Mini Mosha o fumana motswalle
Home | Written stories | Multilingual stories | Mini Mosha o fumana motswalle

Written stories

Mini Mosha o fumana motswalle

Author

Joanne Bloch

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

D. H. Mohale

“Mini, ke nako ya ho ya sela!” ho rialo Mme Mosha hoseng ho hong. “Kajeno ke o roma sebakeng se seng se setjha!”

Ditsebe tse motsu tsa Mini Mosha tsa qahama. “Hokae?” a botsa. O ne a rata ho ya batlana le dijo dibakeng tse ntjha tse kgahlang.

“Bekeng e fetileng sefate se ile sa fefolwa ke sefefo sa wa.” Ho rialo Mama Mosha. “Kutu ya sona e entse borogo hodima letamo tlase mane . Theohela tlase mola, tshela borogo boo ba sefate mme o bone hore na ebe o ke ke wa fumana ho hong ho monate hoo re ka ho jang ka nqane ho letamo”.

Meerkat1Yaba Mini Mosha o a tsamaya. “Ke monyane, empa ke tseba ho fumana dijo!” a ipinela jwalo a ntse a tlolatlola ho ya tlase phuleng. Kamora nakwana, a bona Sephoko se dutse se otsela hodima lekala la sefate. “Dumela, Sephoko,” Ho rialo Mini Mosha ka boikokobetso.

“Dumela,” ho rialo Sephoko ka lentswe le tlase. “O ya kae o tsamaya o le mong tje?”

“Ke ilo tshelela ka nqane ho letamo lane le lefifi ho ya batla dijo,” Ho rialo Mini Mosha a le motlotlo.

“Tjhe, o ilhokomele.”  Ho rialo Sephoko. Ha o na manala a bohale jwaloka nna!”

Mini Mosha a feta dihlahla le difate tse mmalwa. Yaba o bona Phokojwe a dutse ka tlasa moriti wa sehlahla se seholo. “He banna, ke Mini Mosha,” ho rialo Phokojwe ka lentswe le tletseng setswalle. “O habile kae na?”

“Ke ilo sela dijo ka nqane ho letamo,” Ho araba Mini Mosha.

“Hmm, o itlhokomele” ho rialo Phokojwe. “Ha o na meno a bohale jwalo ka nna!”

Ka nako eo, Mini Mosha o ne a se a bona metsi a letamo a phatsima hojana. Yaba o potlakela teng. Kamora nakwana a kopana le Mmutla. O ne o ntse o tlolatlola hara jwang bo bolele letsatsing. “Dumela Mini,” a rialo a ntse a hlafuna lehlaku le lelelele la jwang. “O tatetse hokae hakaale?”

“Ke ilo tshela letamo mme ke selasele dijo ka mose wane. “ho hlalosa Mini Mosha.

“Ooooh,” ho rialo Mmutla ya botswa. “O na le sebete! Na ha o E  tshabe?”

“Ha ke tshabe  ENG?” Ho botsa Mini Mosha ka lentswe le lesesane.

“O a tseba,” ho araba Mmutla,  “NTHO yane e dulang ka hara letamo!”

“Ha ke e tshabe!” ho rialo Mini Mosha, yaba o tswela pele hape. Empa yare ha a atamela letamong, a qala ho lakatsa eka a ka be a sa kopana le Mmutla. O ne a bua ka ENG, mme NTHO ee e ne e tla mo etsang?

Qetellong a fihla borogong ba sefate. “Ha ke no sheba fatshe,” a rialo a bua a le mong. Ka hloko, a tlolela hodima kutu ya sefate mme a qala ho tsamaya hodima yona. Empa eitse ha a fihla bohareng, ha a ka a kgona ho ithiba ho nyarela ka metsing a lefifi… mme E NE E le moo! Sefahleho se neng se mo tonetse mahlo! Mini Mosha o ne a sa batle ho bontsha hore o tshohile hakaakang. Yaba o busa difahleho a iketsa mobe… empa se makatsang, NTHO  ena e ile ya busa difahleho le yona ya mpefala!

Pelo ya hae e ne e otlaotla, Mini Mosha a fetoha mme a nka ka sekaja ho kgutlela lapeng labo. A matha a feta Mmutla, ya neng a ile le sephumo sa boroko, empa a ema ha a bona Phokojwe. “Thusang!” a rialo a hemela hodimo, “ho na le NTHO  ka letamong! Ke tla etsa jwang?”

“O se ke wa tshwenyeha,” ho rialo Phokojwe, “nka lejwe le leholo mme o le bontshe NTHO eo! Le tla e tshosa mme e tla baleha!”

Yaba Mini Mosha o thonaka lejwe le leholo mme a kgutlela letamong. Empa eitse ha a fihla bohareng ba borogo ba sefate, mme a sheba fatshe ho NTHO yane, le yona e ne e tshwere lejwe!

O ile a lahla lejwe mme a kgutlela morao ka borogo boo ba sefate, a feta Mmutla le Phokojwe, ho fihlela a fihla qetellong ya sefate seo Sephoko a neng a ntse a otsela ho sona. “Sephoko, Sephoko!” a hoeletsa ka lentswe le lesesane, le tshohileng. “Nthuse hle! Ho na le NTHO ka letamong ka mane! Ke tla etsa jwang?”

“Hmmmm,” ho rialo Sephooko se nahana. “Nka molamu o tsamaye le wona o o bontshe NTHO eo! Ke wona o tla o thusa!” a rialo.

Yaba Mini Mosha o iphumanela molamu o motenya, o mo lelele, mme yare ha a ikutlwa a kokobetse matshwafo, a kgutlela borogong ba sefate hape. Empa eitse ha a phahamisa tsoka molamu mme a sheba tlase ka metsing, a bona NTHO ela le yona e phahamisitse molamu o motenya!

Meerkat2loA tshohile, Mini Mosha a lahlela molamu oo kametsing a matha lebelo a feta Mmutla, a feta Phokojwe a ba a feta le Sephoko, a nyolosa thota a le mong a leba lapeng labo. A fihla a kgathetse haholo a itahlela fatshe pela Mme Mosha mme a mmolella se etsahetseng.

“Ao Mininyana wa ka…,” ho bua Mme Mosha ka lentswe le bonolo. “O se ke wa tshwenyeha! Ke tseba hantle seo o lokelang ho se etsa. Ha o se o phomotse, o kgutlele tlase letamong. O se ke wa nka melamu kapa majwe afe kapa afe hape. Ha o fihla bohareng ba borogo ba sefate, o shebe tlase ka metsing hape, empa nakong ena ha o bona NTHO eo, o e shebe ebe o tsheha le yona!”

“Ke bososele?” ho botsa Mini Mosha a maketse. O ne a hlile a sa kgolwe seo mme wa hae a se bolelang.

“E, o bososele,” ha rialo Mme Mosha. “Ke a o tshepisa, seo se tla sebetsa.”

Ehlile, Mme Mosha o ne a nepile. Ha Mini a fihla bohareng ba borogo ba sefate, a sheba fatshe mme a bososela. A makala ha NTHO yane le yona e bososela e mo shebile ka tsela e tletseng setswalle haholo! Mini Mosha a phahamisa leoto a dumedisa NTHO ena mme le yona ya dumedisa e phahamisa leoto. Mini o ne a natefetswe! O ile a tlolatlola ho ya ka nqane ho borogo, mme kamora dihora tse mmalwa tsa monyaka, a kgutlela lapeng a nkile qubu ya metso e monate a e kentse ka tlasa sephaka ka seng.

Phirimaneng eo, ha Mosha a dula fatshe ho ja dijo tsa bona tse monate, Mini Mosha a qoqela Mme se etsahetseng. “Eitse ha ke bososella NTHO yane, le yona ya bososela e ntjhebile!” a rialo.

“Ke a tseba”, ho rialo Mme.

“Mme ha ke E dumedisa ka letsoho, le yona ya ntumedisa jwalo feela!” Mini Mosha a jwetsa mmae.

“Ke a tseba,” Mme Mosha a rialo hape.

“Ke nahana hore e batla ho ba motswalle wa ka,” ho bolela Mini

“Ke a tseba,” Ho araba Mme.

Mini Mosha a nahana ho se hokae. “Empa Mme,” a botsa “NTHO eo ke eng?” Yaba Mme Mosha o a mmolella. O nahana hore Mme Mosha o ile a reng ho yena?