Written stories
Morena wa dinonyana
Mehleng ya kgalekgale ha lefatshe le sa le letjha, Nkwazi, ntsu e kgolo,
ya bitsa dinonyana tsohle ho bokana mmoho. “Jwaloka ha le tseba,” a rialo, “Bhubesi eo e leng tau,
ke morena wa diphoofolo. Empa ke hobaneng a lokela ho buella le rona dinonyana?
Re lokela ho ikgethela morena eo e leng wa rona … mme kaha ke le moholo ka mmele, ke hlahisa hore e be nna!”
Dinonyana kaofela tsa qalella ho buela fatshe le ho honotha ho fihlella lentswe le le leng le hlahella hodima mantswe ohle…