Vusi le Sinazo

Written stories

Vusi le Sinazo

Author

Helen Brain

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Vusi o ne a rata ntja ya hae, Domino. Domino e ne e le tshweu e ena le matheba a matsho a mararo mokokotlong. Kgaitsedinyana ya Vusi, Sinazo, o ne a rata katse ya hae, Fluffy. Fluffy e ne e le ntsho e ena le matheba a masweu a mararo mpeng.

“Ntja ya ka e betere ho feta katse ya hao,” ho rialo Vusi hoseng ho hong ka Sontaha ha bana bana ba eja dijo tsa hoseng. “Domino ha e nngwape. Domino ha e nwe lebese la ka. Ebile Domino ha e ke e tsamaya hodima dibuka tsa ka tsa sekolo ka maotwana a yona a diretse.”

“Domino o sele hampe,” ho rialo nkgono wa bona. “Ha a etse seo a se bolellwang. Ha o mmolella hore a dule, o a tlolatlola. Ha o re a tlole, o dula fatshe, mme ha wena o dula fatshe, o a o tlolela mme a o nyeke sefahlehong!”

“Katse ya ka e betere ho feta ntja ya hao,” ha rialo Sinazo. “Fluffy ha a nyeke sefahleho sa ka kapa ho utswa aesekerime ya ka. Fluffy ha a tlatse ditshila jareteng mme hohang ha a bohole.”

Vusi and Sinazo Pic1

“Qetang dijo tsa lona, bana,” Nkgono a rialo. “Ke tlameha ho ya nosetsa meroho ya ka. Poone ya ka e se e tla lokela ho jewa. E tlilo etsa diqo tse kgolo tse monate selemong sena.”

Nkgono o ne a se a tla qeta ho nosetsa tshimo ya meroho. “Tsamaya o ise Domino ka jareteng,” a hoeletsa Vusi. “Ha o qeta o iphotle, o borosole meno, o kame moriri mme o apare diaparo tsa hao tsa kereke.”

“Isa Fluffy ka jareteng,” a bolella Sinazo. “Ebe o a iphotla, o borosole meno o kame moriri mme o apare diaparo tsa hao tse ntle ka ho fetisisa.”

Vusi a isa ntja ya hae jareteng. “Dula mona,” a rialo ho Domino. “O be ntja e lokileng mme o dule mona o kgutsitse ha rona re ile kerekeng.” Vusi a mathela ka tlung, empa a lebala ho kwala lemati la kitjhene. Domino ya seleng a mo sala morao ho ya kena ka tlung. A kgukgunela ka tlasa bethe ya Vusi mme a ipata teng.

Sinazo a ntshetsa katse ya hae ka ntle jareteng. “Dula mona,” a rialo ho Fluffy, a e bea sefateng. “O itshware hantle ha re ntse re ile kerekeng.” A mathela ka tlung ho ya apara, empa a lebala ho kwala fensetere ya kamore. Fluffy ya seleng a kgutlela hona ka tlung. A tlolela hodima lekase la diaparo mme a ithoballa.

Sinazo le Vusi ba entse seo nkgono a ba bolelletseng sona. Ba ya phaposing ya ho hlapela. Ba iphotla. Ba borosola meno a bona. Ba kama meriri. Yaba ba ya kamoreng ya ho robala mme ba apara diaparo tsa bona tse ntle.

“Vusi,” Nkgono a mmitsa, “ako thuse Sinazo ho apara hle.” Sinazo o ne a eme ka ditsetsekwane a leka ho fihlella mose wa hae o motle ka ho fetisisa ka hara lekase la diaparo.

“Habu, habu, ho monate,” ha bohola Domino, e tlola ho tswa ka tlasa bethe. Ya tlolela hodimo pela lekase la diaparo, mme ya nyeka Sinazo ka leleme la yona le le lelele le lekgubedu.

“Tloha mona, Domino!” a kgaruma.

Fluffy o ne a halefisitswe ke ho tsoswa. A sheba tlase a le hodima lekase la diaparo mme a bona Domino a ntse a tlolela Sinazo. “Ssssss! O se ke wa etsa jwalo,” a ngaola. “Tloha ho yena, ho seng jwalo ke tla o ngwapa.”

Domino ya tlolela lekase la diaparo jwalo ka kangaroo e hlanyang. “Habu, habu, habu,” ya bohola katse. “Tloo re tlo bapala. Re natefetswe rona.”

Hona hoo Nkgono a tla a theosa phaseitjheng. O ne a se a loketse ho ya kerekeng. O ne a apere mose wa hae o motle ka ho fetisisa, dieta tse ntle le katiba eo a e ratang. “Ho etsahala eng ka mo?” a botsa jwalo a tiisitse lentswe, a bula lemati. “E se e tla ba nako ya ho tsamaya.”

Ka yona nako eo Fluffy a nahana ho tlola a theoha lekase la diaparo. O ile a fofa mme a fihla a wela – hodima hlooho ya Nkgono. Mme ka ona motsotso oo Domino a nahana ho leka ho tlolela ka hodima lekase la diaparo. A tlola jwaloka haeka o a fofa, empa bakeng sa ho ya fihla ka hodimo, a fella hodima Nkgono, mme a mo dihela fatshe. Ka lehlohonolo, Vusi a mo tshwara esale ka nako.

Nkgono a dula hodima setulo. O ne a halefile haholo. “Le bana ba seleng, ba seleng ruri,” a rialo. “Le keke la fumana tjhokolete kajeno ha kereke e etswa. Jwale, ntshetsang ntja eno le katse eno ka ntle ka kwana. Re lokela ho ya kerekeng hona jwale.”

Bana ba kwalla diphoofolo tseo ka ntle jareteng mme bohle ba ya kerekeng. Domino a ya robala letsatsing, empa Fluffy yena a palama ka hodima ntlo. Ha a le moo, o ne a kgona ho bona hole le hohle. O ile a bona bana le nkgono wa bona ba kena kerekeng. A utlwa ha ba bina ka kerekeng. Mme yaba o utlwa ho hong hape. E ne e le modumo o tlase, o ngwapang, jwaloka ka haeka ho na le motho ya lekang ho bula heke e lebang tshingwaneng ya nkgono ya meroho.

A sheba tlase a le qetellong ya marulelo. Tlase mane tshimong e ka pele ho ne ho ena le monna e mobe. O ne a eme seratswaneng sa meroho, a utswa poone ya Nkgono.

“Hooooowwwwatcha!” Fluffy a rora, a tlolela fatshe ho tswa hodimo mme a wela hantle hodima hlooho ya monna eo.

“Jowee, tloha mona!” ha hoeletsa leshodu leo, le leka ho hula Fluffy le mo tlosa hloohong ya lona.

Lerata la tsosa Domino. A tla a matha ho hlaha hukung a etswa kamora ntlo. “Habu! Habu! Habu! Tswa mona, tswa mona, tswa mona!” a bohola jwalo.

“Tjheee bo, ntlohele wena!” leshodu la hoeletsa. O ile a lahla seroto sa hae mme a tlolela ka nqane ho terata. Domino o ne a mo emetse moo. Ka potlako e makatsang, a tshwara borikgwe ba leshodu mme a bo hula. A bo hula a bo hula, a rora a bile a rora, a bo tsukutla, a bo tsukutla, mme leshodu le ne le tshohile haholo.

“Ntlohele, ntlohele!” a hoeletsa, a leka ho tlosa Domino borikgweng ba hae. Yaba ho utlwahala TLERRRRRRR, borikgwe ba leshodu ba taboha kaofela. A baleha ka lebelo le leholo, a nyolosa leralla, a feta kerekeng a leba habo kwana.

Ka ona motsotso oo, ke bomang ba neng ba etswa ka kerekeng, ha e se Vusi le Sinazo le Nkgono? Ba tsheha ba tsheha ha ba bona monna ya fetang a matha a sa tena borikgwe. Mme kamora hae, ba bona Domino, a matha ka lebelo mme a hulanya borikgwe ba monna eo ka meno a hae.

Vusi and Sinazo Pic2

“Bobedi ba lona le diphoofolo tse molemo ruri,” ho rialo Nkgono ha ba fihla hae. Meroho ya hae kaofela e ne e bolokehikle. “Le pholositse meroho ya ka leshodung lane.”

“Na seo se bolela hore re tla fumana tjhokolete jwale?” ho botsa Vusi.

“Ee,” ho araba Nkgono. A ya le bona lebenkeleng mme a rekela e mong le e mong tjhokolete e kgolo ya phephamente. Mme a reka lesapo le monate bakeng sa Domino le kotikoti ya tlhapi e monate bakeng sa Fluffy. Mme bohle ba ne ba thabile, ntle feela le leshodu lane. O ne a swabile hobane batho bohle ba ne ba mmone a sa tena borikgwe mme kahoo a balehela hole kwana toropong e nngwe, mme ha a ka a hlola a bonwa haesale.