E qadile ka mootlwana
Home | Written stories | Multilingual stories | E qadile ka mootlwana

Written stories

E qadile ka mootlwana

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Rico

Translator

Hilda Mohale

“Pale, pale hle Gogo, re phetele pale,” ho kopa Neo. Bella a bososela a ba a oma ka hlooho.

“E, ka kopo hle, Ehlile,” ho rialo Afrika ya neng a dutse hodima Gogo.

Gogo a tsheha. “Ho lokile,” a araba, “e reng ke le phetele pale ya hore na ho tlile jwang hore le be metswalle. Na le a tseba hore tsohle di qadile ka lebaka la mootlwana?”

Neo a oma ka hlooho. Bella a bososela mme a re, “Re phetele, re phetele.” Yaba he Gogo o qala ho pheta pale.

Bosiung bo bong, e seng kgale haholo, ho ne ho e na le mootlwana o neng o ntse o solla o tsamaya o fofonela moqomo o mong le o mong wa matlakala oo o kopanang le ona. O ne o lapile ebile o lahlehile. O ne o sa tsebe moo o yang teng, empa o ne o tseba hore lephako la wona le a uba mme o ne o hloka dijo ka potlako!

Noodle bin lo-res

“Ao mootlwana wa batho,” ha rialo Afrika.

Empa ho ne ho se dijo haufi le meqomo ya matlakala. Mootlwana wa tsetselela fatshe. O ne o batla ho ja le ho fumana sebaka se mofuthu sa ho robala. Wa theosa ka seterata. Ho ne ho e na le matlo a mangata empa a mang a ona a ne a e na le dintja tse kgolo tse neng di o bohola di bile di senaka meno. O ne o tshohile haholo.

Yaba hang, ho ella qetello ya seterata, wa bona ntlo e nyane e neng e se na dintja tse kgolo ka jareteng. E ne e kgantshitswe mabone ka hare mme e shebahala e le mofuthu ebile e tletse setswalle, kahoo mootlwana wa leba ho yona.

Eitse ha o atamela wa utlwa monko o monate o fihla nkong ya wona. Lemati la ka pele le ne le butswe mme o ne o kgona ho bona ka hare. O ile wa bona ngwanana e monyane a bala buka. O ne a ntse a itshehela a le mong ha a ntse a shebile ditshwantsho.

“Ke nako ya selallo,” mootlwana wa utlwa lentswe le bonolo, le mosa le hoeletsa. Wa shebella ha mme wa ngwananyana eo a bea poleiti ya di-noodle tafoleng. “Ke sa ilo lata poleiti ya ka le moro. Hatlela kapele,” mosadi eo a rialo ha a kgutlela ka kitjhineng. Ngwananyana a potlakela ka phaposing ya ho itlhatswetsa.

Oo e ne e le motsotso oo mootlwana oo o neng o o emetse. Wa kena ka tlung ka potlako, wa hlwella hodima setulo, wa diketsa sefahleho sa wona ka hara poleiti ya di-noodle mme wa di ja kaofela. Yaba, ka lona lepotlapotla leo, o mathela ka ntle ho ya ipata.

noodle at table lo-res

“Empa Mme,” ha hoeletsa ngwananyana eo ha a dula tafoleng, “ha ho dijo poleiting ya ka.”

“ENG?” Mmae a potlakela ka phaposing eo. “Empa ke sa tswa o ngwathela dijo.” Yaba o a hetla ho sheba lemating le bulehileng. “Tjhe bo,” a rialo, “ho na le ntho e nngwe kapa motho ya keneng mona a utswa dijo tsa hao.” A kwala lemati la ka pele a ba a le notlela.

Ka nako eo mootlwana o ne o mathetse serapeng se ka mora ntlo. Wa fumana lemati la kitjhine le butswe mme wa nanara wa kena ka hare. Phaposi yohle e ne e tletse monko o monate wa dijo. Hodima tafole ya kitjhine ho ne ho e na le pitsa e kgolo le poleiti e nngwe ya di-noodle. Mootlwana oo wa boela wa hlwella setulong mme wa kenya sefahleho sa wona ka hara poleiti mme wa qala ho ja.

Ka nako yona eo, ngwananyana le mmae ba kena ka kitjhineng.

“Ho etsahalang?” ha hoeletsa mme wa ngwananyana eo.

Mootlwana o ne o tshohile haholo; wa itshunya hukung mme wa tsetsela.

“Re tla etsa eng ka wena? Ako bone hore o ditshila JWANG,” ho rialo mosadi.

“Aoo,” ho rialo ngwananyana, “le molomo wa hao o ntse o kgenathetse di-noodle!”

“Kwala monyako,” ha rialo mmae. “Re tla ja pele ebe re a o hlatswa.” Yaba ba etsa jwalo.

“Jwale,” Gogo a botsa, “Ke mang ya ka lepang hore ba ile ba reha mootlwana oo lebitso lefe?”

“KE NOODLE!” ha hoeletsa Bella le Neo.

“Ehlile,” ho rialo Gogo. “Na le a tseba hore batho ba paleng ee e ne e le bomang?”

“Bella le mme wa hae,” ho hoeletsa Afrika.

“KE NNAAAA!” ha hoeletsa Bella. Neo a tsheha.

“Empa eo ha se pheletso ya pale,” ha rialo Gogo. “Bella o ile a tlameha ho ya batlisisa hore na ebe mootlwana oo o ne o e na le monga wona kapa tjhe. Ke ha a ne a ka se fumane monga wona feela moo a neng a ka inkela wona. Yaba ka letsatsi le hlahlamang Bella le mmae ba tsamaya ba kena ntlo le ntlo ba botsa batho bohle hore na ebe mootlwana oo ha se wa bona. Empa ho ne ho se motho ya kileng a o bona pele ho moo. Yaba Bella o kopana le Mme wa Afrika le … tseleng”

girl carrying noodle lo-res“LE NNAAAA!” ha hoeletsa Afrika.

“Ehlile,” ha rialo Gogo, “yaba bohle le kopana le Noodle. Ke kamoo lona bohle le bileng metswalle mme Noodle e bileng ntja ya Bella, hobane o ne o se na monga wona.”

“Athe ke ntja e ntle e lokileng ka ho fetisisa lefatsheng,” ho rialo Bella.

“Mme re metswalle ya hlooho ya kgomo lefatsheng lohle,” ha rialo Neo.