Ho otlolla maoto phakeng
Home | Written stories | Multilingual stories | Ho otlolla maoto phakeng

Written stories

Ho otlolla maoto phakeng

Author

E ngotswe ke Hagen Engler

Illustrator

Ditshwantsho ka Tamsin Hinrichsen

Liso o rata ho kena inthaneteng. Websaete eo a e ratisisang e na le dintho tsohle tseo a di hlokang ho ka natefelwa.

O ithuta mefuta yohle ya ho tantsha. O ithuta dintho tse kgahlang mabapi le tlhaho. O iketsetsa metswalle hohle lefatsheng.

“Ha re ilo otlolla maoto phakeng,” ha rialo Ntate, a tlosa mahlo a hae ho lepthopo ya hae.

“Nka mpa ka ikenela inthaneteng,” ha rialo Liso. “Nka bapala, nka ithuta, nka ikwetlisa,” a rialo.

“Hobaneng ke tlameha ho ya sebakeng se seng?” “Tjhe, kwana,” ha rialo Ntate, “Ho na le dintho tse makatsang lefatsheng la

nnete … “ letsa, tshwene, le nonyana e bitswang hornbill, e nang le molomo o mmala wa lamunu o motle le mohatla o motelele!”

 

“Ka nnete,” ha rialo Liso. “Ke taba tse makatsang ruri!” “Le jwale,” ha rialo Thalia. “Mme o re e ne e le nonyana e tona.

E ne e tlisa dijo sehlaheng.” Thalia o ne a kgathetse haholo ho ka tantsha, kahoo Liso a romella motswalle wa hae Ina molaetsa.

“Ha re ilo bapala phakeng ya boithabiso ya inthaneteng,” ha rialo Liso. “Nka se kgone,” ha araba Ina.

“Ke ya phakeng le batswadi ba ka. Lefatsheng la nnete!” “Ho lokile,” Liso a rialo. “Ke tla bua le wena ha morao.”

Liso a nahanisisa ka thata. Yaba o a hoeletsa. “Ntate!” a hoeletsa. “Ha re ilo otlolla maoto phakeng!”

Ntate a kwala lepthopo ya hae. Inthaneteng, Liso o ile a kopana le motswalle wa hae Jamila.

“O ntse o etsa eng?” ha botsa Jamila. “Ha ho letho,” ha araba Liso. “Ke qeta ho kena inthaneteng.” “Ke hantle,” ha rialo Jamila.

“Re ile ra ya otlolla maoto phakeng. Ra bona mefuta e mengata ya dinonyana. Re ile ra ba ra bona nonyana e bitswang letholopje

e aha sehlaha pela letsha!” “Ao, kgele!” ha rialo Liso. “E utlwahala e le ntho e kgahlang.” “Ho jwalo,” ha araba Jamila.

“Ntate wa ka o ile a re nonyana e tona e ne e aha sehlaha, mme e tshehadi e se hlahloba. Ke nahana hore e ne e sa se rate, e ile ya

heletsa sehlaha sohle ya se senya!” Yaba, Liso o bua le motswalle wa hae Thalia.  “Ha re tantsheng,” ha rialo Liso.

“Ka mora nakwana,” ha rialo Thalia. “Ke kgathetse ke ho matha.” “Ho matha?” ha botsa Liso. “O mathile hokae?”

 

“Re mathile ka hara moru o motle,” ha rialo Thalia. “Re bone Phakeng, Liso le Ntatae ba bona nonyana e bolou e kganyang, e

nang le letlopo le lelelele letala. “Kgele,” ha rialo Liso. “Ke a ipotsa hore ke nonyana ya mofuta ofe ela!”

“Ke nahana hore ke e bitswang Knysna loerie,” ha rialo Ntate. “Ha re leke ho e sala morao.”

Nonyana eo ya fofa ho tloha sefateng se seng ho ya ho se seng. Nonyana ya fihla ya phomola hodima lekala la sefate.

Nonyana ya dula hodima lekala la cycad. Liso le Ntatae ba e latela, ba matha ka mora yona.

 

“Liso, hobaneng o sa e dumedise,” ha rialo Ntate. “Mohlomong ke loerie ya mehlolo?”

Liso a kgohlela ho lokisa qoqotho… “Dumela moo,” lentswe la tswa. “O etsa eng moo?”

Liso le Ntate ba tona mahlo haholo… Hantle pela bona mona, bohareng ba phakeng, e ne e le Jamila, Thalia le Ina, mmoho le

batswadi ba bona! “Nonyana ya loerie ke ela hape,” Liso a hoeletsa. “Ha re e saleng morao!”

“Dinonyana tsena di re tlositse disekerineng tsa rona, tsa re ntsha matlong a borona, tsa re tlisa tlhahong mmoho,” ha rialo Ntate

wa Liso. “Ke hobane ke dinonyana tsa mehlolo.” 

 

Monate wa Nal’ibali

Mehopolo eo le ka buang ka yona

O etsang ho inatefisa? O buisana jwang le metswalle ya hao? Inthanete ke eng?

Setshwantsho

Ke sebaka sefe se kantle seo e leng thatohatsi ya hao? Taka setshwantsho sa hao teng.

Ho bala

Eba lefokisi la pale!  Ke dinonyana tse kae tse fapaneng tse boletsweng paleng ee? Na o ka fumana mabitso a diphoofolo tse ped tsa morung? Ke polelo efe e o jwetsang hore Liso o fetotse monahano wa hae mabapi le ho batla ho ya phakeng? Ke ditsela tse kae tse fapaneng tseo Liso a hokahanang le metswalle ya hae ka tsona?

Ho ngola

Ngola molaetsa wa mohala wa thekeng oo Liso e ka nnang yaba o o ngolletse motswalle e mong ha a kgutla phakeng.

Mosebetsi wa matsoho

Sebedisa mahlaku, jwang le makgasi ho haha serobe sa hao sa nonyana.

Tshebetso

Kena leetong la monahano la ho itsamaela phakeng: qetoha ho bona hore ho na le eng hodima difate, inama ho shebela dimela le diphoofolo haufi le lefatshe ebe o sala morao nonyana e fofang ho tloha hodima sefate ho ya hodima sefate se seng.