Whatzit

Written stories

Whatzit

Author

Jude Daly

Illustrator

Magriet Brink

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Pula e ne e ena, e hlile e tsholoha, mme Amina o ne a tenehile a tshwerwe ke bodutu. Ho ne ho se na metswalle ya hae e ka tlang ho tla bapala le yena mme bohle ba neng ba le ka tlung ba ne ba phathahane. Batho bohle ba ne ba dula ba phathahane! Ho ne ho se monate ho ba e monyenyane ho bohle lapeng.

Amina a paqama betheng. Mme a ema ka hlooho. Yaba o kenya mapheo a hae a feri mme a qala ho tantsha. Amina a sothahana a potoloha. A tlolatlola a ba a tila ka leoto. A penya a ba a pitika. Yaba o itahlela hodima bethe ya hae. Ha se ke ha thusa letho. O ne a ntse a tenehile mme a tshwerwe ke bodutu.

Jwale Amina a pakolla dibapadiswa tsa hae. Bongata ba tsona e ne e le tseo a di fuweng ke baholwane ba hae, esitana le lebokoso la dibapadiswa e ne e le leo a le filweng. O ile a bea Eli, Dassie, Mmutla le Tweba hodima bethe ya hae. Ba ne ba tlo ba le moketjana wa teye hang feela ha a ne a ka fumana ketlele ya teye.

O ile a batla ka hara lebokoso la dibapadiswa hape mme yaba Amina o fumana Whatzit. E ne e robetse kamoo e lebetswe tlasetlase ka hara manki wa ho roka, tlasetlase lebokosong la dibapadiswa.

whatzit-1 finAmina a fetola Whatzit hore a bone sefahleho sa yona, empa e ne e sena sona. Whatzit wa batho ya lejetsweng! E ne e ena le sebopeho se batlang se le tjhitja ho isa ho kgutlonne, empa ho se sefahleho kapa matsoho kapa maoto kapa mapheo kapa mohatla kapa eng kapa eng feela.

Amina a sunya Whatzit hodima bethe pakeng tsa Eli le Dassie a shebane le Mmutla le Tweba. O ile a fumana ketlele ya teye mme a tshela teye. Eli, Dassie, Mmutla le Tweba ba qeta teye ya bona kapele, esitana le Amina. Empa, Whatzit a so qete. Ehlile, e ne e tla nwa jwang e se na molomo!

Kahoo, Amina a nka Whatzit le manki wa ho roka mme a ya batla nkgono wa hae.

“Ke eng eo?” ha botsa nkgono wa hae.

“Whatzit,” ha rialo Amina. “Whatzit o hloka molomo.”

“Ho lokile,” ha araba nkgono wa Amina, “empa re lokela ho potlaka, ke phathahane haholo mme ho sa na le ho hongata hoo ke lokelang ho ho etsa.”

Nkgono wa Amina a mo thusa ho roka molomo bakeng sa Whatzit; molomo o motle o bososelang.

“Mme Whatzit o batla le nko,” Amina a rialo. Empa, nkgono wa hae o ne a se a sa mamela

Amina a tsamaya ho ya batla ausi wa hae ya mahareng, Fozia.

“Ke eng eo?” ha botsa Fozia.

“Whatzit,” ha araba Amina. “Whatzit o hloka nko.”

“Ho lokile,” ha rialo Fozia, “empa re lokela ho etsa kapele, ke maphathaphathe

mona mme ho na le ho hongata hoo ke sa ntseng ke lokela ho ho etsa.” Fozia a thusa Amina ho rokela Whatzit nko, nko e batlang e shebile hodimo.

“Le mahlo,” ha bua Amina. Empa Fozia o ne a se a sa mamela. Yaba Amina o ya ho batlana le ausi wa hae e moholo, Shireen.

Tseleng, Ntate wa Amina a mmona.

“Ke eng eo?” Ntatae a mmotsa.

“Whatzit,” ha araba Amina. “Whatzit o hloka mahlo.”

“Ke na le ona,” Ntatae a rialo, “empa re lokela ho potlaka, ke na le tse ngata tseo ke lokelang ho di etsa.”

Amina le Ntatae ba rokella mahlo a Whatzit – mahlo a mabedi a benyang a dikonopo.

“Le mohatla,” ha rialo Amina.

“Tjhe, nkeke ka o thusa ka seo,” Ntatae a araba.

Yaba jwale Amina o ya ho batla ausi wa hae e moholo, Shireen.

“Jowee, basadi!” ha kgotsa Shireen, “o tswa e fumana kae jwale ntho eo?” Amina a mmolella. “Helang!” ha rialo Shireen. “Ke ne ke e etsa hore ke o fe yona ha o ne o hlaha, empa ya ntahlehela kaekae pele ke e qeta.”

Amina a neha Shireen Whatzit. “Ao, basadi!” ha rialo Shireen, “e ntlenyana jwang. Na e na le lebitso?”

“Whatzit,” ha araba Amina, “mme he, Whatzit o hloka mohatla.”

Yaba Amina le Shireen ba etsa mohatla wa Whatzit – mohatla o tsokehang! Yaba Amina le Shireen ba sheba Whatzit mme Whatzit a bososela a ba shebile!

“Ho ka ba jwang ka moriri o moholo o harehileng?” ha botsa Shireen, “le ditsebe tse motsu? Empa jwale o lokela ho tsamaya mona hobane ke na le dintho tse ngata tseo ke lokelang ho di etsa.”

whatzit-2 finAmina a nka Whatzit a kgutlela le yena ka kamoreng ya hae mme a mo sunya pakeng tsa Eli le Dassie ba shebane le Mmutla le Tweba. Yaba o etsa teye e foreshe.

Amina a nwa kopi e le nngwe, mme le Eli, Dassie, Mmutla le Tweba ba nwa, empa Whatzit o ne a nyorilwe haholo mme a nwa dikopi tse tharo. Ho feta moo, o ne a ile a ema nako e telele pele a fumana teye!