Home | Story Library | Multilingual stories | Ke batla ho ba seapehi!

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Ke batla ho ba seapehi!

Author

Kgosi Kgosi

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Toropong ya Mahikeng, ho kile ha dula moshemane ya neng a bitswa Kabelo. O ne a rata ho pheha ho feta dintho tsohle. O ne a pheha dijo tse monate tseo bohle lapeng labo ba neng ba di thabela. Kabelo hape o ne a tseba le ho baka. O ne a baka dikuku le bohobe. Hape o ne a etsa sopho bakeng sa batho ba se nang mahae motseng wabo. 

 

Hoseng ho hong sekolong, Mof Ramaila, e leng titjhere ya Kabelo, a re bohle ka tlelaseng ba bolele seo ba batlang ho se etsa mohla ba qetang sekolo. 

 

Ngwananyana e mong a ema. “Ke lakatsa ho ba asteronate mme ke ye sepakapakeng,” a rialo. 

 

“Nna ke batla ho ba ngaka,” ha rialo moshanyana e mong. 

 

Yaba Kabelo o a ema. “Nna ke batla ho fumana tjhelete ka ho pheha,” a rialo. “Ke batla ho ba seapehi.” 

Bana bohle ba ne ba maketse. Ba qala ka ho tonela Kabelo mahlo mme bohle ba qala ho mo tsheha. 

 

“Empa ho pheha ke ntho ya banana,” ha tsheha e mong wa banana. 

 

Mof Ramaila a re bohle ba kgutse. “O ka ba ntho efe kapa efe eo o batlang ho ba yona, Kabelo,” a rialo ka mosa. “O se ke wa ba mamela.” Empa Kabelo o ne a se a utlwile bohloko pelong ya hae. 

 

Tseleng e yang hae ha a tswa sekolong bana ba bang ba ne ba ntse ba mo soma. 

 

Ha a fihla hae, Kabelo a fumana ntatae a ntse a hlatswa dijana mme mme wa hae a etsa dijo tsa motsheare. 

 

“Ho ne ho le jwang kajeno sekolong?” ha botsa ntatae. 

 

“Bana kaofela ba ile ba ntsheha ha ke ba bolella hore ke batla ho ba seapehi le ho pheha bakeng sa ho iphedisa,” ha hlalosa Kabelo. “Ba ile ba re bashemane ha ba phehe le hore ho pheha ke mosebetsi wa banana. Hape ba ile ba re bashemane ba nnete ba bapala rakebi le bolo ya maoto. Empa nna ha ke di rate dintho tseo!” 

 

Ntatae a mo haka. “Na o a tseba hore baapehi ba bangata ba maemong a hodimo lefatsheng moo ke banna?” 

 

Kabelo a makala haholo mme a re, “Ka nnete?” 

 

“Ehlile!” ha rialo ntatae mme a ntsha selefouno ya hae ka pokothong. “Sheba!” A bontsha Kabelo ditshwantsho tsa baapehi ba bangata ba lefatsheng lohle bao e leng banna. Ba sheba ditshwantsho tsa dijo kaofela tseo baapehi bana ba di phehileng mme Kabelo a qala ho ikutlwa a kgotsofetse. 

 

“O lokela ho kenela tlhodisano ya ho pheha, Kabelo,” mmae a rialo. “Ho na le e bitswang Seapehi se Senyenyane se Hlwahlwa mme e thelevisheneng.” 

 

Ntatae le yena a dumela. “Ee,” a rialo, “dijo tsa hao di monate haholo. O ka nna wa hlola tlhodisanong eo.” 

 

Mme ke kamoo Kabelo a ileng a kenela tlhodisano ya Seapehi se Senyenyane se Hlwahlwa. 

 

Dikgwedi tse mmalwa kamora moo, jwaloka karolo ya tlhodisano, Kabelo a hlahella thelevisheneng. A iphumana a le kahara baapehi ba bang ba banyenyane jwalo ka yena. Ba bang ba bona e ne e le bashanyana ba ratang ho pheha – jwaloka yena feela! 

 

Tlhodisano e ne e le boima e le nnete! Baapehi ba sa leng batjha ba ile ba kotjwa ho pheha dijo tseo ba esokang ba di pheha pele. Hape ba ne ba tlameha ho sebedisa ditswakwa tseo ba qalang ho di bona kapa ho utlwela ka tsona. Ka bonngwe, ba ile ba nna ba ntshwa tlhodisanong ke baahlodi. Kabelo a bona ba lla ha ba tsamaya. O ne a sa batle hore hoo ho etsahale le ho yena. O ile a sebetsa e le ka nnete le ka thata ho etsa bonnete ba hore ha a etse diphoso hohang. 

 

Ha Kabelo a qetella a se a le mokgahlelong wa makgaolakgang wa tlhodisano, mmae le ntatae ba ne ba le motlotlo ka yena! Sekolo sohle se ne se shebella thelevishene – esitana le bashemane le banana ba neng ba mo soma. Kabelo o ne a etsa hore sekolo sa habo se be motlotlo. 

 

Kabelo o ne a tshohile. Tlhodisano e ne e se e tla fela, empa ho ne ho setse motho a le mong eo a neng a lokela ho mo hlola. Bothata feela e ne e le hore seapehi seo se senyenyane se ne se tseba ho pheha hantle feela jwaloka Kabelo! 

 

Makgaolakgang a qala. Baapehi ba babedi bana ba ne ba filwe hora bakeng sa ho pheha dijo tsa bona. Metsotsong e leshome le metso e mehlano kamora ho qala ho pheha, Kabelo a diha sejana se tletseng motswako wa phae ya kgoho fatshe. O ne a sa dumellwa ho thonaka motswako oo fatshe – seo se ne se bolela hore o tla lahlehelwa ke tlhodisano. Kahoo a tlameha ho qala qalong hape. Jwale ho ne ho tla ba boima ho yena ho qeta ka nako. Bohle ba neng ba shebelletse ba ne ba kgathatsehile, empa Kabelo a kgona ho qeta sejo sa hae ka nako. 

 

Yaba baahlodi ba tlameha ho latswa dijo tsa bona. Ba ne ba tla etsa qeto hore mohlodi ke mang! Ba latswa dijo tsa Kabelo mme ba re ba nahana hore di monate haholo. Yaba ba latswa dijo tsa seapehi se seng. Le tsona ba nahana hore di ntse di le monate! Ba tsamaya ho ya etsa qeto ya ho qetela. Babohi ba ne ba tseba hore ho kgetha mohlodi e tla ba ntho e boima haholo. 

Kamora hora kaofela baahlodi ba kgutla ba entse qeto. Mohlodi e ne e le … Kabelo! Batswadi ba hae ba ne ba thabile ba bile ba le motlotlo! Mora wa bona e ne e le Seapehi se Senyenyane se Hlwahlwa sa selemo. Kabelo a ikgapela mohope le moputso wa tjhelete. 

 

Tsatsing le hlahlamang Kabelo a ya le mohope wa hae sekolong mme bohle ba keteka le yena. Kabelo o ne a bontshitse bohle hore bashemane le bona ba ka nna ya eba baapehi! 

 

“Ke thabile haholo hore ha o a ka wa mamela bana ba bang ha ba o soma,” ha rialo Mof Ramaila. “O a bona, ke o bolelletse, o ka ba ntho efe kapa efe eo o batlang ho ba yona!