono, ke a o tshepisa hore ke tla boloka lenane la ho reka le bolokehile, e le hore Nkgono a tle a seke a le lahla ka tekesing hape,” ha rialo Palesa. “Robala ha monate, Mme.”