Raditedu
Eitse ke dutse kgotla, Ka utlwa molodi o lla. Ka kopana le Raditedu, A nkile selepenyana. A nkomakoma ka sona, A nkomakoma ka sona. Ka ilo kgitla ka setsu, Ka ilo kgitla ka setsu.
Tswii tswii tweba
Tswii tswii tweba, Ke tweba e nyenyane, E ja bohobe, Bohobe ba Masilo. Tlong re e tshware, Re e shape. Ha e na tsebe. Tswii, tswii tswii, haebo! Tswii, tswii, tswii, haebo!
Tshepo
Tshepo wa Rakgomo, O na hama kgomo. A e hama e sa tlangwa. Kgomo ya mo raha, Fatshe a polana. Lebese la qhalana Hodima moraha, Hodima moraha.
Ka tsatsi le leng
Ka tsamaya ka tsatsi le leng, Ka kopana le bana ba bang. Ba mpotsa hore ke tswa kae, Ka re ke tswa, ke tswa sekolong. Sekolong re etsa dihlakiso Dihlakiso hlakiso tsa mmele. Ba re lona, lona banana, Le itsoke, le itsoke setono. Ba re lona, lona bashanyana Le hate, le hate lefatshe
Nonyana
Ka na ka bona nonyana, E tlolatlola. Ka re ho nonyana; ema, ema. Ya tsoka setono, Ya tsoka setono. Ke ela e fofa, Ke ela e fofa. Aha, aha, aha! Ka sala ke maketse, Ka sala ke swabile.
Mme
Ke ne ke le ngwana Ke sa tsebe letho Ke sa tsebe ho bua Ka fuwa mme, Mme ya ntlhokomelang Ka thari a mpepa Ka matsoho a nkuka Le dijo a mphepa Ka nna ka hola Ka ba motlemotle Ka ba maramarama Ka tseba le ho bua Ka tseba le ho bapala Ke […]
Sekolo
Keng hola? Moaho wa sekolo. Ketekete, Keng ho llang ? Tshepe ya sekolo. Tshepe e bitsa bana. Ba bala dibuka, Ba ngola ka dipene, Ba etsa dithothokiso, Ba etsa dipalo Jwale ke kgefutso, Ba leba mabaleng Ho ya bapala Le ho ya ja dijo Le nna ke batla sekolo, Ke ilo ithuta […]
Tlou
E mmelemele, e na le mahlo Mohatla o monyane Molomo ke thupa, Ditsebe ke kobo, E a hatika, E a hatika E jara bana, E jara bana E ba isa kwana hole, E ba isa kwana hole.
Hokinyana ya batho
E nngwe too ka hokanweng, Mme ka ho qetwa ke bodutu, ke eo e tswa. Kgoho koo, koo, o ya kae? Katse; ngao, ngao, o tla tshwarwa. Nku; mee, mee, ntja ke eo. Ntja; hobu, hobu, ke tla o ja ditsebe! Hokinyana ya batho Ya nka ka sekaja. Hoyi, hoyi, ka hokwaneng tjhobe!
Nonyana tse hlano
Nonyana tse hlano Di dutse sefateng E nngwe ya re: bona mane E nngwe ya re: ke monna ka sethunya E nngwe ya re: ha re ipateng E nngwe ya re: ha re baleheng, E nngwe ya re: ha re mo tshabe rona, Ha re mo tshabe rona. Qhuu sethunya sa lla! Qhuu sethunya sa […]