Home | Story Library | Multilingual stories | Mulalo le lekgema

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Mulalo le lekgema

Mulalo o ne a kgona ho bua le diphoofolo. O ne utlwisisa seo phoofolo ka nngwe e se buang MME phoofolo ka nngwe e ne e utlwisisa seo Mulalo a se buang. 

Ka tsatsi le leng Mulalo o ne a otlolla maotomme a feta sehlaha sa thaha. 

“Re thuse,” ha rialo lentswenyana le hlahang sehlaheng, “ho na le noha ka mona mme batla ho re ja.” 

Mulalo a sheba ka hara sehlaha mme ka nnetenoha e ne e ikgaretse ka dinonyana tse nyane tse tharoMolomo wa noha o ne o bulehile mme e ne e se e tlo di kwenya. Mulalo a hula noha eo mme a e lahlela ka nqane ho tsela. 

Tjheee bo,” noha ya hoeletsa ha e fofa moyeng e wela ka hara dihlahla. 

“Re a leboha,” ha rialo dithaha, “re keke ra hlola re lebala sena.” 

Tlasenyana tseleng eo Mulalo a feta disanthao tse sootho tse boya, e ne e le tsa kolobemoru, di hlahile ka nqane ho seolo sa bohlwa. 

“Re thuse,” ha rialo mantswe a makgolokgolo a masesanyane, “ho na le kolobemoru ka mona mme e leka ho heletsa seolo sa rona!” 

Hei wena,” ha rialo Mulalo, a phathatsa kolobemoru mokokotlong, “ke kopa o kgaohane le bohlwa bono, o senya lehae la bona.” 

“Ho lokile,” ha rialo kolobemorua ntsha hlooho ya hae seolong mme a balehela ka hara dihlahla. 

“Re a leboha,” ha rialo bohlwa ho Mulalo, “re keke ra lebala sena le kgale.” 

Mulalo a tswela pele ho tsamaya mme a ba fihla nokeng. 

Thusang,” ha rialo lentswe le tswang lebopong la noka. Ha Mulalo a sheba, a bona tlhapi e robetse hodima lehlabathe. Ke kopa o nkgutlisetse ka metsing,” ha rialo tlhapi, “ledimo le lonya le tsofetseng le ntshiile monamme ha ke kgone ho hema ka ntle ho metsi.” 

Mulalo a kenya tlhapi ka metsing hape. HWALAKAHLA! 

Ke a leboha,” ha rialo tlhapi, e tsokotsa mohatla wa yona, “Nke ke ka lebala sena le kgale.” 

Mulalo a tsamaya tseleng e neng e iphaphathile ka noka. O ne a eso be hole ha a utlwaTI! TI! PHAQA! PUTLA! Ledimo le ne le tila ka hara dihlahlaYaba Mulalo o mmona a dula ka hara tsela bohareng feela – PUTLA! Ledimo leo le ne le le leholo hoo Mulalo a ileng a tseba hore a keke a kgona ho feta moo. 

Dumela,” ha rialo Mulalo, “ke kopa o tlohe tseleng hle?” 

“Na o na le tjhelete?” ha botsa ledimo. 

Tjhe,” ha araba Mulalo. 

“Ho lokile, ha ke tlohe mona ho fihlela ke fumana ho hong ho wena.” ha rialo ledimo. Mohlomong o ka nna wa leka ho nqabola. Ha o ka mpolella motlae o monateke tla tlohela o fete.” 

Yaba Mulalo o bolella ledimo motlae. E ne e le mabapi le tshwene le thuhloempa o ne o sa qabole kahoo ledimo la se ke la tsheha. 

“O tla tlameha hore o etse ho hong hosele,” ha rialo ledimo. “E re ke nahane. Na o bona sefate sela sa baobab se mola?” Mulalo a oma ka hlooho. “Ntlele le tholwana hodimodimo sefateng seo sa baobab,” ledimo la rialo, “mme ke tla nahanisisa hore ke o tlohele o fete.” 

Mulalo a leka ho palama hodimo sefatengempa kutu ya sona e ne e thella mme a se ke a kgona ho fumana moo a ka itshwareletsangHanghang, ha feta ntho e itseng hloohong ya hae e fofa. 

“Re ka o thusa,” ha rialo dithaha tse tharo tse nyane tseo a kopaneng le tsona pejanaDithaha di ntle haholo ka ho etsa dinthoTsa bokella jwang le lehlaka mme tsa etsa thapo e telele. Tsa fanyeha thapo hodimodimo sefateng se selelele. 

Ke a leboha,” ha rialo Mulalomme a hlwella ka thapo mme a fumana tholwana ya baobab hodimodimo sefateng. 

“Ha se hantle,” ha rialo ledimo, le nka tholwana eo. “O nqhekanyeditse.” 

Ke thusitswe ke metswalle ya ka,” ha rialo Mulalo. “Hoo ha se ho qhekanyetsa. Na nka feta jwale?” 

“E re ke bone, tjhe,” ha rialo ledimo. “Hoo ho bile bonolo haholo. Ha er etse tjena. Na o bona jwang bola bo mane?” Mulalo a oma ka hloohoLedimo la ntsha mokotla wa dinawa mme la di hasa hohle hodima jwang. “Thonaka dinawa tsa ka kaofela pele ke bala ho fihlela ho mashome a mabedi mme ke tla o suthela hore o fete,” ha rialo ledimo le tsheha. “Ha re bone hore metswalle ya hao e tla o thusa hona jwale na. 

Yaba Mulalo o leba jwanng mme a qala ho thonaka dinawa tsa ledimo. 

“Re tla o thusa,” ha rialo makgolokgolo a mantswe a tswang hara jwangMulalo a sheba mme a bona bohlwa bo bongata haholo. 

Ke a leboha,” a rialo a bososelaKa thuso ya bohlwaMulalo a bokella dinawa tsohle pele ledimo le bala ho fihla ho leshome le metso e mmedifa ledimo dinawa. 

Hobaneng ha thaha e nyane le bohlwa di o thusitse?” ha botsa ledimo, a shebahala ferekane. 

Hobane ke metswalle ya kamme ke seo metswalle e se etsang – e a thusana,” ha rialo Mulalo. 

“Ho lokileteko e le nngwe ya ho qetela,” ha rialo ledimothonaka lejwe le lefubedu mme a le akgela karolong e tebileng haholo ya noka. “Lata lejwe lane,” ha rialo ledimo le bile le tsheha. 

Mulalo a sheba tlase ka hara noka. Ho ne ho ena le ho benya ha silivera mme tlhapi ya hlahisa hlooho ya yona ka metsingKa molomong wa yona ho ne ho ena le lejwe le lefubedu. 

Ke a leboha,” ha rialo MulaloA nka lejwe le lefubedu a ya le fa ledimo. 

Ledimo la qalella ho lla. “Hoja le nna diphoofolo di ne di nthusa jwaloka wena tjena,” ha rialo ledimo. Ke lonya mme ha ho motho ya etsang seo ke se batlang. Mohlomong nka leka ho tshwana le wena.” 

Mulalo a mo haka mme ledimo la tsamaya ho ya morung. Ho tloha letsatsing leoledimo la tlohela ho ba lonya mme leha le ne le sa kgone ho bua le diphoofolo jwaloka Mulalo, la qala ho ba motswalle le tsona kaofela mme la di thusa kae kapa kae moo ba mo hlokang.