Home | Node | Metswalle ya Hanna

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Metswalle ya Hanna

Author

Ka Wendy Hartmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Niki Daly

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Ntate wa Hanna e ne e le motshwasi wa ditlhapi. A tswa ka tlung a potlakile ho ya lewatleng. A tsoka letsoho a ba sadisa hantle ha a tsamaya. Hanna o ne a tseba hore o tlo ba siyo ka matsatsi a mangata, empa ha a kgutlela lapeng, o ne a tla tla le tlhapi e foreshe eo ba tla e hadika.

 

Yaba mme wa Hanna le yena o tswa a potlakile jwaloka moya. O ne a lokela ho ya mosebetsing letsatsing le leng le le leng la beke kgwedi kaofela.

 

“Ke morao nakong,” a hoeletsa. “Mmangwane Taliep wa moahisane o a tla. O dule ka tlung ka mono ho fihlela a fihla. Ke tla o bona ha ke kgutla. Ke o rata haholo.” A butswela dikako a ntse a mathela bese.

 

Hanna a dula a tjametse ka ntle ho fensetere a shebile lehodimo le letala. O ne a tshwerwe ke bodutu. A nka sekgetjhana sa pampiri le pentshele mme a taka setshwantsho sa sefahleho se nang le meokgo e theosang marameng. Yaba o utlwa Mmangwane Taliep a notlolla lemati le ka pele.

 

“Dumela, Hanna,” ha rialo Mmangwane Taliep. “Ke eng ee?” A nka sekgetjhana sa pampiri a se sheba. “Mmm,” a rialo, “ha ho nako ya ditsiebadimo. Tsamaya o ye ha Allie ka mane mme o reke bohobe le lebese. Ke batla ho nwa teye ya ka.”

 

Yare ha a kwala lemati la ka pele, Hanna a bona setshwantsho seo a se takileng se swabantswe se entswe bolonyana fatshe ka kitjhineng. Ha a fihla ha Allie, a emela hore Mong Ismail a mmone.

 

“Dumela, Hanna,” a rialo a bososela. “Bohobe le lebese jwaloka kamehla? O ntse o so be molelele ho ka fihlella shelofo?” A sisinya hlooho. “O se ke wa tshwenyeha, o tla hola le wena.”

 

A tsheha ha monate mme Hanna le yena a bososela. Yaba o sheba fatshe. Fatshe, pela maoto a hae ho ne ho ena le sekgetjhana sa pampiri – leqephe le le leng le nang le mantswe a mmalwa le ditshwantsho tse ngata. A le phahamisa. Mong Ismail a le bona.

 

“O ka makala ha o ka bona dintho tseo moya o di fefolelang mona,” a rialo. “O ka nna wa e nka ha o batla.” Yaba o mo fa bohobe le lebese. “Ha se moo he – dintho tsa hao ke tsena.”

 

“Phakisa ka pele,” ha omana Mmangwane Taliep ha Hanna a bula lemati, “pale ya ka e se e qadile thelevisheneng.” A nka mokotlana o kentseng dintho ho Hanna mme a iketsetsa teye ka potlako.

 

Hanna a dula tafoleng ya kitjhine. A otlolla sekgetjhana sa pampiri seo a se thonakileng mme a bala lentswe le le leng – Jamela. Ho ne ho ena le ditshwantsho tse ngata tsa Jamela. Jamela a butswela dikerese tse hodima kuku ya letsatsi la tswalo. Jamela a ipatile ka hara lebokoso. Jamela a ithatetse ka lesela le letle le Jamela a nkile kgoho e kgubedu e nyane.

 

Hanna a fehelwa. O ne a lakatsa eka e ka ba Mantaha. O ne a batla ho bona hore na ebe ho na le motho ya bitswang Jamela sekolong. O ne a batla ho fumana motswalle ya kang Jamela hantle.

 

Ka Mantaha, a mathela tlelaseng ya Moftsn Witbooi. “Ka kopo hle, Moftsn, na o tseba Jamela?”

 

“Ha ho Jamela mona. Tsamaya o ye tlelaseng ya hao,” ha rialo Moftsn Witbooi.

 

Ka Labobedi, Hanna a ya tlelaseng ya Mof Booysen. “Ka kopo, Mof …,” empa ha a ka a kgona ho tswela pele.

 

“Hanna Pieterse! O etsang mo? Dithuto di se di qadile,” ha omana Mof Booysen.

 

Ka Laboraro, a botsa Mong Hendricks. Empa ho ne ho se na motho ya tsebang Jamela.

 

Hanna a sheba ditshwantsho tse sekgetjhaneng sa pampiri makgetlo a mangata hoo leqephe le ileng la taboha dikgetjhana tse ngata mme Jamela a nyamela.

 

Yaba ka tsatsi le leng, tlelase kaofela ya nka leeto la ho ya laeboraring. Mane, ka mora khaontara, ho ne ho ena le mosadi ya nang le sefahleho se tletseng mosa. Hanna a ya ho yena.

 

“Ee,” ha rialo mosadi. “O se o kgethile buka?”

 

Hanna a sisinya hlooho, mme a botsa, “Na o tseba Jamela?”

 

Mosadi eo a inamela ho yena. “Na o tsamaya le tlelase ee e intsheditseng moo?” a botsa. Hanna a dumela ka hlooho mme a tshepa hore mosadi eo a keke a halefa. Mosadi eo a phutha sefahleho. A leba lehlakoreng le leng la khaontara mme a nka letsoho la Hanna. “Tloo kwano”, a rialo a bososela. “Ke tseba ngwananyana ya bitswang Jamela. Hape ke tseba moshanyana ya bitswang Ashraf. Hape ke tseba tweba e bitswang Wolfgang.”

 

Ka hora e le nngwe e makatsang, e thabisang, Hanna a kopana le metswalle e menga-aata haholo. O ile a phetla dibuka mme a leba dibakeng tse fapaneng lefatsheng ho pota. Maqepheng a tsona, a bona dintho tse ntle ka tsela e makatsang.

 

Ditshwantshong, a bona dintho tsohle tse makatsang tseo Jamela a di entseng. Ha mme wa Hanna a tlohela ho sebetsa mafelong a beke mme ntatae a le hae a kgutlile lewatle, ba dula mmoho mme ba bala dibuka. Ba ya mabenkeleng mmoho le Jamela mme ba tantsha le Papa Lucky. Hape ba ba ba otlolla maoto ba tsamaya le thuhlo.

Eba le boiqapelo!

Jamela le Papa Lucky ho Metswalle ya Hanna ke baphetwa ba tswang bukeng ya ditshwantsho e ngotsweng ke Mongodi wa Afrika Borwa, Niki Daly. Ke baphetwa bafe ba paleng bao e leng dithatohatsi tsa bana ba hao? Ba kgothaletse ho taka ditshwantsho tsa mophetwa a le mong kapa ba mmalwa bao ba ba ratang paleng mme ba iqapele pale e ntjha e nang le baphetwa bana.

 

 

Mme Hanna a lebala tsohle tse mabapi le ho taka difahleho tse hlonameng le ho tshwarwa ke bodutu hobane jwale o ne a sena bodutu.