Dieta tsa Koketso tsa moketjana | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Dieta tsa Koketso tsa moketjana

Written stories

Dieta tsa Koketso tsa moketjana

Author

Patricia de Villiers

Illustrator

Vian Oelofsen

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

“Itjhu! Itjhu! Itjhu!” ha rialo Koketso.

Nkgono o ne a ntse a sebetsa setofong mme a se ke a hetla le ho hetla. “Ke eng, Koketso?” a botsa.

“ITJHUU! ITJHUU! ITJHUU!” Koketso a hoeletsa. “Maoto a ka a bohloko. Dieta tsa ka di a ntiisa.”

Nkgono a hetla mme a mo sheba. “Ha ke kgolwe seo, Koketso. Dieta tseno di sa le ntjha. Maoto a hao ha a so hole hakaalo, kapele tje.”

“Ao, Nkgono,” ha rialo Koketso, “mohlomong di ka be di sa ntiise tjena hoja di ne di se sootho tjena ebile di se mpe tjena. Mohlomong hoja di le bonolo, di le ntle di ena le mabenyane le ribono, di ne di ka ntekana hantle.”
Koketso-Pic 1.lo res

Nkgono a boela a sheba kwana a fuduwa pitsa ya hae. “Mohlomong,” a rialo.

“Ke a o kopa hle, Nkgono,” ha rialo Koketso, “Nkeke ka kgona ho rwala dieta tse mpe tjena moketjaneng hosane.”

“Ke a bona,” Nkgono a rialo, a ntse a kgabela eie.

Koketso a rola dieta tsa hae, yaba o tswela ka ntle mme a lla hanyane.

Malome Koos ya tsofetseng a feta moo ka teroli ya mabenkeleng e kenyang diphahlo. “Molato ke eng, Koketso?” a botsa.

“Ke ya moketjaneng wa letsatsi la tswalo la motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo hosane,” Koketso a araba, “mme ha ke na dieta tse ntle tseo nka di rwalang.”

Yaba Malome Koos o sheba ka hara dintho tse ka teroling ya hae, empa a kgona ho fumana feela diteki tsa kgale tse nang le masoba.

“Ke maswabi,” a rialo, “ha ke kgone ho o thusa, Koketso.”

“Ke a leboha ha o lekile,” Koketso a rialo a hlwephetsa.

Yaba ho feta lori ya matlakala mme ya emisa ka ntle ho ntlo.

“Meokgo ke ya eng jwale, Koketso?” ha botsa mokganni.

“Ke hloka dieta tsa ho ya moketjaneng,” Koketso a araba, “mme ha ke tsebe hore nka di fumana hokae.”

“Ao bathong,” ha rialo mokganni. “Dieta kaofela tse ka loring ya ka di kopakopane le matlakala. Empa ke hlola ke bona dieta ka meqomong ya matlakala – mohlomong ho na le batho ba bangata motseng mona ba nang le dieta tseo ba sa di sebediseng. Hobaneng o sa botse metswalle ya hao?”

Koketso a nahana hore oo ke mohopolo o motle. Kahoo a ya ho motswalle wa hae, Mof Salmon.

“Dumela!” a hoeletsa. “Mof Salmon, ke hloka dieta tsa moketjana. Na ho na le dieta tsa moketjana tseo o ka mphang tsona?”

Mof Salmon a tla monyako a tshwere para ya dieta. “Ke tsena, Koketso,” a rialo, “o ka nna wa nka dieta tsena, empa bothata ke hore serethe se le seng se kgwehla hanyane.”

Dieta di ne di le ntle di benya mme Koketso a nahana hore di ntle. “Ke a leboha, Mof Salmon!” a rialo. Koketso a rwala dieta tseo mme a tjeka hanyane ka tsona. Empa serethe se kgwehlang sa tenyetseha haholo. Twatla! Sa tjho jwalo ha Koketso a ntse a theosa le tsela, twatla-twatla!

“Tjhe bo.” Ha rialo Koketso, “nkeke ka ya moketjaneng ka dieta tse twatlatsang!” Yaba o kgutlisetsa dieta tseo ho Mof Salmon mme a mo leboha ka ho leka ho mo thusa.

“Hobaneng o sa kope motswalao Pinki hore a o fe dieta?” Mof Salmon a eletsa.

Yaba Koketso o etsa jwalo. “Dumelang!” a hoeletsa ha a fihla ha bo Pinki. “Pinki, ke hloka dieta tsa moketjana. Na o na le dieta tsa moketjana tseo o ka mphang tsona?”

Pinki a ya sheba ka khabotong ya hae. “Ke tsena, o ka nna wa nka tsena,” a rialo ho Koketso. Dieta di ne di ena le dipelwana tse kgubedu hohle mme seeta ka seng se ne se ena le thae e kgolo e tshweu. Koketso o ne a thabile haholo.

“Ke a leboha, Pinki!” a rialo. A rwala dieta mme a tjeka hanyane. Dieta tseo di ne di le ntle, empa di ne di mo penya habohloko menwaneng mona.

“Itjhu,” ha rialo Koketso. “Nkeke ka kgona ho ya moketjaneng ka dieta tse mpenyang.” Kahoo a kgutlisetsa dieta ho Pinki mme a mo leboha ka ho leka ho mo thusa.

“Hobaneng o sa kope Mmangwane Shirley hore a o fe dieta?” ha eletsa Pinki.

Yaba Koketso o etsa jwalo. Empa dieta tsa Mmangwane Shirley di ne di le kgolo hoo a neng a lokotseha feela ka hara tsona. – shwahla, shwahla, shwahla, shwahla. Kahoo Koketso a tlameha ho di kgutlisetsa le tsona.

Koketso a ya ho batho bohle bao a ba tsebang. Mme hohle moo a yang metswalle ya hae e ne e mo nea dieta hore a itekanye.

Empa ho ne ho se na tse mo lekanang hantle. Dieta tsa Pumla e ne e le tsa kgale hoo menwana ya Koketso e neng e nyarela ka ntle mme disoli di ngamohile – phaqa, phaqa phaqa. Dieta tsa Mme Maloyi di ne di ena le direthe tse phahameng hoo Koketso a neng a dula a ewa mme a nonyetseha. Dieta tsa Mof Naidoo di ne di batla di lokile, empa di ne di ena le modumo o mobe. Tswii tswi-tswii. Hohang Koketso o ne a sa fumane dieta tsa moketjana tseo a neng a di batla, yaba o leba lapeng.

A fumana Nkgono ka kitjhineng. “Oh Nkgono,” Koketso a rialo a hloname, “Haesale ke ya kwana le kwana mme ka leka hohle, empa HA HO MOTHO ya nang le dieta tsa moketjana tse ntoketseng!”

“Ebe ke eng e phoso ka tseo?” ha rialo Nkgono, a supile dieta tse tafoleng.

Koketso a di sheba. Dieta di ne di na le mabenyane le diribone tse pinki.

Koketso a di rwala mme a tjeka a potoloha ka kitjheneng. Dieta di ne di mo lekana hantle feela mme di ne di sa twatlatsehe kapa ho tenyetseha kapa ho phaqasela. “Ke a di rata, Nkgono,” a rialo. “O di fumane kae?”
Koketso-Pic 2.lo res

“Ke dieta tsa hao tse mpe tse sootho,” Nkgono a araba. “Ha o ntse o tsamaile ho ile ha tla mofumahadi wa tshomong a di etsa hore di be ntle tjena.”

Koketso a sheba tafoleng mme a bososela. “Hao, Nkgono, mofumahadi eo ke wena!” a rialo. “Ke bona seroto sa hao sa dinalete … le sekgomaretsi … le mabenyane! Ke a tseba hore ke wena!”

Nkgono a tshehela ka marameng.

“Ke a o rata, Nkgono,” ha rialo Koketso a haka nkgono thekeng.

“Le nna ke a o rata, Koketso,” ha rialo nkgonwae. “Ke tshepa hore dieta tseo di o lekana hantle jwale.”

“Ehlile bo,” ha araba Koketso, “di ntekana hantle!”