Mme o kopakopanya dintho | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Mme o kopakopanya dintho

Written stories

Mme o kopakopanya dintho

Author

Nicky Webb

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Mme a fihla a lahlela mekotlana fatshe ha a tswa mabenkeleng mme a itahlela setulong sa kitjhene. “Kgele, ka tla ka kgathala,” a rialo a itlhakola mofufutso phatleng. “Mme ke sa ntse ke ena le mosebetsi o mongata wa ho baka dikuku bakeng sa teye ya letsatsi la tswalo la Moruti Dumisani kerekeng motsheareng ona wa mantsiboya.”

“Na o tlo etsa dipanekuku, Mme?” ha botsa Unathi a nyakaletse. “Nka nna ka o thusa.”

“Tjhe,” Mme a araba. “Ena ke teye e ikgethang ya letsatsi la tswalo la Moruti Dumisani. Baruti bohle ba kereke ya rona ba tla be ba le teng, esitana le motswalle wa hlooho ya kgomo wa Moruti Dumisani, e leng Moruti Buso. Ke utlwile ho thwe Moruti Buso o rata diskonse tsa kase, kahoo ke rekile motswako wa diskonse ho tla di etsa. Moruti Dumisani yena o rata dibisikiti tsa tswekere, mme ke rekile motswako wa tsona.”

Unathi a shebahala a utlwile bohloko, “Ke nahana hore o tshwanetse o etse dipanekuku, Mme. Mme haeba o ka di etsa, nka o thusa.”

“Tjhe, ke a leboha, Unathi,” ha rialo Mme. “Ke batla hore bohle ba bone kamoo ke tsebang ho baka ka teng. Ke tlilo baka diskonse le dibisikiti, mme ke tatile. Ke lokela ho di etsa ka bonna.” Mme a qalella ho pakolla dipakana tsa motswako wa diskonse le motswako wa dibisikiti mme a ntsha botoro le dikotlolo.

Unathi a shebella Mme ha a ntsha e nngwe ya dipakana mme a e tshela ka hara sejana. A lahlela dikotolana tsa botoro ka hara motswako oo mme a pikitla ka menwana ya hae. “Na tseo ke diskonse kapa dibisikiti, Mme?” ha botsa Unathi.

“Ke diskonse,” ha rialo Mme a tshela kase ka hara motswako oo mme a di fuduwella mmoho.

Unathi a sheba pakana e sa tshelang e hodima tafole. E ne e ena le setshwantsho sa dibisikiti tse shebehang di le monate ka lehlakoreng la yona le ka pele.
MamaGetsMuddled_1.lo res

“Mme, na o na le bonnete ba hore o tshetse pakana e nepahetseng?” ha botsa Unathi.

Mme a mo sheba a ntse a tshela lebese ka hara kopi e methang. “Unathi, o tla ntshwarela,” a rialo a tenehile, “empa ke o bolelletse hore ke tatile. Ako tsamaye o ilo bapalla kwana.”

“Empa …” Unathi a leka ho bua.

“Tsamaya hle,” Mme a rialo a tiile.

Unathi a ikutlwa eka a ka lla. O ne a mpa a leka ho thusa feela. E ne eka Mme o ne a hlile a se na mosa ha a leka ho kgahlisa batho ba bang.

Unathi a ya dula sefateng se seholo jareteng mane. A shebella mme ka fensetere ha a ntse a sebetsa.

Ha Mme a qetile ho sidila le ho seha hlama, a hlakola matsoho a hae ka lesela mme a sheba ka ntle ho fensetere. A bona Unathi a dutse sefateng mme a mo hwehla ka letsoho hore a theohe. Unathi o ne a thabile. Mohlomong mme o ne a se a sa mo halefela mme o ne a tlo mo dumella hore a nyeke dijana tsa hlama.

Mme a bososela ha Unathi a kena ka kitjhineng. “Ke qetile ho baka jwale. Ke maswabi ha ke ile ka o omanya, empa ke ne ke ena le mosebetsi o mongata. Ke o boloketse karolwana e nyane ya hlama ya dibisikiti hore o tlo e latswa,” Mme a rialo.

Unathi a bososela le yena mme a lahlela sekotwana sa hlama ya bisikiti ka hanong. A tutubala ha a ntse a emetse hore monate wa tswekere o kenelle lelemeng.

“Jowee, e mpe!” Unathi a hoeletsa, a tshwela bolonyana ya hlama letsohong la hae. “Dibisikiti tsena tse ntle di latswela hampe. Hohang ha ke di rate.”

Mme a ema le ho makala, “O bolelang, Unathi? Tlohela ho ba tala mona.”

“Ntshwarele, Mme, empa o lokela ho e latswa,” ha rialo Unathi. “Hohang ha e monate.”

Mme a tsipa leqhetsonyana la hlama mme a le lahlela ka hanong. Nko ya hae ya swenya ke ho nyonya. “E mpe,” a rialo. “Empa ho ka be ho etsahetseng?” Hanghang a kwahela mahlo a hae ka matsoho. “Jonna wee!” a tletleba. “Ke fapantse motswako wa diskonse le wa dibisikiti! Ke entse disekonse tse tswekere le dibisikiti tsa kase!”

Mme a dula tafoleng mme a itshwara hloohong. “Jwale ebe ke tla etsang? Ha ke sa na motswako wa diskonse kapa wa dibisikiti, mme ha ho na le nako e lekaneng. Ke tlilo etsang jwale bakeng sa teye ya letsatsi la tswalo la Moruti Dumisani?”

Unathi a nahana leqheka le bohlale. “Ho na le nako e lekaneng hore re ka baka dipanekuku, Mme! Re hloka feela folouru, mahe, oli le lebese. Re dula re ena le tsona hae mona. MME he nka o thusa!”MamaGetsMuddled_2.lo res

Mme a haka Unathi. “O nepile. Nka be ntse ke o mametse ho tloha pele. Dipanekuku di tla loka.”

Mme le Unathi ba qalella ho sebetsa hona hoo. Ba etsa dipanekuku tse ngata. Unathi a ja tse hlano kaofela ha a ntse a thusa!

Teye ya letsatsi la tswalo mantsiboyeng ao e bile katleho e kgolo mme ho bonahala eka baruti bao ka bobedi ba bona ba ile ba rata dipanekuku!