Home | Story Library | Multilingual stories | Sepoko ka hara dipijama tsa Nkgono

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Sepoko ka hara dipijama tsa Nkgono

Author

Ka Kai Tuomi

Illustrator

Ditshwantsho ka Magriet Brink le Leo Daly

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

Ka bosiu bo bong bo lefifi, Onke o ne a kgalehile betheng ya hae e nyane, ka kamoreng ya hae e nyane, tlung eo a neng a dula ho yona le Mme, Ntate, Nkgono le ntjanyana ya hae e bitswang Puppy. Puppy o ne a robetse hodima kobo e kgubedu maotong a bethe ya Onke. O ne a honela tlaase a bile a lora a lelekisa dikwirele pakeng.

Hanghang Onke a utlwa lerata le leholo mme a phaphama a tshohile. “Ke lerata la eng leo?” a rialo a thothomela. A hula dikobo a ikgurumetsa ka tsona. “Ke tshepa hore ha se setshosa kapa sepoko se tshabehang. Ha ke rate dipoko.”

KGWAHLA! “Ke leo hape,” a rialo, a leka ho iketsa sebetenyana. “Ke lokela ho batlisisa hore ke eng e etsang lerata leo.” Yaba Onke o nka totjhe e tala ya polasetiki eo a neng a e beile tafoleng e pela bethe ya hae, mme a bonesa ka yona hohle ka phaposing.

“Na o nahana hore ke sepoko se entseng lerata leo?” Onke a botsa Puppy, ya neng a ntse a kgalehile a itorela ka ho lelekisa dikwirele. Onke a mo phaphatha hloohong.

HOO! HOO! Ha hlaha lerata le leng le letjha le tswang ka ntle.

“Na ebe ke sepoko?” ha botsa Onke, a bentsha totjhe ya hae ho bonesa fensetereng.

Ntho e kgolo, e nonneng e sootho, e tletseng masiba, e nang le molomo o motsu o mosehla, e ne e dutse hodima lekala ka ntle. Onke a tsheha mme a re, “Ha se sepoko ntho yane. Empa feela e le sephoko se seholo se dutseng sefateng ka ntle ho phaposi ya ka. Empa ke a ipotsa hore ke eng e neng e etsa lerata lane le kgwahlatsang?”

HOO! HOO! Sephoko se seholo sa phukalatsa mapheo a sona mme sa fofela kwana ho parola tshimo.

“Diphoko di tsoma ditweba le ditadi bosiu, ke kahoo batho ba sa keng ba di bona. Hantlentle ke lehlohonolo ho bona sephoko,” ha rialo Onke. “Na ha ho jwalo, Puppy?”

Empa Puppy o ne a ntse a ile le sephume sa boroko, yaba Onke o pholla mpanyana ya yona e boya, mme ya hona ya thetehela kobong ya yona e kgubedu.

“Mohlomong ke mpa ke tshoha difotle,” Onke a nahana jwalo. Empa jwale a bona ntho e nngwe e lefifi e tshosang hukung ya phaposi. E ne e shebahala jwaloka setshosa se seholo se nang le mapheo a lenong le dinala tsa tau le nko e telele e kang ya kolobemoru.

“Na ke sepoko seo?” a rialo, a lebisa kganya ya totjhe hukung ya phaposi. Onke a tsheha ha a bona hore ke eng hantlentle. “Ha se sepoko! Empa feela e le diaparo tsa ka tse ditshila, tse leketlileng setulong. Hoja ka di tlosa ka di bea hantle jwaloka ha Mme a ne a nkopile. Na ha ho jwalo, Puppy?” Empa Puppy o ne a ntse a ithobaletse mme jwale diqhenqhe tsa hae di wela hodima kobo e kgubedu.

“Empa e ne e le modumo wa eng ola o kgwahlatsang oo ke o utlwileng pejana?” ha rialo Onke. KGWAHLA! A utlwa modumo oo hape mme a thothomela. “E tlameha hore e be e le sepoko,” a nahana jwalo, “mme e utlwahala eka e fofa moyeng ka ntle ho phaposi ya ka.”

Onke o ne a leka ho ba sebete, leha mangwele a hae a ne a thothomela jwalo ka jeli. A nyarela ka ntle ho lemati la kamore ya hae, mme a sheba phaseitjheng e lefifi.

Empa ho ne ho se na letho teng, e le feela dieta tsa batswadi ba hae di beilwe pela lebota, le sejana sa metsi sa Puppy hodima mmata o monyane. Onke a nanya hodima mmata phaseitjheng, a feta kamore ya batswadi ba hae, mme a nyarela ka kitjhineng.

“Ke sepoko!” a hoeletsa, a bentshetsa totjhe ya hae hodima seriti se setsho se emeng haufi le setofo. Sepoko seo se ne se apere dipijama tse bolou tse nang le nku e boya ho tsona.

“Tseo ke dipijama tsa Nkgono,” ha rialo Onke. “Hobaneng o utswitse dipijama tsa Nkgono, wena Sepoko?” Onke a shebisa lebone la totjhe hodimo hore a bone sefahleho sa sepoko. E ne e le Nkgono!

“Onke,” ha rialo Nkgono, molomo wa hae o ahlame ke ho tshoha. “O ntshositse haholo. Ke nahanne hore o sepoko.”

“Ke nahanne hore wena o sepoko,” Onke a rialo a keketeha. “O etsang ka kitjhineng bosiu bo bokana, Nkgono?”

“Ke ne ke sa kgone ho robala,” ha rialo Nkgono, “kahoo ka tla ka mona ka kitjhineng ho tla batla kopi ya lebese le tjhesang le dibisikiti. Na o batla ho ja le nna seneke sa bosiu bo boholo?” Onke a bososela mme a oma ka hlooho.

Yaba yena le Nkgono ba dula tafoleng ya kitjhine ba qoqela fatshe ba ntse ba qopetsa dibisikiti tsa botoro tse monate ka hara mabekere a lebese le futhumetseng. Yaba hape ba etsa samentjhise e besitsweng, e nang le diphikile, heme, kase, tamati, le lethise e foreshe e tala mme ba e arolelana.

Ha ba qetile ho ja le ho nwa, ba borosela meno a bona lekgetlo la bobedi bosiung boo. Yaba Onke o fonanisa Nkgono mme a leba kamoreng ya hae. Eitse ha a bula lemati, Puppy a tlola mme a bohola.

“Puppy,” ha rialo Onke, a mo phaphata hloohong, “ke nna, semaumau towe sa ntja. O ne o nahana hore ke sepoko?”

Puppy a mo nyeka sefahlehong mme a ipotoka hodima kobo ya hae e kgubedu.

“Ke rarollotse qaka bosiung bona. Na o a e tseba taba eo, Puppy?” ha botsa Onke.

Empa Puppy o ne a se a ikgarile kobong a kwetse mahlo a hae.

“Ke mohopolo o motle oo,” ha rialo Onke. “Robala ha monate, Puppy.”

“Robala hantle,” ha rialo sepoko se ratang batho hodimo mane marulelong, se neng se mpa se iphetela ntlong eo se batlana le lebese le futhumetseng le dibisikiti.

Empa Onke o ne a se a kgalehile.