Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Sopho ya lejwe

Author

E phetwa hape ke Helen Brain

Illustrator

Ditshwantsho ka Alzette Prins

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

Mehleng ya kgalekgale monna e mong o ne a lebile hae kamora hoba a hahlaule dikarolo tse fapeneng tsa Afrika ka dilemo tse ngata. O ne a otile a lapile, mme tjhelete ya hae e ne e fedile. “Ke kgathetse haholo,” a ipolella jwalo ha a ntse a totoba tseleng. “Ke lakatsa eka nka be se ke le hae betheng e bonojwana, ke kgotshe dijo tse futhumetseng.”

 

Qetellong a fihla motseng o mong. “Aha, matlo ke ana,” a rialo a bua a le mong. “Motho ya mosa o tla mpha dijo tse futhumetseng, ke a tseba.” A kokota monyakong ona le wane, empa karabo e ne e dula e tshwana:

 

“Tsamaya. Ha re na dijo tseo re fanang ka tsona mona.”

 

“Ke maswabi, ha ke na letho.”

 

“Tsa mo batla mosebetsi. Ha ho letho leo ke tlang ho o fa lona nna.”

 

Monna wa batho o ne a utlwile bohloko haholo. A dula thoko ho tsela mme a kenya hlooho ya hae ka hara diatla tsa hae. “Ke tla etsa jwang?” a nahana. “Ha ke sa fumane dijo kapele ke tla bolawa ke tlala.” A shebella batho ba ntse ba feta tseleng. “Kaofela ha bona ba ya malapeng a bona ho ya ja dijo tse tjhesang,” a nahana jwalo. “Ekare nka be ke le e mong wa bona.”

 

Yaba o ba le mohopolo o bohlale. A besa mollo mme a bea pitsa ya ho pheha hodima ona. A tlatsa pitsa eo ka metsi mme ho se hokae metsi ao a ne a bela.

 

“Ke tlilo pheha …” a rialo a buela hodimo, “pitsa e kgolo ya sopho ya lejwe!”

 

Basadi ba babedi ba feta moo ba lebile hae ba tswa mmarakeng. “O phehang eng moo?” ba mmotsa.

 

“Sopho ya lejwe,” ha rialo monna eo.

 

“Sopho ya lejwe?” ha rialo mosadi e mong. “Ha ke eso ka ke utlwa ntho e jwalo.”

 

“O tlo tshela eng kamoo?” ha botsa mosadi e mong.

 

“Ke tla le bontsha hona jwale,” ha rialo monna eo. A kenya letsoho ka pokothong ya hae mme a ntsha lejwana le tjhitja le boreledi. “Ke tla le kenya ka pitseng. Ke setswaka sa mehlolo. Ke mohau feela hore ha ke na eie le dihwete tse mmalwa. Ha ke ne ke ena le tsona e ne e tla ba sopho e monate ka ho fetisisa.”

 

“Ke tsena,” ha rialo basadi bao. “Potlaka, di tshele ka pitseng ya hao.”

 

Monna eo a kenya eie le dihwete ka pitseng ya hae mme a e kwahela. Ka mora metsotso e mmalwa monna eo a latswa sopho ya lejwe. “Mhm, mhm, mhm!” a nna a tjho jwalo. “A sopho e monate! Ha ke eso ka ke utlwa ntho e monate jwaloka yena le kgale. Esitana le Malawi, eleng moo ho etswang tse ding tsa disopho tse monate ka ho fetisisa.”

 

“A ko mphe ke latswe hle,” e mong wa basadi bao a mo kopa.

 

Motswalle wa hae a mo sutuletsa ka thoko. “Ke nna pele,” a rialo.

 

Yaba monna eo o tshela sopho ya lejwe ka koping mme basadi bao ba e latswa. Yaba ba itatswa melomo.

 

“E monate e le ka nnete,” ha rialo basadi bao, “O seapehi se hlwahlwa ruri.” Empa ba ne ba hlile ba batla ho tseba. “Hantlentle o tshetseng ka sophong eo?” Ba mmotsa.

 

“Nke ke ka le bolella resepe,” monna eo a rialo. “Ke sephiri,”

 

Yaba monna eo o bona moshanyana e monyenyane a tshwereng seroto sa moroho. A ema ho fihlela moshanyana eo a le haufi le yena. A nka kgaba ya hae a latswa sopho hape.

 

“A sopho e mathemalodi hle,” a rialo a buela hodimo hore moshanyana eo a mo utlwe. “Ha ke eso ka ke latswa ntho e monate tjena haesale. Esitana le Malawi, moo ho phehwang disopho tse monate ka ho fetisisa. Seo ke se hlokang feela hore e be monate le ho feta e phethehe, ke seshoba sa moroho.”

 

Moshanyana a ema. “Ke tla o fa moroho oo o o hlokang,” a rialo. “Na o tla ntumella hore ke latswe sopho ya hao?” a mmotsa.

 

“Ee, ke tla o fa,” ha araba monna. A tshela moroho ka pitseng mme a fuduwa. Yaba o tshela sophonyana ka koping mme a e fa moshanyana. “O tla latswa setswaka sa mohlolo, ke a o jwetsa,” a rialo. “Na ha e mathemalodi?”

 

“E mathemalodi,” moshanyana a rialo. “Ke tla bolella bohle hore ba tle ba tlo e latswa.”

 

E eso be neng ho ne ho se ho ena le mola wa baahi ba motse ba emetse ho tla latswa sopho ya lejwe. Empa, pele monna eo a latswisa motho, o ne a kopa baahi ho mo fa patata, masapo a nang le nama le letswai le pepere. A tshela tsena tsohle ka sophong. Motswako oo wa tjwatla, o ntse o eba motenya o eba monate le ho feta.

 

Batho ba bangata ba kena moleng. E mong le e mong o ne a batla ho eketsa ho hong sophong. Mme ha batho ba ntse ba etla le dintho tse ngata, sopho yona e ne e ntse e latsweha hamonate le ho feta, mme e eba ngata.

 

Ha shwalane e tshwara batho bohle ba ne ba jele mme pitsa e se na letho. Bohle ba ne ba bososela ba thabile. “Monna enwa ke seapehi se tswang pele,” ba rialo. “O tlameha a be a ithutile ho pheha paleising ya morena kwana Malawi.”

 

“Ena ke sopho e monate ka ho fetisisa eo nkileng ka e latswa,” majoro a bolella monna eo. “Tloo o tlo robala ha ka bosiung bona, betheng e bonojwana ka kobo e mofuthu. Hoseng o ka nna wa ruta seapehi sa ka kamoo o phehang sopho ya hao ka teng.”

 

Monna eo a bososela ha a ntse a hlatswa pitsa ya hae. E ne e hlile e bile sopho e monate ka ho fetisisa, mme o ne a sa e lefella le sente. Yaba monna eo o kenya lejwe la hae ka pokothong, a nka pitsa ya hae mme a leba tlung ya majoro ho ya robala boroko