Nkemele hore ke none pele! | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Nkemele hore ke none pele!

Written stories

Nkemele hore ke none pele!

Author

E phetwa hape ke Wendy Hartmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Simphiwe Mangole

Mehleng ya kgalekgale, ho ne ho ena le podi e neng e dula Transkei. Selemo le selemo podi ena e ne e leba leralleng dikgweding tsa pele tsa lehlabula. O ne a eya moo hobane ho ne ho ena le dijo tse ngata ho feta mme o ne a kgona ho ja tse ngata ho ya kamoo a batlang.

Ka lehlabula le leng a nyolohela maralleng. O ne a tsamaya tseleng mme hanghang, hona moo ka pela hae, ho ne ho eme nkwe e kgolo.

“Dumela, Mof Podi,” ha rialo nkwe. “O ya hokae?”

“Hela, Mong Nkwe,” ha araba podi, e thothomela mmele kaofela ke tshabo, “ke mpa feela ke nyolohela leralleng lane ho ya ja dijo tse monate teng.”

“Tjhe kwana,” ha rialo nkwe. “Ke mohau ka wena, empa le nna ke lapile. Kahoo, ke maswabi hobane ha ho moo o yang! Ke lokela ho o ja hona jwale, hona mona!”

“Jowe, Mong Nkwe ,” ha rialo podi. “O se etse jwalo hle. Tjhe, tjhe, tjhe! O se ke wa ntja hona jwale. Nkemele hore ke none pele. Ema ho fihlela lehlabula le feta. Ke tla be ke nonne ha monatjana nakong eo mme o tla be o ena le nama e ngata ho feta eo o ka e jang.

“Mmmm,” ha rialo nkwe. “Ke monahano o motle oo. Ho lokile, nkeke ka o ja hona jwale, ha feela o ka ntshepisa hore ha o kgutlela morao, o tla kopana le nna mona, hona mona moo re emeng teng.”

Yaba podi e tshohileng e a mo tshepisa mme ya tswela pele ka leeto. Ha e fihla leralleng, ya lebala tsohle ka nkwe. Nakong yohle ya lehlabula e ne e itjella dijalo tse tala ha monate ka hodima maralla. Ha lehlabula le fihla pheletsong, e ne e nonne ha monatjana. E se kgale ha fihla nako ya hore e kgutlele morao lapeng labo yona.

Eitse ha e qala ho nka leeto le yang hae, ya hopola seo e se tshepisitseng nkwe. Mohato o mong le o mong oo e neng e o nka, o ne o ntse o eketsa ho tshoha ha yona. E se kgale ke ha e atametse sebaka sane moo e neng e itse e tla kopana le nkwe teng.

“Ke tla etsa jwang?” a rialo a buela hodimo.

Hona hoo mmutla wa tlolatlola o feta mme wa ema ho mo dumedisa.

“Dumela, Mof Podi,” wa rialo. “O shebahala o phetse hantle haholo o nonne. Empa ke hobaneng ha o shebeha o hloname letsatsing le letle hakana?”

“Jowe, Kgaitsedi Mmutla,” ha rialo podi, “taba tsa ka di bohloko haholo. Ha ke ne ke etla hodimo mona qalong ya lehlabula lena, ke ile ka kopana le nkwe e kgolo haholo. O ile a re o batla ho ntja.

Ke ile ka mo kopa hore a se etse jwalo mme ka re a nkemele hore ke none pele. Ke ile ka mmolella hore a emele lehlabula le fete ha ke se ke jele dijo tsohle tse monate tsa ka hodima leralla.”

“O ile a reng?” ha botsa mmutla.

“O ile a dumela ho nkemela,” ha rialo podi, “mme a re ke kopane le yena sebakeng sona sane mohlang ke kgutlang. Jwale ke se ke atametse sebaka seo mme ke a tseba hore ha a mpona, o tlo ntja!” Mme podi ya qala ho bokolla.

“Ao banna! Ke hampe hakaakang!” ha rialo mmutla. “Ke taba tse bohloko ruri. Empa o se utlwe bohloko. Ke na le leqheka. Tlohella taba eo ho nna. Ema mona.”

Mmutla a mathela hae kapele. A apara diaparo tse ntle haholo. A rwala katiba e kgolo e nang le lesiba ho yona le lesale le lelelele le leketlang. Yaba o nka leqephe le leholo, pene le sale e nyane, mme a matha ho kgutlela ho podi.

Ha a fihla ho podi, a tlamella sale e nyane hodima podi mme a e palama jwaloka haeka o palame pere. Qetellong ba fihla sebakeng sane moo podi a neng a tlo kopana le nkwe teng. Mme he, nkwe o ne a le moo, bohareng ba tsela, a eme.

“O mang wena?” ha hoeletsa mmutla. “O etsa eng moo?”

“Ke Mong Nkwe mme ke emetse ho tla ja Mof Podi,” ha rialo nkwe e tenehile. “Re ne re dumellane. Mme he, a ko mpolelle hore wena o mang?”

“Ke nna Mong Mmutla. Ke romilwe ka thomo e kgethehileng ke Morena e Moholo Singewe wa borena bo boholo ka ho fetisisa ba Afrika. O nkopile hore ke mmokelletse matlalo a leshome a dinkwe jwaloka mpho bakeng sa mosadi wa hae e motjha. Ke lehlohonolo hobane ke mona ke kopane le wena. Letlalo la hao le tla lokela mosadi wa morena hantle.”

Mmutla a emisa ho bua mme a ntsha pene ya hae le pampiri a ngola, Le le leng le leholohadi … Yaba o a emisa mme o sheba nkwe.

Nkwe o ne a tshohile haholo ka lebaka la seo a se utlwileng hoo a ileng a kgutla hona tseleng moo mme a matha ka lebelohadi.

Podi o ne a thabile haholo mme a leboha mmutla ka ho pholosa bophelo ba hae. Yaba podi le mmutla ba a arohana. Mmutla a kgutlela lapeng la hae mme le podi a kgutlela ho la hae. O ne a thabile haholo, mme a bile a nonne le ho feta pele.