Leshodu la menko | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Leshodu la menko

Written stories

Leshodu la menko

Author

Joanne Bloch

Illustrator

Mieke van der Merwe

Translator

D. H. Mohale

Ntate Shabangu e ne e le sedubi sa dibakwang se ipabolang toropong ya habo. Hoseng ho hong le ho hong o ne a di raha ka hora ya bone ho duba hlama ya dibanse, dikukusi le dibisekiti tse neng di tumme haholo. Ha ho otla hora ya borobedi batho ba toropo eo ba ne ba se ba feta beikhareng ya hae ha ba ya mosebetsing le sekolong. Ka nako ena dikukusi le dibanse di ne di se di tla butswa, mme ho ne ho tswa monko o monate haholo ka difensetere tsa beikhare. Batho ba bangata ba ne ba kena beikhareng eo ho ya reka thahameso (dijo tsa hoseng) ya bona. Ntate Shabangu o ne a bobotheha ha a ba sheba a ntse a ba neeletsa dibanse tsa sinamone tse foreshe tse hlabosang, le dibisekiti tse futhumetseng tse mmala wa gauta tse neng di tumme haholo torotswaneng eo.

Empa batho ba bang ba ne ba se lehlohonolo hakaalo. Hobane ba ne ba na le tjhelete e nyane, batho ba futsanehileng ba torotswaneng eo ba ne ba sa kgone ho reka dife kapa dife tsa dibanse, dikukusi le dibisekiti tse latswehang. Seo ba neng ba ka se etsa feela e ne e le ho natefelwa ke menko e monate e neng e tswa ka difensetere tsa beikhare. Ha Ntate Shabangu a bona batho bana ba ntse ba fofonela moya o haufi le beikhare ya hae, o ile a halefa haholo. “Ba ka reng ho fofonela menko ya ka e monate!” a bua a le mong a halefile. “Eo ke menko YA KA. Ke nna ke e entseng, kahoo ke ya ka! Haeba batho ba batla ho fofonela menko ya ka e monate, ba lokela ho e lefella!” O ne a hemesela a bile a hlakola mofufutso phatleng ya hae, pele a kgutlela setofong sa hae ho ya baka bohobe le dirolo tse ding bakeng sa bareki ba nako ya dijo tsa motsheare.

Mosadimoholo e mong o ne a hlile a rata menko e neng e etswa fensetereng ya beikhare hoseng ho hong le ho hong. Enwa e ne e le MaShange ya neng a robala setulong sa banka se pakeng bosiu bo bong le bo bong. Dibeke tse mmalwa pele ho moo, motho ya mosa o ne a ile a mo fa tjhelete ya ho ithekela banse ya sinamone. O ne a ile a nka banse eo a ya le yona pakeng mme a e ja butle, a ntse a itatswa dipounama, mme a arolelana mafoforetsane a ho qetela le dinonyana. Kamora moo, le ha mosadimoholo enwa a ne a se na tjhelete e lekaneng ho reka thahameso, o ne a hopola banse ela e monate. Kahoo hoseng ho hong le ho hong o ne a tsamaya butle ho ya feta beikhareng ya Ntate Shabangu, a ntse a fofonela moyeng mme a bososela ha monatjana ka lebaka la monko o dutlisang mathe.

Tlwaelo ena e ntjha ya MaShange e ne e halefisa sedubi seo sa dibakwang haholo. Ha matsatsi a ntse a feta, o ne a ntse a eketsa ho mo kgenela. Qetellong, hoseng ho hong ho ne ho foka moya mme o ne a hlile a sa thaba, a tswa a potlakile ka beikhareng ya hae mme a phamola mosadimoholo eo ka sephaka. “Hobaneng o utswa menko ya ka?” a omana jwalo. “Ha o letho wena, o leshodu feela la menko!” A hlakola matsoho a hae forasekotong ya hae, yaba o a e hlobola mme a e lahlela ka hara beikhare. “Sala o hlokometse beikhare!” a hoeletsa mothusi wa hae. “Kajeno ke tsatsi la ho qetela mosadimoholo enwa ya manganga a utswa menko ya ka!” Yaba ka mantswe ana, o hula MaShange o mo isa kgotla ho ya bona Moahlodi Ngwenya.

Moahlodi o ne a dutse deskeng ya hae e kgolo e benyang ha sedubi sa dibakwang se kena se tatile,sea hula MaShange ya neng a thothomela a shebahalang a ferekane. “Dumelang,” ho rialo moahlodi ka lentswe la hae le tebileng, empa Ntate Shabangu o ne a kgenne hoo a sa kang a mo dumedisa.

“Mohlomphehi,” ho rialo Ntate Shabangu ka mabefi, “ke batla toka! Ke rata ho qosa mosadi enwa. Tsatsi le leng le le leng dibekeng tse tharo tse fetileng, o dula a ntse a feta beikhareng ya ka hoseng ha menko ya ka e monate e nkga haholo, ebe o a e utswa. Ke leshodu. Ke batla hore a lefiswe bakeng sa menko eo!”

Moahlodi a ngwaya hlooho ya hae e kgolo e lefatla metsotswana e se mekae. Yaba o thetha sehohlola. “Ho a utlwahala,” a rialo ho sedubi sa dibakwang. “Toka e tla etsuwa.” Yaba o sheba MaShange. “O na le bokae ho wena moo, Mme?” a botsa jwalo.

“Diranta tse pedi feela, Mohlomphehi,” MaShange a araba ka bohwelea.

“Ho lokile,” ho rialo moahlodi, “Ke kopa o e tlise kwano.” Yaba MaShange o kenya letsoho ka pokothong ya jeresi ya hae e marantha ka boikokobetso, a ntsha diranta tse pedi tsa tshepe. A di nea moahlodi. A di nka mme a mo leboha ka boikokobetso. Yaba o tsukutla dikhoine tseo ka hara letsoho la hae le leholo, hore di etse modumo ha di otlana. “Kahlolo ya ka ke ena,” a rialo ho sedubi sa dibakwang. “Kotlo e lokela ho lekana le molato. Kahoo modumo ona wa tjhelete ya MaShange ke tefo eo o tla e fumana bakeng sa menko eo a e utswitseng. Jwale le be le letsatsi le monate.”

Sedubi sa dibakwang sa shebahala se tebisitse monahano. Jwale, ha se elellwa hore se entse bowatla, sa reteleha butle mme sa tswa sa tsamaya. Moahlodi a bososela ka mosa a shebile MaShange, mme a mo nea tjhelete ya hae. “Jwale, Mofumahadi,” a rialo a ntsha mokotlana wa pampiri e sootho potlolomenteng ya hae, “na o ka lakatsa ho ja thahameso le nna? Dibanse tsena di ntse di futhumetse – ke di rekile nakong ya hora le halofo tse fetileng.”