Follow us

Author: E ngotswe ke Desirée Botha

Illustrator: Ditshwantsho ka Chantelle le Burgen Thorne

E ne e le letsatsi le monate, la boiketlo pela noka. Ho ne ho kgutsitse hohle. Modumo o utlwahalang feela e ne e le wa Nonyana e Nyane ha e ntse e kobola hanyane ha e hlwekisa meno a maholo, a sephara a Kubu.

 

Kubu o ne a natefetswe ke ho utlwa meno a hae a hlwekiswa. O ne a dutse moo ka hlooho ya hae e le ka ntle ho metsi, a ahlame haholo feela. Letsatsi le ne le mo futhumaditse ha monate hoo a ileng a iphumana a se a otsela mme a kgaleha. O ile a lora ho ena le jwang bo boholo bo monate bo phaphaletseng bo feta pela hae mona, mme torong ya hae, a bo loma haholo a ba a kwenya.

 

“O jele Nonyana e Nyane!” Lentswe la tsosa Kubu a ba a nyaroha. E ne e le e nngwe ya difolaminko. O ne a shebahala a halefile! Sefahleho sa hae se pinki se fetohile se le sefubedu!

 

“O jele Nonyana e Nyane,” a hoeletsa hape, a supile Kubu ka lepheo la hae.

 

“Le kgale!” Kubu a phea. “Nna ke ja jwang, e seng dinonyana tse nyane! Ho feta moo, Nonyana e Nyane ke motswalle wa ka! Nkeke ka mo ja le kgale!”

 

“Ke o bone! O ne a ntse a hlwekisa meno a hao, mme o mo kwentse!”

 

Kubu a hopola toro ya hae. Jwale o ne a se a tshohile! Na ebe o ne a kwentswe motswalle wa hae ka phoso? Yare ha a tswa ka metsing a noka, a utlwa modumo wa ho kobola o tlwaelehileng. E ne e le Nonyana e Nyane!

 

Kubu a qamaka hohle ho bona moo Nonyana e Nyane a leng teng. Qetellong, a elellwa hore modumo oo o tswa ka hara mpa ya hae. O ne a kwentswe motswalle wa hae!

 

“O a bona? Ke o bolelletse!” ha rialo Folaminko. “O jele Nonyana e Nyane!”

 

“Ke… ke ne ke sa ikemisetsa ho … ” Kubu a bokolla, “Re lokela ho mo pholosa. Re tshwanetse re mo ntshe ka mpeng ya ka!”

 

Ka nako ena diphoofolo tsohle tse phelang pela noka di ne di se di atametse ho tla utlwa hore ho etsahalang. Tsa qala ho nahana maqheka a ho thusa.

 

“Ha re romelleng ditlhatswana ka hara mpa ya hao. Di ka thusa ho tataisa Nonyana e Nyane ho mmontsha tsela ya ho sesetsa ka ntle,” ha rialo Tshwene. Empa ha di utlwa sena, ditlhatswana tsohle tsa sesa ka potlako ho baleha moo.

 

“Re ka sebedisa le leng la meno a ka ho seha mpa ya hao re e bule mme re pholose Nonyana e Nyane,” Tau a etsa tlhahiso. Kubu ha a ka a utlwa eka ke mohopolo o motle oo!

 

Story Categories

Invest in a nation of readers!