Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Thaba ya galase

Author

E phetwa hape ke Kai Tuomi

Illustrator

Ditshwantsho ka Natalie le Tamsin Hinrichsen

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

Mehleng ya kgalekgale, sebaka se tlase ho Table Mountain seo jwale re se bitsang Cape Town, se ne se omme mme se se na letho. Ka nako eo, ho ne ho thwe Table Mountain e ne e entswe ka galase mme mmutla wa mehlolo o neng o fana ka tseo batho ba di lakatsang, o ne o dula hodimo qhoweng ya thaba.

 

Banna le basadi ba ne ba etla ba tswa ka makgalo ohle a Afrika Borwa mme ba leka ho palama thaba ya galase ho ya ho mmutla wa mehlolo, empa mahlakore a thaba a ne a thella haholo mme le ha ba ne ba ka leka ka thata jwang kapa jwang, ho ne ho se na ya finyellang ka hodimo.

 

Ka tsatsi le leng, moshanyana e mong ya bitswang Khwezi a fihla Cape Town. O ne a batla ho ya fihla qhoweng ya thaba. Bosiung boo, a ya thoteng mme a kopana le Lengau.

 

“Lengau,” Khwezi a rialo, “ke batla ho o kopa molemo o itseng. Ha o ka nthusa, ke o tshepisa hore ke tla tlatsa naha ena e ommeng, e se nang letho ka dijalo le diphoofolo. O keke wa hlola o lapa le kgale.”

 

Lengau a sheba moshanyana eo ka mahlo a lapileng. “Hobaneng ke lokela ho o thusa? Nka nna ka ja wena, o a tseba,” ha rialo Lengau a itatswa melomo. Yaba Lengau o nahanisisa seo Khwezi a mo tshepisang sona mme a re, “Empa ha e le hantle naha e tletseng dijalo le diphoofolo ekare ke ntho e ntle ho feta. Ke a e amohela. O hloka eng?”

 

“O tseba ho palama dintho, mme ka dinala tsa hao, re ka kgona ho fihlella tlhorong ya thaba ya galase,” ha rialo Khwezi, a pepa mokokotlong wa Lengau.

 

Ba tsamaya thoteng, ba parola naha e ommeng, ho ya fihla thabeng ya galase.

 

Tlase pela thaba, Lengau a tsetsepela dinala tsa hae ka mahlakoreng a galase e thellang, mme a qala ho nyoloha. Ho ile ha ba nka nako e telele mme ba ne ba lokela ho palama butle haholo. Ha ba le halofong ya tsela ho nyolosa thaba, Lengau a fehelwa. “Ke kgathetse haholo ho ka tswela pele,” a rialo, a robala galaseng. “Ha ho kgonehe ho fihla ka hodima thaba, esitana le ka dinala tsa ka.”

 

Lenong, eo e leng nonyana e kgolo e tshabehang, la nna la fofa le potoloha ka hodimo ho bona.

 

“Ke na le leqheka,” ha rialo Khwezi, “ha re robale mona mme re iketse eka re shwele.”

 

Yaba ba ithobatsa galaseng ba iketsa eka ba shwele. Hanghang, Lenong a fihla, a nahana hore o fumane ho hong hoo a ka ho jang.

 

“Mathemalodi,” ha rialo Lenong. “Ke lehlohonolo la ka!”

 

Halaala!” ha hoeletsa Khwezi, a tlola ho tswa mokokotlong wa Lengau mme a itshwarella ka dinala tsa Lenong. A itshwareletsa a tiisitse. Lenong la lla ke ho makala mme la fofela hodimo, le tshwere Khwezi ho lona. Lengau a shebella ha ba tsamaya mme a thella butle ho ya fatshe ka lehlakoreng la thaba.

 

“O mpatlang?” ha botsa Lenong, a sokola ho fofa.

 

“Lenong,” ha rialo Khwezi, “na o ka nfofisetsa ka hodima thaba? Ha o ka etsa jwalo, ke tla tlatsa naha ena e ommeng, e se nang letho ka dijalo le diphoofolo. Mme o keke wa hlola o lapa le kgale.”

 

“Ekare ke ntho e ntle eo,” ha rialo Lenong, “mme ke lapile haholo. Ho lokile, ke tla leka ho fofela ka hodima thaba ya galase ke o ise teng.”

 

Yaba Lenong o fofisetsa Khwezi hodimo ka hara maru. Ho ile ha ba nka nako e telele, empa qetellong ba fihla ka hodima thaba. Khwezi a tlola dinaleng tsa Lenong ho ya fatshe tlhorong ya thaba ya galase.

 

“Dumela,” ha rialo lentswe le boreledi.

 

Khwezi a bona mmutla wa gauta o dutse hodima mosamo wa dipalesa tse nyane tse perese, o ja sekgetjhana se selelele sa jwang bo bosehla.

 

“O tshwanetse o be o le mmutla wa mehlolo,” ha rialo Khwezi.

 

“Ke nna,” ha rialo mmutla. “Takatso ya hao ke eng? Nka o etsa motho ya ruileng ho feta bohle lefatsheng, kapa mohlomong o batla ho ba motle, o tsejwe ke batho ba bangata.”

 

Khwezi a nahana ka dintho tsena tsohle mme a nahana ka Lengau, le Lenong, le batho bohle ba lapileng ba dulang sebakeng seo kajeno re se bitsang Cape Town.

 

“Tjhe,” ha araba Khwezi, “ke lakatsa eka nka tlatsa naha ena e ommeng, e se nang letho ka dijalo le diphoofolo.”

 

“Haeba e le seo o se batlang,” ha rialo mmutla wa mehlolo, a panya.

 

Ho ile ha eba le modumo o moholo o kang QHU! Mme ha tlola ditlhase tsa gauta moyeng. Khwezi a tutubala mme yare ha a bula mahlo hape, thaba e ne e se e sa etswa ka galase, e ne e le hlaha e le tlhaho mme e tletse dijalo tse ntle, jwalo feela ka ha e le kajeno. A sheba tlase naheng le hole thoteng, mme a bona hore ho tletse dijalo le diphoofolo hohle. Lenong la fofa le feta ka pososelo e kgolo sefahlehong. Khwezi a sheba moo mmutla wa gauta o leng teng, empa o ne o se o nyametse.

 

Tseleng e theosang thaba Khwezi a kopana le Lengau le robetse moriting wa sefate.

 

“O sebeditse hantle haholo,” ha rialo Lengau, a otsela.

 

Khwezi a mo phaphatha mokokotlong mme a iphetela a theosa thaba. Ha a fihla tlase, Khwezi o ne a kgahlanyeditswe ke letshwele la batho ba ileng ba mo opela matsoho mme ba mo phahamisetsa hodima mahetla a bona. Yaba ba etsa mokete o moholo ho keteka. Kamora nako e telele batho ba bangata ba nna ba tla ho tla dula naheng e pela Table Mountain, mme ba etsa toropo eo ha morao e ileng ya bitswa Cape Town.