Home | Node | Ntlo e nang le difensetere tsa kgauta

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Ntlo e nang le difensetere tsa kgauta

Author

E phetwa hape ke Kirstin Hartmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Natalie le Tamsin Hinrichsen

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Sita o ne a dula tlung e nyane, e kgutlonnetsepa, seterateng se petetsaneng, ka thoko ho leralla. Lelapeng labo kaofela ba ne ba sebetsa ka thata. Mmae o ne a roka mese ya disari e metle bakeng sa basadi mme ntatae o ne a etsa disutu tsa banna.

 

Ka lebaka la hore mmae le ntatae ba ne ba etsa mosebetsi wa bona hantle, batho ba bangata ba ne ba ba kopa hore ba ba etsetse diaparo. Hape ho ne ho ena le mosebetsi o mongata o lokelang ho etswa, kahoo Sita le ausi wa hae ba ne ba thusa batswadi ba bona ka ho roka. Banana bana ba babedi ba ne ba dula ka kamoreng ya bona ya ho robala e nyane mme ba sebetse mmoho. Empa ka dinako tse ding sebaka se ne se sa ba lekane ba le babedi LE moroko mme kahoo ba ne ba qalella ho qwaketsana.

 

Ka tsatsi le leng Sita a ba le mohopolo. E ne e le mantsiboya a matle a lehlabula mme a etsa qeto ya ho nka moroko wa hae a nyolohele ka hodima marulelo a sephara a ntlo yabo e nyane e kgutlonnetsepa. Ka hodimo ho marulelo o ne a kgona ho bona toropo tlase mane le leralla hole mane. Empa bakeng sa matlo a mangata pela leralla mane, ho ne ho ena le ntlo e le nngwe feela e ahilweng ka hodima lona.

 

Ha letsatsi le dikela mme Sita a qeta mosebetsi wa hae, o ile a hohelwa ke kganya e mmala wa kgauta. E ne ele ntlo e ka hodima leralla, mme e ne e le ntle. Difensetere di ne di benya jwaloka kgauta.

 

“Hei,” ha rialo Sita. “Ke lakatsa eka nka be ke dula tlung yane. Ke a hlapanya ba na le diphaposi tse kgolo le sebaka se seholo ka hara ntlo eno. Ke a kgolwa e ntle ho feta eso.” Mme bosiung boo Sita a lora ka ntlo e nang le difensetere tsa kgauta.

 

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Sita le ausi wa hae ba ja dijo tsa hoseng mmoho tafoleng e nyane ka kitjhineng. “Banana ba ka, bobedi ba lona le sebeditse ka thata,” ha rialo mma bona, “kahoo re nahanne hore le lokela ke ho nka letsatsi la phomolo kajeno. Le ka nna la ya etsa eng kapa eng eo le e batlang!”

 

“Ee,” ha arabela ntata bona. “Natefelwang ke letsatsi la lona he mme le le sebedise hantle.”

 

Ausi wa Sita a hoeletsa ke ho thaba. “Ho na le dintho tse ngata tseo ke batlang ho di etsa! Ha ke tsebe hore ke qale ka efe!” yaba o tswa ka kitjhineng a matha.

 

Sita a bososela. O ne a tseba hantle seo a batlang ho se etsa. O ne a tlo tsamaya a ilo batla ntlo e nang le difensetere tsa kgauta.

 

Ha a ntse a tsamaya tseleng, o ne a ntse a nahana hore ebe ntlo eo e jwang ha motho a le haufi le yona. O ne a esoka a bona kgauta ya nnete. O ile a tsamaya nako e telele ho fihlela a fihla ka hodima leralla. O ne a maketse ha a bona hore ntlo eo e ne e se kgolo ho feta yabo … mme ho ne ho se difensetere tsa kgauta tseo a di bonang.

 

“Mohlomong ke lokela ho potela ka mane ka pele,” a nahana. Ha a fihla lemating le ka pele, ho ne ho se na kgauta hohang.

 

Ka nako eo moshanyana a bula monyako. Sita a bolella moshanyana eo kamoo a ileng a bona ntlo e nang le difensetere tsa kgauta a le ka hodima ntlo yabo. A mmotsa hore na ebe o tseba moo ntlo eo e leng teng.

 

“Ee, ke a tseba!” a rialo ka nyakallo. “O shebile sebakeng se fosahetseng. Ntatele!” A mo isa sefateng seo a se ratang ka ho fetisisa. “O ka kgona ho e bona hantle ha o le mane.” Moshanyana a supa lekaleng le hodimodimo. Mmoho ba palama ho ya fihla ka hodimodimo sefateng.

 

“Na o a e bona?” a mmotsa.

 

Sita o ile a sheba ka thata ho bona ntlo eo ya moshanyana eo. “Tjhe,” a rialo ka maswabi.

 

Moshanyana a tsheha. “Hobaneng o shebile ntlo eso? Sheba mane …” mme a supa leralleng le hole. E ne e le leralla leo Sita a neng a dula ho lona. Sita o ne a bona dintlonyana tse kgutlonnetsepa tse hodima leralla mme o ne a bona le ntlo yabo. Kganya ya letsatsi le dikelang e ne e etsa hore difensetere tsa habo di benye jwalo ka kgauta e ntle e kganyang.

 

“Ke a e bona!” a tsheha.

 

“E shebahala jwaloka sebaka se ikgethileng ruri,” moshanyana a rialo.

 

“Ehlile,” a bososela mme ba le babedi ba theoha sefateng.

 

Shwalane e ne e se e tshwara ha Sita a fihla habo. O ne a utlwa mantswe a thabileng a mmae, ntatae le ngwanabo a hlaha ka tlung. A ikutlwa a thabile ho ba lapeng.

 

“Na o bile le letsatsi le monate?” ha botsa ntatae.

 

Sita a bososela. “Hantle haholo!” a rialo. “Mme ke ithutile hore re na le ntlo e ntle haholo, mme ka nako tse ding e ba le difensetere tsa kgauta.”

 

Yaba, bohle ba dula fatshe tafoleng ya kitjhine mme Sita a ba phetela ka letsatsi la hae la kamoo a thabileng ka teng ho dula tlung yabo e nyane e kgutlonnetsepa, e ka thoko ho leralla.

Eba le boiqapelo!

Phetela bana ba hao pale e mabapi le nako eo o neng o ena le dihlong mme o ba kgothaletse hore le bona ba phete dipale tsa bona moo ba kileng ba eba 'dihlong'.