Lebaka leo Kwena e dulang nokeng
Home | Written stories | Multilingual stories | Lebaka leo Kwena e dulang nokeng

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Lebaka leo Kwena e dulang nokeng

Author

Ka L.R. Mashigo

Illustrator

Ditshwantsho ka Chantelle le Burgen Thorne

Ka letsatsi le leng, kgalekgale kwana, Tau o ile a kgethwa hore e be morena wa ka morung. Letsatsing leo, Qwaha a bokella diphoofolo tsohle mme a re, “A re etseng moketjana ho thabela morena wa rona e motjha.” “Oo ke mohopolo o motle hakaakang!” ha rialo Nkwe. “Ke nahana hore Kwena ke yena ya lokelang ho tantsha le morena letsatsing la moketjana.” “Ke la ka leo,” ha rialo Mokgodutswane. “Empa haeba Kwena o tlo tantsha le morena, o lokela ho hlapa nokeng e le hore letlalo la hae le hlweke, le benye jwalo ka lena la ka.” Diphoofolo tsohle tsa dumellana le Mokgodutswane. Letlalo la Kwena le ne le le mahwashe haholo le bile le thothofetse. O ne a lokela ho hlapa nokeng e le hore letlalo la hae le hlweke le be le benye bakeng sa ho tla tantsha le morena e motjha. Empa Kwena wa batho o ne a sa dumellane le seo. “Ke sitwa ho ya hlapela nokeng!” ha lla Kwena. “Esale e le nna ha ke so ye nokeng. Ha ke tsebe le hore na ho seswa jwang!” Empa ha ho phoofolo le e nngwe e ileng ya mamela Kwena. Kaofela tsa tloha pitsong moo ho kgutlela mahae.

                                                                                                                             

Kwena a sala a le mong. O ne a tshwenyehile haholo hore bohle ba tla mo tsheha haeba a sitwa ho sesa. Letlalo la hae le ne le tla hlweka le ho benya jwang haeba a ke ke a ya hlapa nokeng? Yaba o tlelwa ke leqheka. “Ke tla ya nokeng bosiu ha bohle ba robetse. Ka tsela eo, ha ho ya tla bona ha ke leka ho sesa.” Bosiung boo, ha diphoofolo tsohle di robetse, Kwena a theosetsa nokeng. O ne a nahana hore ha ho ya mo bonang, empa o ne a lebetse hore Sephooko o phaphame bosiu!

Yaba Sephooko o shebella ha Kwena a kena ka hloko ka nokeng mme a ithuta ho sesa. Empa Sephooko a se ke a etsa modumo. Qetellong letsatsi la moketjana la fihla. Diphoofolo tsohle tsa bokana sebakeng sa ho tshwarela pitso. “Na ho na le ya boneng hore na Kwena o hokae?” Ha botsa Mokgodutswane o qamaka kwana le kwana. “Ke tshepa hore o hlwekile ebile o a benya moo a teng bakeng sa ho tla tantsha le morena.” Empa ho ne ho se ya tsebang hore na Kwena o hokae. Yaba Sephooko o re, “Ke nahana hore ke a tseba hore na o hokae. Ntshaleng morao!” Diphoofolo tsohle tsa latela Sephooko ha a fofela nokeng. Ha ba fihla nokeng, ba fumana Kwena a shebahala a kwatile a bile a saretswe. O ne a bile moo nokeng matsatsitsatsi, empa letlalo la hae le ne le ntse le le mahwashe, le sa hlweka le bile le sa benye ho hang. “Re kopa o tswe ka metsing hle,” ha hweletsa diphoofolo tsohle. “Moketjana o se o tla qala mme o lokela ho tantsha le morena!”

      

“Ha se ntho eo ke tla e etsa eno, le kgale!” ha araba Kwena. “Mme haeba e mong wa lona a ka atamela pela noka mona, ke tla mo harola. Kaofela ha lona le nkwatisitse haholo.” Ke ka lona lebaka leo le ka le hodimo lena, Kwena a phelang nokeng. Letlalo la hae le ntse le le mahwashe mme o ntse a kwatile haholo. Ha ho diphoofolo tse mo atamelang. Kaofela di a tshaba hore Kwena o tla di harola! 

Eba mahlahahlaha ka pale!

  • Kwena o ne a tshaba hore diphoofolo tse ding di tla mo tsheha, yaba o ya nokeng a le mong. Na o nahana hore ke ntho e nepahetseng ho ya sebakeng se seng o le mong o sa bolella motswalle kapa setho sa lelapa leno hore na o ya hokae?
  • Ke hobaneng ha Kwena a ne a kwatetse diphoofolo tse ding? Na o nahana hore o ne a na le lebaka le utlwahalang la hore a kwate? Ke hobaneng ha e se ntho e lokileng ho dula o kwatetse ba bang nako e telele?