Sopho e kgethehileng ya Thoko
Home | Written stories | Multilingual stories | Sopho e kgethehileng ya Thoko

Written stories

Sopho e kgethehileng ya Thoko

Author

Niki Daly

Illustrator

Niki Daly

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

E ne e le hoseng ho batang mme pula e ena. Mme o ne a apere jase ya hae e futhumetseng le sekhafo. “Thoko,” ha rialo Mme, “Ke ya kwana Cape Town bakeng sa inthaview ya mosebetsi. Ke tla kgutla pele ho dijo tsa mantsiboya.”

Nkgono le Thoko ba shebella ka fensetere ha Mme a kenella pula. Ao, Mme wa batho! Nkgono a re, “Brrr, ho bata haholo ha ke eme mona, ke sa kgutlela dikobong hanyane.”

Thoko a itshella sereyale eo a e ratang sekotlolong, a tshela lebese yaba o a fuduha. Ke moo a ileng a ba le kgopolo e bohlale. Jwale he, yare ha a qeta ho ja a tshela metsi ka pitseng, mme a sheba ka sehatsetsing hore ebe a ka tshela eng hape. Oo, dijo tse setseng maobane tsa papa le moro! Thoko a tshela dijo tseo ka hara pitsa mme a fuduwa ho fihlela papa e thubeha dikotwana mme moro o fetola metsi hore a be sootho. Yaba o ema hodima setulo mme a nyarela ka khabateng ya dijo.

“O etsang?” ha botsa Nkgono, a kena ka kitjhineng. O ne a ntse a apere kaono ya hae e bonojwana e pinki.

“Ke phehela Mme sopho bakeng sa ha a kgutla a hatsetse ebile a lapile,” ha araba Thoko.

“Oo ke mohopolo o motle,” ha rialo Nkgono. “Ere ke o thuse.”

Nkgono a sheba ka pitseng. “Jwale ke eng hoo?” a botsa.

“Dijo tsa maobane,” ha rialo Thoko.

“Ke tsela e ntle ya ho qala sopho,” ha rialo Nkgono, “empa re hloka ntho e nngwe.”

“Ke a tseba,” ha rialo Thoko. “Diperekisi! Mme o rata diperekisi.”

“Ha o a tshwanela ho tshela diperekisi ka sophong, Thoko,” ha rialo Nkgono. “Seo re se hlokang ke sehwete.”

Nkgono a ebola le ho kgabela sehwete. Yaba o se tshela ka pitseng mme a e kgutlisetsa setofong hore e bele. Kamora moo Nkgono a tshela dierekisi tse tletseng seatla. Thoko a ya khabotong mme a kgutla a tshwere pakete ya dibisikiti tsa gemere.

“Mme o rata ntho tsena haholo,” ha rialo Thoko. “Di tla etsa hore sopho e latswehe ha monate haholo.”
Eating soup low res

Nkgono a tsheha. “Tjhe bo, Thoko, ha ho na motho ya tshelang dibisikiti ka sophong. Seo re se hlokang ke kotikoti ya ditamati, eie, kgaba ya setoko sa meroho le letswainyana feela.”

Nkgono a bula kotikoti ya ditamati mme a re Thoko a e tshele ka sophong. Yaba o lahlela setoko sa meroho mme a qalella ho kgabela eie.

Hanghang, meokgo ya tlala ka mahlong a Nkgono. “Eish!” Nkgono a hemela tlase. “Ho kgabela dieie ho etsa hore ke lle, mme ha ke lla ke tswa mamina. Ako fuduwe sopho eo butle mme nna ke sa ilo mina.”

Thoko a fuduwa mme a shebella ha ditswakwa tsohle tsa sopho tseo nkgono a di tshetseng kamoo di ntse di bidikoloha. Yena o ne a tshetse ntho e le nngwe feela, e leng dijo tse setseng maobane. E ne e se hantle! Ena e ne e lokela ho ba sopho e ikgethang ya Thoko bakeng sa Mme – e seng ya Nkgono!

Kahoo he, yare ha Nkgono a sa ile, Thoko a ya ka khabotong mme a fumana ntho e ikgethang eo a neng a tseba hore Mme o tla hle a e rate. Ka potlako, a e tshela ka sophong mme a e fuduwella. Ha Nkgono a kgutla yaba o re, “Mmmm, jwale e feela e nkga jwaloka sopho e kgethehileng!

Thoko le Nkgono ba tlohela sopho hore e tjwatle nakwana e itseng. Yaba Nkgono o tima mollo mme a re, “Jwale e loketse hore e futhumetswe ha Mme a se a fihlile lapeng. Tloo, Thoko, ke tla o balla pale ha re ntse re emetse Mme.”

Ha Nkgono a ntse a bala, Thoko a kgaleha. O qetelletse a se a utlwa lemati la ka pele le buleha mme Mme a re, “Ke se ke fihlile!”

Mme o ne a shebahala a hatsetse ebile a kgathetse, empa o ne a ena le ditaba tse monate. O ne a fumane mosebetsi!

“Ke lapile!” ha rialo Mme, a hlobola jase ya hae. “Ke eng e nkgang ha monate hakana?”

“Thoko o o phehetse sopho,” ha araba Nkgono.

“Ke a leboha, Thoko,” Mme a rialo. “Sena ke seo ke neng ke se hloka hore ke futhumale.”

Eitse ha Mme a se a qetile ho hlobola diaparo mme a apara tse ommeng, yaba ba dula fatshe ho ja.

“Mmmmm,” ha rialo Mme, “e monate! Ke eng ee e etsang hore sopho ee e latswehe ka tsela e kgethehileng tjee?”
Making soup low res

“Ke kentse setoko sane se monate sa meroho,” ha araba Nkgono.

“Tjhe,” Mme a rialo, “ha se sona. Ke utlwa …”

Thoko a kgutsa tu. Nkgono a phutha sefahleho.

“Ee, ho na le ntho e monate e bileng e le tswekere!” ha rialo Mme.

Ha sopho yohle e se e fedile, Mme a ema ho ya khabotong ya dijo mme a re, “Jwale ho na le ho hong hoo e sa leng ke ho boloka bakeng sa letsatsi le ikgethang tjena.” Empa Mme o ne a sa kgone ho fumana seo a se batlang. “Ho a makatsa,” ha rialo Mme, “Ke ne ke bolokile maqhetswana a mararo a tjhokolete ya ka eo ke e ratang bakeng sa nako e ikgethileng.”

Thoko a dula a kobile hlooho. O ne a utlwa hore Nkgono o mo tonetse mahlo.

“Thoko,” Nkgono a botsa, “o entseng ka tjhokolete ya Mme?”

Thoko a qala ho lla ha a ntse a bolella Mme hore o ile a tshela tjhokolete ka hara sopho. Empa bakeng sa ho halefa, Mme a tsheha, “Ke yona ntho e entseng hore sopho ya hao e latswehe ka tsela e kgethehileng tjena!”

“Mme ke letsatsi le ikgethileng lena,” Nkgono a bonya. “O fumane mosebetsi kajeno!”

Thoko a itlhakola meokgo.

“O a tseba, Thoko rato la ka,” ha rialo Mme, “ke ntho e ntle hore ebe o ile wa nahana ho mphehela sopho. Hana o e bitsang?”

“Sopho ya Thoko e kgethehileng,” Thoko a araba.

“Ehlile, efela e le sopho e monate ka ho fetisisa eo nkileng ka e latswa,” ha rialo Mme a haka Thoko haholo.