A long time ago, when a bird died on earth, its spirit would leave its body and float up to the clouds where it lived as a cloud person, watching over and caring for the birds and animals on earth. The birds and animals knew about these cloud people. There came a time when…
[wrapped_story_translations]
Mehleng ya boholoholo, ha nonyana e ne e eshwa lefatsheng,
moya wa yona o ne o tswa mmeleng wa yona mme ebe o phaphalla
hodimo marung moo e tlang ho phela jwaloka motho wa marung,
ya shebileng le ho hlokomela dinonyana le diphoofolo tse lefatsheng.
Dinonyana le diphoofolo di ne di tseba ka batho bana ba marung.
Ho ile ha tla nako eo ka yona ho neng ho se na pula selemo sohle.
Jwang bo ile ba tjha, didiba tsa epsha pshi mme diphoofolo tsa bolawa ke tlala.
Diphoofolo le dinonyana di ile tsa kopana mmoho hore di etse qeto ya seo di ka se etsang mabapi le komello e kanakana…