Bara ba babedi ba motho
Home | Written stories | Multilingual stories | Bara ba babedi ba motho

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Bara ba babedi ba motho

Author

E phetwa hape ke Helen Brain

Illustrator

Ditshwantsho ka Magriet Brink le Leo Daly

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Mehleng ya kgalekgale ho ne ho ena le bara ba motho ba babedi ba neng ba bitswa Kabelo le Lefa mme ba ne ba dula motsaneng o neng o le ka hara thota. Ba ne ba ena le dikgaitsedi tse pedi tse ba hlahlamang, kahoo mma bona o ne a ena le bana ba bane bao a ba fepang. O ne a sebetsa motsheare le bosiu, a pheha a hlwekisa, a roka a bile a lokisa, mme a jala le ho hlaola tshimong ya hae ya meroho.  

 

Ho ne ho dula ho se na tjhelete e lekaneng bakeng sa dintho tsohle tseo lelapa le di hlokang. “Lona bashemane ting le se le hodile jwale hore le ka ya batla mosebetsi toropong,” mma bona a rialo ka tsatsi le leng. Yaba Kabelo le Lefa ba pakela dinthwana tse mmalwa tseo ba neng ba ena le tsona, ba di kenya ka mekotlaneng ya bona e jarwang mme ba tsamaya ho leba toropong e kgolo.  

 

“Ke tlo ba moruihadi e moholo wa Afrika,” Kabelo a ikotla sefuba ha ba ntse ba tsamaya tseleng e telele e lerole e neng e potela ka hara maralla. “Ke bohlale ebile ke motle mme kahoo ho keke ha nkuka nako e telele ho ba morui.”  

 

“Ke hantle haholo,” ha rialo Lefa.  

 

“Ke kgolwa hore o tla fumana mosebetsi, haeba o le lehlohonolo,” ha rialo Kabelo. “Mohlomong o tla ela diterata tsa toropo.”  

 

“E ka ba ntho e ntle,” ha rialo Lefa. “Ha feela ho ena le ntho eo nka e romellang hae ho mme le dikgaitsedinyana tsa ka, ke tla thaba.”  

 

Ba ne ba tsamaile hoseng hohle, mme jwale letsatsi le ne le tjhesa haholo. Hara mpa ya motsheare bahlankana bana ba ne ba kgathetse haholo ba lapile.  

 

Hanghang ba bona monnamoholo ya ditedu di tshweu a tsamaya tseleng a lebile ho bona. O ne a kobehile ka tlasa boima ba mokotla o mo imelang oo a o jereng mokokotlong  

 

“Dumelang, bahlankana,” monnamoholo a rialo ha a fihla ho bona. “Le lebile hokae?”  

 

“Ha e batle wena eo,” ha kgaruma Kabelo. “O kentseng ka mokotleng oo wa hao, monnamoholo?”  

 

“Majwe feela,” ha araba monnamoholo. “Jwale, lona ba babedi le lebile hokae?”  

 

“Re ya toropong e kgolo ho ya etsa tjhelete,” Lefa a araba ka tlhompho.  

 

“Mohlomong nka le thusa,” ha rialo monnamoholo. A kenya letsoho la hae ka pokothong ya hae mme a ntsha mokotlana wa letlalo o tletseng dikhoene tsa kgauta. “Jwale, ke mang ho lona mo ya batlang mokotlana oo?” a botsa.  

 

“Ke nna, ke nna!” ha hoeletsa Kabelo. “Ke a o batla.”  

 

“Ke ona he,” ha rialo monnamoholo, mme a fa Kabelo mokotlana wa letlalo, mme yena a potlaka ho o pata ka hara mokotlana wa hae o jarwang. Yaba o sheba monnamoholo ka meharo ho bona hore na ebe o tshwere eng e nngwe hape.  

 

Monnamoholo a kenya letsoho ka pokothong e nngwe. Kgetlong lena a ntsha lebokoso le lenyane la letlalo le sootho.  

 

“Ho na le eng ka moo?” ha botsa Kabelo, a tonne mahlo.  

 

Monnamoholo a bula sekwahelo sa lebokoso. Ka hare e ne e le taemane e kgolohadi. E ne e benya e tsekema kganyeng, mme Lefa a nahana hore ke ntho e ntle ka ho fetisisa eo a eso kang a e bona.  

 

“Ke mang ho lona mo ya batlang taemane ee?” monnamoholo a botsa.  

 

“Ke nna, ke nna!” ha tlerola Kabelo. “Ke a e batla. E fe nna.” Yaba monnamoholo o fa Kabelo taemane e kgolohadi eo mme Kabelo a e pata tlasetlase ka hara pokotho ya borikgwe ba hae.  

 

Monnamoholo a phahamisa mokotla wa hae o boima hape. “Ke mang ho lona ya batlang ho nthusa ho jara mokotla oo ke o ise motseng wa habo lona mane? A botsa, a leka ho nyollela mokotla oo mahetleng a hae a otileng a tsofetseng. “O boima haholo, mme ke shwele ke mokgathala.”  

 

“Eseng nna!” ha tletleba Kabelo. “Ha re ye motseng. Re ya toropong. Ha ke na nako ya ho thusana le wena.”  

 

Lefa a hetla a sheba tsela e telele eo ba e tsamaileng hoseng hoo. “O keke wa kgona ho tsamaya tsela e telele jwalo o le mong, Ntate,” a rialo. Ho hole haholo hore o ka tsamaya o jere mokotla o boima jwalo pele letsatsi le dikela. E re ke tsamaye le wena. Ke tla o jarela mokotla wa hao.”  

 

“Se ke wa iketsa sethoto!” Kabelo a omanya Lefa. “O se ke wa nahana hore ke tla emela wena nna. O tlo kgutlela hole kwa motseng wa rona, hore feela o thuse monnamoholo eo? O keke wa kgona ho etsa tjhelete ka tsela e jwalo!”  

 

Lefa o ne a kgathatsehile. O ne a batla ho tsamaya le moholwane wa hae, empa eitse ha a bona monnamoholo a dumaela ka tlasa boima ba mokotla, a ikutlwa a hloleha ho mo tlohela  

 

“Tswela pele, Kabelo,” a rialo. “Ke tla o fumana. Ke tla kgutla ke matha ke o fumane.”  

 

“Ho lokile, empa nkeke ka o emela,” ha rialo Kabelo. “Ke tshwanetse ho ya hla toropong mme ke rekise taemane ya ka e benyang e ntjha.” Yaba Kabelo o a itsamaela, a thabile a bile a letsa molodi.  

 

Lefa a lahlela mokotla mahetleng a hae. O ne o le boima hoo masapo a hae e neng eka a a peperana.  

 

“Ha re ye, Ntate,” a rialo a bososela. “Ha re leke ho ya hla motseng mane pele letsatsi le dikela.”  

 

Ba tsamaile letsheare la mantsiboya lohle . Kgato e nngwe le e nngwe eo ba e nkang e ne e ka mokotla o ntse o eba boima le ho feta. E se kgale Lefa o ne a le metsi ke mofufutso. Empa a nna a tswela pele, a jere mokotla wa monnamoholo.  

 

Qetellong ba hla motseng. Shwalane e ne e se e tshwara.  

 

“O dula hokae, Ntate?” Lefa a botsa. “Na o batla moo o ka robalang bosiung bo? Lelapa leso ha le na ho le hokaalo, empa ke a tseba hore mme wa ka o tla thabela ho ja le wena dijo tseo a nang le tsona, mme a o fe le sebaka sa ho robala bosiu.”  

 

Monnamoholo a dula fatshe hodima kutu ya sefate. “Ho hole e le ka nnete,” a rialo.  

 

“Empa o keke wa dula mona,” Lefa a rialo. “Ha o a bolokeha mona. Ba ka nna ba o utswetsa mokotla wa hao.”  

 

“O nke,” ha rialo monnamoholo. “Eya lapeng ho mmao, mme o mo fe mokotla ona.”  

 

“Tjhe, tjhe,” Lefa a hana. “Nkeke ka nka mokotla wa hao. O a o hloka.”  

 

“Ke mpho eo ke o fang yona,” ha rialo monnamoholo.  

 

Lefa a fasolla le to le ka hodima mokotla mme a nyarela ka hare. Ho ne ho ena le ntho e benyang kganyeng e felang ya letsatsi. Lefa a kenya letsoho ka mokotleng mme a e ntsha. E ne e le taemane. Yaba o bula mokotla haholo – mokotla oo o ne o tletse ditaemane tse ntlehadi!  

 

Ke a leboha, ke a leboha!” ha rialo Lefa. Empa yare ha a re o a sheba, a fumana monnamoholo a nyametse. Ho ne ho se le mohlalanyana feela wa hore o kile a ba moo. Ho ne ho setse feela mokotla wa ditaemane.  

 

Bosiung boo ha jowa dijo tse tletseng thabo habo Lefa. O ne a sa tsamaya nako e telele, empa o ne a se a ena le tjhelete e ngata bakeng sa lelapa labo! Mmae le dikgaitsedi tsa hae ba ne ba thabile hoo ba ileng ba tantsha ba bina ho hlela bosiu bo boholo.  

 

Ka mora dikgwedi tse ngata, Kabelo ya meharo a kgutlela motseng wabo a sa tshwara letho a tlile ho tla kgantshetsa batho ka koloi ya hae e ntjha le diaparo tse ntle. A fumana ba lelapa labo ba eja dijo tse monate tlung ya bona e kgolo e ntjha. Molaleng wa mmae ho ne ho ena le sefaha se setle se entsweng ka ditaemane.