Ntatu le Sefate sa Bommelak | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Ntatu le Sefate sa Bommelak

Written stories

Ntatu le Sefate sa Bommelak

Author

Leo Daly

Illustrator

Alzette Prins

Translator

Ditshwantsho ka Alzette Prins

Mehleng ya kgalekgale – pele ntataomoholo le ntataemoholo esitana le ntataemoholo – Motsheare le Bosiu ba ne ba se na dihlong. Ba ne ba tsamaya lefatsheng jwaloka nna le wena.

Hoseng ho hong le ho hong, Motsheare o ne a tlwaetse ho tsoha borokong. O ne a iphotla sefahleho letangwaneng le ka tlasa Sefate sa Bommelak. Mme ebe o tla tsamaya lefatsheng mme hohle moo a yang teng o ne a tlisa kganya le mofuthu.

Diphoofolo di ne di rata ho ema di mo shebe. Di ne di sebaseba mahareng a tsona, “Motsheare ke yane. Bona kamoo a bohehang ka teng.”

Mantsiboeng a mang le a mang, Bosiu o ne a tsoha. O ne a rata ho hlatswa moriri wa hae letangwaneng le ka tlasa Sefate sa Bommelak. Ha a qeta o ne a tsamaya a pota lefatshe mme hohle moo a yang, o ne a tlisa ho phola le phomolo.

Diphoofolo di ne di ema le ho mo sheba. Di ne di rata ho sebaseba mahareng a tsona, “Bosiu ke yane. Sheba feela kamoo a leng motle ka teng.”

Ntatu_ 1

Diphoofolo tsohle di ne di rata Motsheare le Bosiu. Ke phoofolo e le nngwe feela e neng e sa ba rate mme lebitso la yona e ne e le Ntatu. O ne a rata ho otlanya mapheo a hae ha a utlwa ba bang ba sebelana, “Bona kamoo ba leng batle ka teng.”

Ho ena le ho dumellana le bona, Ntatu o ne a re, “Le reng ka nna? Bonang kamoo ke leng motle ka teng. Ha ho ntho e ntle jwaloka nna.”

Empa diphoofolo tse ding di ne di itshehela feela.

“Ntatu,” di ne di rialo, “a ko thole – sephoqo towe sa nonyana. Ha o bohehe jwaloka Motsheare ebile ha o motle jwaloka Bosiu.”

Sena se ne se halefisa Ntatu haholo. “Ke na le molala o motle ho feta wa hao, Thuhlo,” o ne a rialo. “Mme ke na le nko e ntle ho feta ya hao, Tlou. Mme mahlo a ka a matle ho feta a hao, Motintinyane.”

Sena se ne se halefisa motintinyane o monyane hobane o ne a sa rate ha batho ba bua ka mahlo a hae, empa Thuhlo le Tlou bona ba tsheha Ntatu feela. “O bua ditsiebadimo, Ntatu.”

Yaba Ntatu o re, “Sefahleho sa ka se setle ho feta sa Motsheare mme masiba a ka a matle ho feta moriri wa Bosiu.” Yaba o fofela hole.

Ha diphoofolo di kopana le Ntatu kamoso, o ne a kamme masiba a hae mme a pentile sefahleho sa hae. “Le a bona,” a rialo, “na sefahleho sa ka ha se setle ho feta sa Motsheare? Na masiba a ka ha a matle ho feta moriri wa Bosiu?”

Empa diphoofolo tsohle tsa mo tsheha. Motintinyane o monyane wa re, “Ntatu, ha ho letho leo o ka le etsang le ka etsang hore sefahleho sa hao se be setle ho feta sa Motsheare kapa masiba a hao a be matle ho feta moriri wa Bosiu.”

Ntatu o ne a halefile haholo.

Mantsiboyeng ao, Ntatu a ipata kamora dihlahla mme a ema. Ha Bosiu a tsoha, Ntatu a mo sala morao. A mo shebella ha a hlatswa moriri wa hae ka letangwaneng le tlasa Sefate sa Bommelak.

Ntatu a ema bosiu kaofela ho fihlela e eba hoseng. A shebella Motsheare a iphotla sefahleho letangwaneng le ka tlasa Sefate sa Bommelak. “Jwale ke se ke tseba sephiri sa bona!” ha nahana Ntatu. “Ha nka hlatswa sefahleho sa ka letangwaneng le ka tlasa Sefate sa Bommelak, se tla boheha jwalo ka sa Motsheare. Hape ha nka hlatswa masiba a ka ka hara letangwana le ka tlasa Sefate sa Bommelak, a tla ba matle jwaloka moriri wa Bosiu.”

Empa yare pele Ntatu a tlolela ka hara letangwana, ha hlaha modumo o tshosang o ileng wa mo nyarosa haholo mme a tlohela ho tlolela ka letangwaneng.

Sefate sa Bommelak se ile sa hlohlora makala a sona. “Ntatu,” sa rialo, “ ha ho na motho ntle le Motsheare le Bosiu ya lokelang ho tla itlhatswetsa ka hara letangwana lena. Ha o ka etsa jwalo, ke tla o fa thohako. Jwale, tsamaya, mme o thabele seo o leng sona!”

Ntatu a thothomela ke ho tshoha, empa a re, “Jwale ebe wena o mang o batlang ho mpolella seo ke lokelang ho se etsa, Sefate? Ke tla boheha jwaloka Motsheare mme ke be motle jwaloka Bosiu. Ha ho letho leo o ka le etsang le ka nthibelang.”

Mme ha a tjho jwalo, Ntatu a otlanya mapheo a hae mme a itahlela ka letangwaneng le tlasa Sefate sa Bommelak.

Empa ha a ka a wela ka metsing a phodileng a letangwana. O ile a otlana mokoting wa lerole. Ntatu o ne a thabile hoo a sa kang a elellwa sena. A otlanya mapheo a hae leroleng mme a pikitla sefahleho sa hae ka lona – mme a ikutlwa a le motle haholo ebile a boheha haholo.

“Ke moo he, Ntatu,” ha rialo Sefate sa Bommelak, “ho tloha jwale, o ke ke wa hlola o iphotla sefahleho sa hao metsing le kgale. O rohakilwe ka ho sa feleng hore o itlhatswe ka lerole. Jwale, tsamaya mme o thabele seo o leng sona!”

Ntatu_2Hanghang masiba a mebala a Ntatu a fetoha. Sefahleho sa hae sa eba seputswa sa eba ditshila. Mapheo a hae a honyela mme maoto a hae a eba makgutshwane.

Mme e ne e re kamehla ha diphoofolo di bona Motsheare le Bosiu ba feta, Ntatu yena o ne a sheba fatshe mme a sa re letho.

Empa motintinyane o monyane o ne o hweshetsa, “Bona kamoo Motsheare a leng motle ka teng. Bona kamoo Bosiu a leng motle ka teng. Mme sheba kamoo leeba, Ntatu, aleng moputswa ka teng!”