Home | Story Library | Multilingual stories | Kwena le moshanyana ya lahlehileng

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Kwena le moshanyana ya lahlehileng

Author

Ann Walton

Illustrator

Ditshwantsho ka Natalie le Tamsin Hinrichsen

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Mehleng ya kgale ka tsatsi le leng moshanyana e mong o ne a dutse lebopong la noka e kgolo ka tlasa sefate sa feiye mme a lla. O ne a lahlehile.  

 

Kaekae haufi le moo, Kwena o ne a ipaqametse ka metsing haufi le lebopo la noka mme a shebelletse moshanyana eo. Kwena o ne a lapile.  

 

“Nka ja jwang moshanyana ya sa thabang? Ke tla longwa ke mala ha bohloko,” ha rialo Kwena. “Metsi ke ona feela a ka etsang hore moshanyana eno a boele a thabe. Ke lokela ho mo ruta ho sesa. Mme he, ha a se a thabile, ke tla kgona ho mo ja!”  

 

Yaba Kwena o tsoka mohatlahadi wa hae ho ya kwana le kwana mme a hahabela ka ntle ho noka a eya moo moshanyana eo a dutseng teng.  

 

“Moshanyana ya hlonameng,” a rialo, “o lla hobane o lahlehile. Ke tla o ruta ho sesa. Metsi a tla etsa hore o thabe hape, mme o tla fumana tsela e lebang heno. Tloo pepe mokokotlong wa ka mona.”  

 

Yaba moshanyana eo o pepa hodima Kwena, mme ba kena ka metsing a phodileng ba phaphalla ho leba bohareng ba noka.  

 

“Itshwarelle!” Kwena a hoeletsa, mme a itahlela tlase botebong ba metsi moo ho sesang ditlhapi, mme dimela di eme hara maqhubu. Yaba Kwena o sesa ho theosa ka noka a ntse a pepile moshanyana. Kwena a nna a isa mohatla wa hae kwana le kwana mme a hasa moshanyana ka metsi a phodileng. A fetoha a sheba hodimo, e le hore moshanyana a tle a kgasetse ka hodima mpa ya hae hore a se ke a wa. A sesa ho parola noka, moshanyana a itshwareleditse ka mohatla wa hae.  

 

Ba bapala ka metsing letsatsi lohle. Kwena a qabola moshanyana, mme ka mora nako e se kae, moshanyana a ikutlwa a thabile hape.  

 

Kwena a bona hore moshanyana o a tsheha mme o thabile. “Jwale ke nako ya hore ke mo theole a sese ka hara noka, mme ke tle ke kgone ho mo tshwara ke mo je,” Kwena a nahana jwalo. “Ka hore jwale o se a sa lle mohlomong o tla latsweha ha monate! Empa nke ke ka kgona ho mo theola mokokotlong wa ka, ebe ke a fetoha ke a mo loma ke sa mo lemosa. Ha se ntho e lokileng eo. Ke tla tlameha ke mo sale morao ka metsing mme ke mo tshware!”  

 

Yaba Kwena o sesetsa ka lebopong la noka ka moshanyana. “Jwale ke nako ya hore o theohe mokokotlong wa ka mme o sese ka bowena,” a rialo.  

 

“Hobaneng?” ha botsa moshanyana. “Ke rata ho sesa le wena. O motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo, Kwena!”  

 

“Eng? Ke motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo?” ha botsa Kwena a maketse haholo.  

 

“Ehlile, o yena,” ha rialo moshanyana. “O nthutile ho sesa mme wa nketsa hore ke thabe hape.”  

 

Kwena a sheba moshanyana ka pososelo e kgolo, e lonya, e kgopo.  

 

“Joo, o na le meno a mangata, Kwena. Ke ne ntse ke sa a bone!” ha rialo moshanyana.  

“Se ke wa tsotella meno a ka, a etseditswe hore ke tle ke kgone ho loma dintho ke di je ka ona, setlokotsebe towe! Tloo kwano, ha re sese re kgutlele ka nqane ho noka hape ho etsa bonnete ba hore o kgona ho sesa o le mong,” ha rialo Kwena.  

 

Yaba moshanyana o kena metsing a le mong, mme Kwena a mo sala morao. Moshanyana o ne a rata ho ba ka metsing, mme a sesa jwaloka tlhapi.  

 

Nako le nako ha moshanyana a sesetsa haufi le yena, Kwena o ne a ipolella a re, “Jwale ke nako ya hore ke mo je! O tla latsweha ha monate hobane o se a thabile!” Empa nako le nako ha a nahana ho ja moshanyana eo, o ne a tshwarwa ke mala ha bohloko. Yaba Kwena o sesetsa lebopong la noka mme a hla a itahlela hodima lehlabathe.  

 

“Nako le nako ha ke nahana ho ja moshanyana enwa ke tshwarwa ke mala a bohlokohloko,” a tletleba.  

 

Nonyana e bitswang Mamokete e ne e dutse hodimo sefateng sa feiye. Ya fofela tlase mme ya tsorama hodima lekala le haufi le Kwena. “Ho etsahalang ka wena?” a hoeletsa.  

“Mohlomong ke a kula hobane ke utlwa ke sa batle ho ja moshanyana yane,” ha araba Kwena.  

 

“Ehlile ha o batle ho mo ja,” ha rialo Mamokete. “Ke motswalle wa hao! O mo rutile ho sesa, mme jwale o thabile hape.”  

 

“Tjhe! Ha se motswalle wa ka! Ke rutile moshanyana eno ho sesa e le hore ke tle ke kgone ho ja motho ya thabileng. Nke ke ka ja moshanyana ya hlonameng. O ne a tla latswela hampe feela jwaloka meokgo ya hae,” ha rialo Kwena a tsokotsa mohatla wa hae a tjametse Mamokete.  

 

Mamokete a tsukutla masiba a hae mme a fofela hodimo lekaleng le hodimonyana sefateng. O ne a nahana hore ho ne ho le molemo hore a se ke a atamela Kwena haholo. A sekamisetsa hlooho ya hae lehlakoreng mme a re, “Jwale ka hore moshanyana o se a thabile hape, ke nako ya hore a kgutlele habo lapeng, Kwena. Hohang, o keke wa mo ja hobane ke motswalle wa hao.”  

 

“Mohlomong o nepile,” ha rialo Kwena a fehelwa, mme a qwela ka metsing hape. A sesa mme a ya hlahella ho moshanyana ya neng a phaphalletse ka mokokotlo ka tlasa letsatsi le mofuthu la Afrika.  

 

“Jwale ka hore o se o thabile hape o lokela ho tswa ka metsing jwale o ye hae ho ba lelapa la hao,” ha rialo Kwena. “Ha o hla lebopong la noka, o shebe mane sefateng sa feiye moo o neng o dutse o lla teng. Ho na le motho ya o emetseng moo.”  

 

“Ke mang?” moshanyana a botsa.  

 

“O tla mo tseba ha o mmona,” ha rialo Kwena ka pososelo e kgopameng, a hlahisa meno a maholo a bohale. Mme yaba mmoho, Kwena le moshanyana eo ba sesa ho parola noka ho ya moo sefate sa feiye se leng teng. Kwena a dula ka metsing, mme moshanyana a palama lebopong la noka.  

 

Moshanyana a sheba mane sefateng sa feiye mme a bona ntatae a dutse tlasa moriti. A mathela ho yena. “Ke thabile hakaakang ha ke o fumane, Ntate,” a rialo.  

 

“Mora wa ka! Ke thabile haholo ha ke o fumane!” ha rialo ntatae. “Empa ke bona Kwena mane ka metsing moo o neng o sesa teng! O kotsi haholo, mme o tla ja moshanyana ya kang wena tjena ha a ka o tshwara!” A haka mora hae haholo. “Ke leboha haholo hobane o bolokehile jwale!”  

 

Moshanyana a hetla mme a sheba Kwena. O ne a paqame ka metsing haufi le lebopo la noka. O ne a shebahala jwaloka sekoqo sa patsi, o ne a kgutsitse a sa sisinyehe. Empa ka hodimo ho metsi, mahlo a hae a lapileng a ne a shebile moshanyana. Moshanyana a thothomela. “Ke hatsetse, Ntate. Ke kopa hore re ye hae jwale.”  

 

Moshanyana a phahamisa matsoho a hae a dumedisa Kwena. Kwena ya tsoka mohatla wa yona ha e araba mme ya sesa e kgutsitse e kgutlela ka nqane ho noka.