Follow us

Ketlele

Ke nna ketlele, Hona ke mohele, Hona ke molomo, Ke bedisa metsi, Metsi a tjhesang. Ntshelle bo, ntshelle bo! Ntshelle bo!

Terene

Tjhukutjhuku, tjhukutjhuku Ke tjhutjhumakgala Terene e telele, E tswa hokae, e lebile kae? E tswa makgoweng, E lebile mahaeng. E tlisa bontate hae Ba tlo bona bana hae. Tjhuku, tjhuku, tjhuku!

Tlou ela

Tlou ela, e na le nko E telele hakaakang Tlou ela, e na le nko E telele hakaakang. Ya nka tweba, Ya  nka mokgodutswane, Ya di tlamella  sefateng.

Lengana

Ke eng hona hoo? Ho ho putswanyana? Be, ke lengana, Le babetsa lehano. Thiya! Thiya! O tshwerwe ke sefuba Harola o phehe. Subela ka nkong, O tla hlaphohelwa.

Ntatemoholo

(Bashemane ba botsa potso, banana ba a araba, ebe banana ba a botsa ha bashemane ba araba. Bana ba supa dikarolo tsa mmele ha ba ntse ba di bolela)   Ntatemoholo, o tswa kae kajeno? Ke tswa kwana sepetlele Haufi le lebenkele O jewa ke eng? Hlooho, mahetla, nko le molomo Sefuba, letheka, mangwele le […]

Tlhaku ya ho qala

Tlhaku ya ho qala sekolong ke ‘A’ Ke tla o fa apole  ha o ka ngola ‘E’ Ho teng ho lebidi , ke bolela ‘I’ Ntswe lena ‘po’, le qetela ka ‘O’ Ka letsopa mobu, nka ngola ‘U’ Ka letsopa mobu, nka ngola ‘U’.

Ntja le katse

Habu, habu, habu! Ntjanyana borakana. E bohola katse, Katse nngao, nngao! Ao katse eso, E tshaba ntjanyana. E bona sefate, E rata ho tlola. Ya re fela lako! Ya ba ya re tsora! Hodimo sefateng.

Nkgono Makalane

Nkgono Makalane a wela ka pitseng A kgangwa ke tapole, Katse ya mmona, A ikutlwa a swabile, A tswa, a tswa, a ketoha A tswa, a tswa, a ketoha!

Mapolesa

Dikotlolo hloohong! Naledi phatleng! Ditshepe thekeng! Dirifi maotong! Ke lekwatlakwatla feela! Ke lekwatlakwatla feela!

Raditedu

Eitse ke dutse kgotla, Ka utlwa molodi o lla. Ka kopana le Raditedu, A nkile selepenyana. A nkomakoma ka sona, A nkomakoma ka sona. Ka ilo kgitla ka setsu, Ka ilo kgitla ka setsu.

Invest in a nation of readers!