Home | Node | Hobaneng ha kgwedi e eba nyane ebile e eba kgolo

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Hobaneng ha kgwedi e eba nyane ebile e eba kgolo

Author

Kirstin Hartmann

Illustrator

Heidel Dedekind

Translator

Hilda Mohale

ehleng ya kgalekgale, Mme Kgwedi o ne a bonesa sepakapaka bosiu bo bong le bo bong. O ne a ena le kobo e lohilweng ka kgwele e ntle ka ho fetisisa e mmala wa kgauta. Kobo ya hae e ne e benya ka kganya e kgolo hoo ho neng ho eba le kganya e lekaneng bakeng sa batho bohle ho ka bona tsela lefifing. 

 

Ka nako tse ding, Mme Kgwedi o ne a ithatela ka kobo ya hae mme a theohele lefatsheng. Bosiung bo bong, bohareng ba mariha, haufi le lebopo la noka, a kopana le mosadimoholo ya neng a dula a le mong. Mosadimoholo eo o ne a sa tshoha ha a bona Mme Kgwedi. 

 

“Kena,” a rialo a mema Mme Kgwedi hore a kene lapeng la hae. O ne a thabetse ho ba le moeti. 

 

Mme Kgwedi a elellwa kamoo mosadimoholo eo a thothomelang ka teng ka lebaka la mohatsela. Mme Kgwedi a utlwela mosadimoholo bohloko mme a mo fa sekotwana sa kobo ya hae e mmala wa kgauta. Mosadimoholo a ikapesa yona mahetleng. Ka mora nakwana o ne a se a futhumetse. 

 

“Ke a leboha,” a rialo. “O mosa e le kannete.” 

 

Empa hoseng, ha mosadimoholo a bona kamoo kobo eo e leng ntle kateng, a batla sekgetjhana se seng hape. O ne a batla ho rokella dikgetjhana tse pedi mmoho ho iketsetsa kobo e kgolwanyana. 

 

Yaba bosiung bo latelang ha Mme Kgwedi a tlo eta hape, mosadimoholo o mmolella leshano a re o ntse a hatsetse. Yaba Mme Kgwedi o utlwela mosadimoholo bohloko hape, mme a mo fa sekgetjhana sa bobedi sa kobo e ntle. 

 

Hoseng, mosadimoholo a rokella dikgetjhana tse pedi mmoho, empa o ne a le meharo mme a batla e nngwe hape. Pele Mme Kgwedi a tlo eta bosiung ba boraro, mosadimoholo a pata kobo ya hae. A e kwahela hantle hoo kganya ya yona e kgauta e neng e sa kgone ho bonesa ntlo ya hae. Yaba o bolella Mme Kgwedi leshano le leng hape. A re kobo eo e utswitswe mme jwale o ne a hatsetse haholo ho feta. 

 

Mme Kgwedi a utlwa bohloko. O ne a bona kamoo mosadimoholo wa  batho a thothomelang kateng moyeng wa bosiu. Kahoo Mme Kgwedi a fa mosadimoholo sekgetjhana sa ho qetela sa kobo se neng se setse. Jwale, Mme Kgwedi o ne a se a sa kganye hohang. A dumedisa mosadimoholo, a mo lakaletsa mahlohonolo mme a tsamaya. 

 

Ka mora matsatsi a mmalwa batho ba motseng o haufi ba qala ho kgathatseha. Ba ne ba sa kgone ho bona lefifing. Ho ne ho se ngwedi ka nako e telele hoo ba ileng ba etsa qeto ya ho batlisisa lebaka. Ba ile ba bonesa mabone a dilanterene mme ba qalella ho batlisisa. Ba qetile dihora tse ngata ba batla ho fihlela ba kgathala ba bile ba nyorilwe hoo ba ileng ba emisa ho phomola lebopong la noka. 

 

Ha ba ntse ba phomotse, ba utlwa mosadi ya llang. Mme yare ha ba shebisisa, ba bona Mme Kgwedi. Ho ne ho se ngwedi e kganyang ho yena mme o ne a shebahala a hloname. 

 

“Ke eng e o hlonamisitseng hakaale?” ba mmotsa. “Mme re ka o thusa jwang?” 

 

Mme Kgwedi a ba bolella ka kobo ya hae e ntle le kamoo e neng e benya ka kganya e kgolo kateng bosiu. Hape a ba bolella kamoo a neng a rata ho etela lefatsheng kateng le mabapi le mosadimoholo ya neng a hatsetse. “Ha ke kgone ho hlotha kobo eo,” ha rialo Mme Kgwedi. “Mosadi wa batho ha a na ntho eo a ka e aparang ho iphuthumetsa. Empa kantle ho kobo ya ka, nkeke ka kgona ho bonesa sepakapaka bosiu.” Yaba o qalella ho lla hape. 

 

“Re tla o thusa,” ha araba baahi ba motse. “Tloo le rona. Re tla batla mosadimoholo eo mme re bue le yena.” 

 

Ha ba ka ba hloka le ho batla ntlo ya mosadimoholo nako e telele hobane kobo e ne e benya ka kganya e kgolo ho tswa ka hare. Ba hoeletsa haholo ho fihlela mosadimoholo a tswela ka ntle. 

 

Ha mosadimoholo a bona Mme Kgwedi a eme lefifing ka dikeledi tse theosang marameng, a itshwabela ka ketso ya hae ya ho inahanela a le mong. Ntle le ho bua lentswe le le leng a kgutlisa kobo eo. Batho ba potlaka ba apesa Mme Kgwedi kobo ya hae, mme eitse hang ha e mo thetsa, ya qala ho kganya haholo le ho feta pele. 

 

“Pele o kgutlela hodimo sepakapakeng sa bosiu,” ba rialo, “re kopa o re bolelle hore re ka fa mosadimoholo enwa kotlo e jwang.” 

 

Mme Kgwedi a nahanisisa taba ena nako e telele mme yaba o re, “Tjhe, le se ke la mo fa kotlo. Nka mpa ka mo ruta ho abelana dintho le ba bang.” 

 

Mme Kgwedi a harolla kgwele tlasetlase kobong ya hae mme a e fa mosadimoholo. “Ha o hatsetse,” a bolella mosadimoholo, “hula kgwele ena, mme o tla tseba seo o lokelang ho se etsa.” Kamora moo Mme Kgwedi a kgutlela hodimo sepakapakeng sa bosiu a setswe morao ke kgwele e mmala wa kgauta ho tloha fatshe. 

 

Ho tloha letsatsing leo, Mme Kgwedi haesale a dula hodimo sepakapakeng, a bonesitse ka kganya. Mme ho tloha letsatsing leo, ha nngwe ka kgwedi, ha mosadimoholo a qala ho hatsela, o hula kgwele ya kgauta. O a e hula a e hule a bokelle e ngata e lekaneng ho loha kobo ya kgauta. Ha a ntse a etsa sena, Kobo ya Mme Kgwedi hodimo sepakapakeng e a thatoloha mme e nne e be nyane jwalojwalo ho fihlela e se e sa bonesa. Mme ha mosadimoholo a se a futhumetse, o a leboha mme o tlohela hore Mme Kgwedi a hule kgwele eo hanyane hanyane a e nke hape. Jwale ebe Mme Kgwedi o a e loha ho fihlela kobo e felletse hape mme e bonesa ka kganya e le hodimo bosiu. 

 

Mme ke kahoo, kgweding e nngwe le e nngwe, kgwedi e eba nyane e boele e be kgolo. Ke kamoo e bileng ka teng ho tloha tsatsing leo ho fihlela kajeno.