Home | Story Library | Multilingual stories | Koketso o lahlehelwa ke dikgoho

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Koketso o lahlehelwa ke dikgoho

Author

Patricia de Villiers

Illustrator

Vian Oelofsen

Translator

Hilda Mohale

Hoseng ho hong le ho hong Koketso o thusa nkgono wa hae ho fepa dikgoho ka serobeng sa dikgoho ka mora ntlo yabo.

 

“Kip, kip, kip,” ho hoeletsa Nkgono mme dikgoho di tle di matha haufi le terata. “Kip, kip, kip,” di tjho jwalo. “Koo, koo, koo!” Mme ha Nkgono le Koketso ba inamela ka hokong ho hasa dithootse, dikgoho di a sututsana di phokane di potolohe hohle, mme di leke ho tlolana hodimo hore di fumane dijo pele.

 

Koketso kamehla o bala dikgoho. “Dikgoho tse; nngwe, pedi, tharo, nne,” o rialo, “tse ding hape tse; nngwe, pedi, tharo, nne. Di felletse, Nkgono!”

Ka tsatsi le leng hoseng ha Koketso a tsoha a bona nkgono wa hae a apere jase ya hae e ntle le katiba e ntle.

 

“Ke lokela ho ya thusa Mof Solomon mane tleliniking kajeno hoseng,” ha hlalosa Nkgono, kahoo ha ke na nako ya ho fepa dikgoho. Na o ka di fepa o le mong, Koketso? O a tseba seo o lokelang ho se etsa.”

 

Nkgono a nka mokotlana wa hae mme a bula lemati la ka pele. Mme a hetla a re ho Koketso, “Jwale, o se ke wa lebala ho fa dikgoho metsi, mme, leha o ka etsa eng kapa eng, O SE KE WA di bulela tsa tswa ka hokong!”

 

“Hao, Nkgono,” ha rialo Koketso, “ke a TSEBA!”

 

“Ke tshepa jwalo he,” ha rialo Nkgono. “O hlokomele jwale! Ke tla o bona ha morao. Sala hantle, Koketso.”

Eitse hang ha nkgono a tsamaya, Koketso a dula fatshe a ja dijo tsa hoseng. “Ke lapile haholo,” a rialo a bua a le mong. “Dikgoho tsane di tla tlameha ho ema!”

 

Koketso a ja sejana se seholo sa motoho mme a nwa galase ya lebese. Yaba o dula ka ntle setupung mme a ja apole.

 

“Dumela!” a rialo ho Malome Koos ya tsofetseng ha a tlo feta moo ka teroli ya ho reka mabenkeleng a tsamaya le ntjanyana ya hae.

 

“Dumela, Mme!” a rialo a dumedisa Mof Zihlangu a phahamisitse letsoho ka nqane ho tsela.

 

“Tloo o tlo bapala le nna, Pinky,” a bitsa motswala wa hae, ya neng a etswa ka lebenkeleng le hukung, a tshwere lofo ya bohobe.

 

“Ke maswabi, nke ke ka kgona. Ke na le mesebetsi ya lelapa,” a hoeletsa le yena. “Na wena ha o na yona?”

 

Koketso hanghang a hopola hore ha a so fepe dikgoho. “Jowee,” a rialo, “dikgoho tsa batho di lapile!”

Ehlile, dikgoho di ne di kakatletsa di lla ka serobeng sa tsona. Koketso a bula heke e tlase ka hloko. “Kip, kip, kip,” a rialo. “Ntshwareleng, dikgoho, dijo tsa lona ke tsena.” Yaba o hasa dithootse fatshe.

 

“Dikgoho tse; nngwe, pedi, tharo, nne,” a bala, “le dikgoho tse ding tse, nngwe, pedi, tharo, nne.”

 

Yaba o bona hore sekotlolo sa metsi a dikgoho ha se a tshela mme a matha ho ya lata metsi ka kitjhineng – empa a lebala ho kwala heke!

 

“Jonna wee!” ha rialo Koketso ha a kgutla ka metsi mme a bona dikgoho di matha hohle ka jareteng. “Tjhe bo, tjhe, tjhe! Dikgoho tse thibaneng! Kgutlang hona JWALE!”

Empa dikgoho tsa tswela pele ho baleha – tsa potela ka lehlakoreng le leng la ntlo, tsa theosa ka tselana mme tsa kena seterateng!

 

Monna ya palameng baesekele e tshehla a hlaha le mane.

 

“Thusa! Thusa!” ha hoeletsa Koketso. “Ke kopa o nthuse ho tshwara dikgoho tsa Nkgono hle!”

 

“Ho lokile ke tla o thusa,” ha rialo monna eo, mme a lelekisa dikgoho ka baesekele, a ntse a letsa tshepe.

Ha Koketso a ntse a matha kamora hae, a batla a thula teroli ya Malome Koos.

 

“Thusa! Thusang!” ha rialo Koketso a hemesela a phefumoloha. “Malome Koos, a ko nthuse re tshware dikgoho tsa Nkgono hle ke a o kopa!”

 

“Ho lokile ke tla o thusa,” ha rialo Malome Koos, mme ke elwa a matha kamora dikgoho le monna ya palameng baesekele e tshehla. Ntjanyana ya hae ya matha kamora hae, e ntse e boholela hodimo.

 

Ha Koketso a ntse a matha ho theosa tsela kamora Malome Koos, a bona motswalle wa hae, Dikeledi. Dikeledi o ne a ntse a ikwetlisa ho bapala ka sekeitiboto sa hae.

 

“Thusang! Thusa, Dikeledi!” ha hoeletsa Koketso. “Ke kopa hore o nthuse re tshware dikgoho tsa Nkgono!”

 

“Ho lokile ke tla o thusa,” ha rialo Dikeledi a qalella ho matha a lelekisa dikgoho.

 

Ha Koketso a matha kamora Dikeledi a nahana ka dintho tsohle tse mpe tse ka etsahallang dikgoho tseo. Di ne di ka nna tsa tjhaiswa ke dikoloi, kapa di ne di ka nna tsa jewa ke ntja. Kapa di ne di ka wela ka nokeng tsa kgangwa ke metsi. “Jowe, Nkgono o tla reng?” a rialo a hemela hodimo. Koketso o ne a batla ho lla.

 

“Sheba ke tshwere eng!” ha rialo lentswe. E ne e le monna yane wa baesekele e tshehla. O ne a tshwere tse pedi tsa dikgoho ka hara mokotlana wa mabenkeleng.

 

“Dikgoho tse, nngwe, pedi,” ha bala Koketso. “Oh, ke a leboha! Jwale ke lokela ho fumana tse ding.”

 

Ka yona nako eo Malome Koos a fihla le dikgoho tse ding ka hara lebokoso ka hara teroli ya hae. “Ke tsena he, moratuwa!” a rialo a felletswe ke moya.

 

“Dikgoho tse, nngwe, pedi, tharo, nne,” ha bala Koketso. “Seo se bolela hore ke fumane dikgoho tse, nngwe, pedi, ho monna yane wa baesekele e tshehla, le tse ding tse nngwe, pedi tharo, nne ho Malome Koos. Joo, ke a leboha, ke a leboha! Jwale ke tshwanetse feela ke ho fumana tse ding”

 

Ka yona nako eo Dikeledi a fihla le yena a fofile ka sekeitiboto. “Sheba ke fumane eng, Koketso!” a rialo a kentse kgoho ka lehafing la hae.

 

“Sena se etsa dikgoho tse, nngwe, pedi, tharo, nne,” ha rialo Koketso, “le dikgoho tse ding tse nngwe, pedi, tharo. Ao hle, ke a leboha, ke leboha haholo! Empa ho na le e le nngwe e sa ntseng e lahlehile!”

 

Metswalle ya Koketso ya thusa ho kenya dikgoho ka serobeng sa tsona. Yaba jwale ba mo thusa ho batla hohle ba batla kgoho ya ho qetela, empa ho ne ho sena motho ya e fumanang.

 

Ha Nkgono a fihla hae ho tswa tleliniking, Koketso a mo etsetsa teye. “Dula fatshe, Nkgono,” ha rialo Koketso. “O tshwanetse hore o be o kgathetse haholo! Dula fatshe o nwe kopi e monate ya teye le bisikiti!”

 

Nkgono a sheba Koketso ka hara mahlo. “Na tsohle di lokile?” a mmotsa. “Ha se hangata o nketsetsang teye.”

 

Koketso a qala ho itshela ka dikgapha. “Ao, Nkgono,” a lla. “Ho na le ntho e mpe e etsahetseng ha o ne o le siyo!” Yaba o phetela Nkgono ditaba tseo kaofela. “Ebile, ebile,

ebile,” a lla, e nngwe ya dikgoho e ntse e lahlehile. Mme ke yane eo o e ratang haholo – yane e nang le mathebatheba.”

 

“Ke taba tse mpe haholo, Koketso,” Nkgono a rialo a tiile. “Eno ke yona e neng

e behela mahe a mangata ho feta tse ding kaofela. Ke tshepa hore o ithutile hore o hlokomele ho feta!”

 

“Ke ithutile, Nkgono,” Koketse a hlwephetsa. “Ruri ka nnete ke ithutile!”

 

Ka yona nako eo ha utlwahala lerata la ho kakatletsa hukung ya kitjhine. Ha Nkgono le Koketso ba sheba, ba bona kgoho yane e lahlehileng. E ne e dutse e thabile hodima qubu ya diaparo tse hlwekileng ka hara manki wa diaparo!

Nkgono a nka kgoho mme a pholla molomo wa yona. “Ke thabile ha ke o fumane hape,” ha rialo Nkgono.

 

“Bona, Nkgono,” ha rialo Koketso a supile manki wa diaparo, “e behetse lehe!”

 

Mane, ka hodima motjhine wa ho hlatswa, ho ne ho ena le lehe le leholo, le sootho, le matheba!

 

“Re tla le ja ka nako ya dijo tsa mantsiboya,” ha rialo Nkgono a neheletsa Koketso kgoho. “Nka kgoho ena o e busetse ka mane ka hokong, ka kopo – kgetlong lena o se ke wa lebala ho kwala heke!”