Home | Story Library | Multilingual stories | Kamoo mpshe e neng e fumane molala o molelele ka teng

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Kamoo mpshe e neng e fumane molala o molelele ka teng

Author

E phetwa hape ke Wendy Hartmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

Mong Mpshe o ne a le mosa, a lokile mme o ne a rata Mof Mpshe haholo. Kamehla o ne a mo thusa ka dintho tseo a lokelang ho di etsa.

 

Ka tsatsi le leng, Mof Mpshe a behela mahe a supileng sehlaheng sa hae ka hara mokoti fatshe. O ile a ala masiba a hae mme a fuama mahe a hae ho a futhumetsa. Ka matsatsi a mangata o ile a dula moo a hlokometse mahe ao.

 

“Mof Mpshe ya ratehang,” ha rialo monna wa hae ka bosiu bo bong, “haesale o fuame mahe a rona ka matsatsi a mangata. Masiba a ka a matsho a fifetse jwaloka bosiu. Ha ke no bonahala lefifing, kahoo ke tla hlokomela mahe a rona bosiu. Ke tla o bolokela ona a futhumetse. Mme o tla kgona ho ba le nako ya ho phomola. O ka nna wa natefelwa ho fihlela letsatsi le tjhaba hoseng.”

 

Mof Mpshe o ne a thabile haholo. O ne a batla ho otlolla maoto. A phahama mme Mong Mpshe a dula ha bohlaswa feela ho fuama mahe. Mof Mpshe a hlohlora masiba a hae ho bontsha kamoo a thabileng ka teng. Yaba o a tsamaya ho ya tantsha thoteng e neng e potapotile sehlaha sa bona.

 

Mong le Mof Mpshe ba ne ba kgethile sebaka bakeng sa sehlaha sa bona ka hloko. Ba ne ba tsebile hore sebakeng sena ho tla ba boima ho bona Mof Mpshe ha a fuame mahe motsheare. O a bona, matsatsing ao dimpshe di ne di ena le melala e mekgutshwanyane jwaloka ya kgaka. Kahoo, ho tloha holenyana, ha hlooho ya hae e ne e le tlase, mme mpshe o ne a shebahala jwaloka seolo mobung. Ba ne ba kgethile thota ena, e neng e ena le jwang bo bokgutshwane, hobane kgalekgale ba ne ba kile ba ithuta hore jwanng bo bolelele ba ka nna ba hlaselwa le pele ba tseba hore ho na le kotsi. Hobane ba ne ba kgethile ka hloko, ba ne kgona ho bona dintho tsohle.

 

Mong le Mog Mpshe hape ba ne ba tseba mokgwa wa ho boloka mahe a bona a bolokehile ho mello e neng e tjhesa hlaha ka dinako tse ding. Ba ne ba ile ba kgotha jwang ka hloko e le hore ho be le sedikadikwe se seholo sa lehlabathe le lerole le potileng sehlaha sa bona. Mong le Mof Mpshe ba ne ba thabile haholo ka sehlaha sa bona se setle se bolokehileng le mahe a bona a supileng.

 

Empa jwale ka ha Mong Mpshe o ne a fuame mahe bosiu, ho ne ho ena le ntho e le nngwe e neng e mo kgathatsa. Mosadi wa hae o ne a thaba haholo ha a le thoteng kwana. O ne a tantsha hohle mme masiba a hae a fefoha, mme ho ne ho bonahala eka ha a mong.

 

“O etsang?” Mong Mpshe a nahana. Ha a tshwanela hore a be a tantsha jwalo. Ke mme jwale mme o na le mahe ao a lokelang ho a hlokomela. Empa jwaloka ntate ya lokileng a sisinya mmele wa hae fatshe ho apesa mahe hore a futhumale. Yaba o dula fatshe ho emela bosiu bo bolelele ha mosadi wa hae yena a bapala kwana thoteng.

 

Ka bosiu bo bong, ngwedi e kganyang jwaloka silivera ya etsa diriti tse makatsang thoteng. Diriti tseo e ne eka di a tantsha. Mong Mpshe o ne a otsela haholo. Mahlo a hae a ne a batla a tutubetse ha a utlwa mofumahadi wa hae a tsheha. O ne a se a phaphame ka nako eo a neng a utlwa hoo. A phahamisa mahlo a sheba.

 

Qalong o ne a sa bone letho. A holla molala o mokgutshwane haholo kamoo a ka kgonang mme a mmona. Mof Mpshe o ne a tantsha hara jwang, pakeng tsa dihlahla a bapala papadi ya maipatile le mpshe e nngwe e ntle ya mohlankana. Ha a ne a ipata ka hara dihlahla, o ne a holla molala haholo kamoo a ka kgonang ho etsa bonnete ba hore monna wa hae o ntse a dutse hodima mahe.

 

Mong Mpshe o ne a halefile. A ema sehlaheng ho shebisisa hore ho etsahalang, empa a boela a dula fatshe. O ne a keke a kgona ho siya mahe. Ho ne ho tla etsahala eng ha a ne a ka hatsela yena a le siyo? Yaba o ala masiba a hae hodima mahe mme a holla molala haholo ho feta ho sheba hore ebe mosadi wa hae o etsa eng.

 

Nako le nako o ne a utlwa mosadi wa hae a keketeha. Nako le nako o ne a kgona ho bona diriti tse tantshang thoteng kganyeng ya kgwedi. Nako ka nngwe ha a ne a bona seriti o ne a holla molala le ho feta ho fihlela o felletse. Empa seo ke sona feela seo a neng a kgona ho se etsa hobane o ne a lokela ho dula a futhumeditse mahe.

 

Qetellong, bosiu bo bolelele lelele ba esa mme letsatsi la tjhaba. Ha le tjhaba, Mong Mpshe o ne a bona mofumahadi wa hae a kgutla ho tla fuama mahe motsheare. O ile a leka ho ema, empa a ikutlwa mmele wa hae o sataletse. Mesifa e molaleng e ne e le bohloko.

 

Qetellong a ema. E ne e le moo a reng o tla bolella mofumahadi wa hae kamoo a kgenneng ka teng, ha a sheba tlase maotong a hae. A ne a bonahala a le hole le hlooho ya hae. Hanghang a tseba se etsahetseng – bosiung boo bo bolelele o ne a sarollotse molala wa hae haholo wa eba molelele.

 

A sisinya hlooho ya hae. A tila ka maoto fatshe, empa ho tseo tsohle tseo a di entseng molala wa hae wa dula o ntse o le molelele. Ha ho letho leo a le entseng le ileng la fetola hoo. Mme mosadi wa hae yena? Le yena o ile a ba le molala o molelele! Le yena o ile a leka ho sisinya hlooho ya hae mme a tila ka maoto, empa ha se ke ha thusa letho. O ne a ile a holla molala wa hae hangata ho bona hore ebe monna wa hae o ne a ntse a dutse hodima mahe a bona na!

 

Mme he ke kamoo ho ileng ha etsahala hore Mong le Mof Mpshe ba be le melala e melelele! Mme ke kahoo ho tloha bosiung boo ho fihlela kajeno mpshe e nngwe le e nngwe eo o e bonang e nang le molala o molelele.