Home | Story Library | Multilingual stories | Kgoho e roustilweng ya Nkgono

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Kgoho e roustilweng ya Nkgono

Author

Helen Brain

Illustrator

Vian Oelofsen

E ne e le ka Sontaha hoseng mme Zahara o ne a taka setshwantsho ka kamoreng ya hae. Ting tong, ha lla tshepe ya lemati la ka peleZahara a matha ho ya bula monyako. E ne e le nkgono wa hae. 

DumelaNkgono,” a rialo, a haka nkgono wa hae. 

Ke rekile kgoho e roustilweng mane suphamaketeng,” ha rialo Nkgono. Kgoho eo e ne e kentswe ka hara pakete e kgolo e tshweu mme e ne e futhumetse ha monate ha Zahara a e tshwara. E ne e nkga ha monate haholo! 

“O, ke hantle,” ha rialo mme wa Zahara a etla monyako. “E behe hodima tafole ka kitjhinengmme re tla e ja bakeng sa dijo tsa motsheare.” 

Ke se ke tatetse ho e ja,” ha rialo Zahara. “E nkga masutsa ha monate.” 

Ke tla etsa teye,” ha rialo Ntate a le ka kitjhineng. “Lona ba bararo le ka nna la dula soufeng la phomolaHobaneng le sa shebelle TV?” 

Ka yona nako eo Zahara a utlwa selefouno ya ntatae e lla mme a mo utlwa a bua founong. 

Ke lokela ho ya mosebetsing,” ha rialo Ntate a tswa ka lemati la ka pele. Ke tla kgutla ha morao.” 

Nkgono le Mme ba ne ba ituletse ba shebelletse lenaneo leo ba le ratang thelevisheneng. 

Tsamaya hantle,” ha rialo Mme. 

Tsamaya hantle,” ha rialo Nkgono. 

Zahara o ne a taka. “Tsamaya hantleNtate,” a rialo. 

Kapele lenaneo la Nkgono le Mme la TV le ne le fedile mme jwale e se e le nako ya dijo tsa motsheare. Mme a ya ka kitjhineng ho ya lata bohobesalate le kgoho e roustilweng. A bula pakete, a ntsha kgoho mme a e bea hodima sekotlolo. Jo! Mme a tona mahlo ke ho makala. Ho ne ho ena le karolo e siyo! Se seng sa dirope se ne se le siyo. 

Zahara,” a mmitsa. “Tloo kwanohona jwale.” 

Zahara o ne a tseba hore ha Mme a mmitsa ka lentswe leo le halefileng, o ne lokela ho mathaKapele a bea kerayone ya hae fatshe mme a potlakela ka kitjhineng. “Ho etsahala engMme?” a botsa. 

“Na o jele serope sa kgoho? Ho na le motho ya kgaotseng serope kaofela mme a se ja,” ha rialo Mme a supile kgoho. 

TjheMme,” ha rialo Zahara. “Ke a o tshepisa, ha se nna.” 

“O bua nnete?” ha botsa Mme. 

Ke TIISITSE, Mme,” ha rialo Zahara a shebahala a kgathatsehile. 

Mme a se ke a re letho. Yaba o ya ka ntle moo Malome Joe a neng a ntse a lokisa koloi teng. 

“Joe, na o jele serope sa kgoho ee?” a mmotsa. 

Malome Joe o ne a buletse radiyo hodimo. “O reng?” a hoeletsa. 

“KE RE NA O JELE SEROPE SA KGOHO ENA NA?” ha hoeletsa Mme ka hodima mmino. 

Eehlenka thabela kgoho, le galase ya senomaphodi,” a hoeletsa. 

Mme a fehelwa. Yaba o ya sefateng se seholo sa mango se hukung ya jareteKgaitsedi ya Zahara, David, le motswalle wa hae wa hlooho ya kgomoLeboba ne ba ntse ba bapalla makaleng. 

“David,” ha rialo Mme, “na o jele serope sa kgoho?” 

“O, ho lokilena e se e le nako ya dijo tsa motsheare?” ha rialo David. “Re lapile haholo.” 

“Na ke wena ya jeleng serope sa kgoho?” ha botsa Mme hape. 

TjheMme,” ha araba David. 

“Ha se yena,” ha rialo Lebo. “Haesale re ntse re bapala difateng mona.” 

Mme a kgutlela ka tlung. O ne a kgenne haholo. “Kahoo, ha ho motho ya jeleng serope sa kgoho,” a rialo. “Jwale se ile kae he?” 

Mohlomong mme yane wa suphamaketeng o se nkile,” Zahara a etsa tlhahiso. 

Mme a opa matsoho. “EhlileKe yona ntho e etsahetseng eoMosadi yane wa suphamaketeng ya rekiseditseng Nkgono kgoho mohlomong o se kgaotse mme a se fa motho e mong.” 

Tjhebo,” ha omana Nkgono. “Ke mo kopile kgoho e felletseng e roustilwengKe lefelletse kgoho e felletseng e roustilwengmme jwale o inketse e nngwe. Mme jwale ha e no re lekana bakeng sa dijo tsa motsheare.” Nkgono a qala ho lla 

Zahara o ne a utlwile bohloko ha a bona Nkgono a lla hoo le yena a ileng a llaSeo sa kgopisa Mme. Ba dula moo ba le bararo ba llaba lla. 

Yaba Mme o a mina mme a hlakola mahlo a hae. “Sena se keke sa thusa!” a rialo. “Disuphamakete ha di a dumellwa ho etsa jwalo. Re tla kgutlela suphamaketeng mme re ba bolelle hore ba lokela ho re fa kgoho e nngwe hape.” 

KahooMmeNkgono le Zahara ba ya suphamaketengmme Malome Joe a sala a shebile David le Lebo. 

Ke kopa ho bua le motsamaisi,” ha rialo Mme ha ba fihla moo. O ne a bua ka lentswe la hae la kgalefomme motsamaisi a tla a mathile. 

Nka o thusa ka engMofumahadi?” a botsa. 

“Ho na le motho ya nkileng serope kgohong ya rona!” MmeNkgono le Zahara ba lla kaofela. 

Tsena ke taba tse mpe,” ha rialo motsamaisi. “Ke tla bitsa mosadi ya sebetsang khaontareng ya dikgoho tse roustilweng.” A phahamisa sebuelahole mme a re, “Mosadi wa Khaontareng ya Dikgoho tse RoustilwengMosadi wa Khaontareng ya Dikgoho tse Roustilwengke kopa o tle ofising ya motsamaisi ka potlako.” 

Mme a ema moo a ntse a tila ka leoto fatshe. Yaba mosadi wa khaontareng ya dikgoho tse roustilweng o kena a matha. “Na nka o thusa?” a botsa.  

Moreki enwa a re wena o nkile serope sa kgoho eo a e rekileng,” ha rialo motsamaisi. 

Tjhe, ha ke a etsa jwalo,” ha rialo mosadi eo. “Ke kentse kgoho e felletseng e roustilweng ka hara mokotlana mme ka e fa Nkgono.” 

Tjhetjhe, bobo!” ha rialo Mme. “Ha ke bula mokotlana o kentseng kgoho lapeng serope se ne se le siyo!” 

Mosadi eo a thothomela a bile a tila ka maoto fatshe. “Ha ke a se nka, ka nnete. Ha ke a se nka,” a rialo. 

Motsamaisi o ne a halefile haholo. “Latela batho bana kgoho e nngwe e roustilweng hona jwale,” a omana. “Nkgonoke tla o fa kgoho e nngwe e felletseng e roustilweng mahala, le kuku ya tjhokoletebakeng sa ho kopa tshwarelo.” 

Yaba MmeNkgono le Zahara ba ya hae ba nkile kgoho e felletseng e roustilweng ka hara mokotlana o mosweu, le kuku e kgolo ya tjhokolete ka hara lebokoso. 

Ha ba fihla lapengNtate o ne a se a kgutlile mosebetsing. “Le tswa hokae?” botsa. “Hobaneng ha le eso je dijo tsa motsheare?” 

Yaba Zahara o mo phetela ditaba tseo kaofela. O ne a maketse ha a bona Ntate a tshohile jwalo. 

Tjhe bo,” ha rialo Ntate. “Ke entse ntho e mpe ruriKe ile ka nka serope ha ke eya mosebetsingKe ne ke lapilemme se ne se nkga hamonate.” 

Tjhe bo,” Mme a hoeletsa. “Ke kentse mosadi yane wa batho wa suphamaketeng mathateng ka ntho e siyo.” 

Mme ke nna ya entseng hore o nahane hore ke yena ya se nkileng,” ha rialo Zahara. “Ao bathong!” 

Yaba, NtateMmeNkgono le Zahara ba kenya kgoho ya bobedi e roustilweng le kuku ya tjhokolete ka mokotlengmme bohle ba kgutlela hape suphamaketeng. Ha ba fihla moo, ba leba ofising ya motsamaisi ka ho otloloha. 

Motsamaisi o ne a kgathatsehile haholo ha a ba bona hape – HAPE! “Tjhe bo, e se e leng jwale?” a bua a le mong. “Mosadi yane o tlilo nkomanya hape.” 

Empa Mme ha a ka a omana. 

“Re maswabi haholo e le ka nnete,” ha rialo MmeNkgonoNtate le Zahara. 

Ke phoso ya ka kaofela ena,” ha rialo Ntate. “Ke ne ke lapileKe nna ya nkileng serope. Ka kopo bitsa mosadi yane wa khaontareng ya dikgoho tse roustilweng.” 

Motsamaisi a phahamisa sebuelahole. “Mosadi wa Khaotareng ya Dikgoho tse RoustilwengMosadi wa Khaontareng ya Dikgoho tse Roustilweng, ka kopo tloo ofising ya motsamaisi ka potlako.” 

Mosadi wa khaontareng ya dikgoho tse roustilweng o ne a tshohile haholo ha a bona MmeNtateNkgono le Zahara. “Ke a kopa hle, o se ke wa nteleka,” a rialo ho motsamaisi. 

Empa Ntate a ntsha sepatjhe sa hae mme a fa motsamaisi tjhelete ya kgoho e roustilweng le kuku ya tjhokolete. Yaba o fa mosadi eo mokotlana. “Nka mona,” rialo. “Ke maswabi haholo ha re ile ra o kenya mathatengNatefelwa ke tsona.” 

Mosadi eo o ne a thabile haholo ho fumana kgoho le kuku bakeng sa dijo tsa motsheareEmpa Zahara o ne a swabile. “O fane ka kuku ya tjhokolete,” a rialo. 

Yaba Ntate o ntsha sepatjhe sa hae hape mme a reka kgoho e nngwe e roustilweng le kuku e nngwe ya tjhokolete. 

Kamora dijo tsa motsheare bohle ba fumana selae sa kuku – MmeNtate, NkgonoMalome Joe, Zahara, David le Lebo. Empa selae se seholo ka ho fetisisa sa fuwa Zaharahobane e ne e le moradinyana wa ntate ya ratwang ho feta.