Written stories
Paleho
Kgakgale, ledimo le leng le kgopo le kile la utswa bana ba babedi mme a ba etsa makgoba a hae.
Letsheare lohle ba ne ba pheha ba hlwekisa ntlo ba bile ba hlatswa diaparo tsa hae tse nkgang.
Ledimo leo le ne le sa notlele lemati, hobane o ne a tseba hore lekgwaba leo a neng a le ruile le ne le sa tlo ba tlohela ba balehe.
Nonyana ena e ne e ena le mahlo a bohale, mme e ne e bolella ledimo lena tsohle tseo e di boneng.
Ka bosiu bo bong, ha ledimo le kgona haholo, bana ba itsheba. “Re keke ra hlola re kgona ho baleha!” ha hweshetsa Neo a bua le Nunu.
“Nonyana yane e tla bolella dimo hang feela ha re ka leka!” Ba dula ba nahana nakwana. Yaba Nunu o re, “Ke a tseba! Ha re …