Home | Node | Kgudu le dinonyana

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Kgudu le dinonyana

Author

E phetwa hape ke Nicky Webb

Illustrator

Ditshwantsho ka Jiggs Snaddon-Wood

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Mehleng ya boholoholo, ha nonyana e ne e eshwa lefatsheng, moya wa yona o ne o tswa mmeleng wa yona mme ebe o phaphalla hodimo marung moo e tlang ho phela jwaloka motho wa marung, ya shebileng le ho hlokomela dinonyana le diphoofolo tse lefatsheng.

 

Dinonyana le diphoofolo di ne di tseba ka batho bana ba marung.

 

Ho ile ha tla nako eo ka yona ho neng ho se na pula selemo sohle. Jwang bo ile ba tjha, didiba tsa epsha pshi mme diphoofolo tsa bolawa ke tlala. Diphoofolo le dinonyana di ile tsa kopana mmoho hore di etse qeto ya seo di ka se etsang mabapi le komello e kanakana.

 

“Ke nahana hore re lokela ho ja mpshe,” ha rialo Tau a itatswa melomo.

 

“Tjhe bo!” ha hoeletsa Mpshe.

 

“Ke nahana hore re lokela ke ho batla sebaka se seng moo re ka phelang teng,” ha rialo Tshwene.

 

“Ha ho sebaka se seng moo re ka yang teng,” ha omana Ntja ya naheng. “Komello e hohle.”

 

“Re lokela ho bua le batho ba marung,” ha rialo Sephoko. “Bona ba tla tseba se lokelang ho etswa.”

 

Dinonyana le diphoofolo tsa dumellana hore dinonyana di tla fofela hodimo marung mme di bue le batho ba marung. Mohlomong ba ne ba tla romela dijo tlase lefatsheng ho tla fepa dinonyana le diphoofolo tse lapang.

 

Kgudu le mosadi wa hae le bona ba ne ba le kopanong eo. Kgudu o ne a kgathatsehile haholo. O ne a tseba hore ha batho ba marung ba romella dijo lefatsheng, a ka nna a ba lenama haholo ho di fihlella ka nako. O ne a lapile mme a sa batle ho foswa ke dijo.

 

“Ee,” a rialo. “Na le nahana hore batho ba marung ba ka hla ba mamela sehlopha sa dinonyana? Ba hloka morena ya ka tsamayang le bona. Motho ya ka bontshang bohlokwa ba kopo ya rona. Ke nna ya tlang ho ba morena wa bona. Ke tla bua lebitsong la rona bohle.”

 

Dinonyana tsa sebaseba di le notshi. Qetellong dinonyana tsa dumela ho tsamaya le Kgudu jwaloka morena wa tsona.

 

Hanghang Hornbill a ingwaya hlooho. “Jwale re tla fihlisa Kgudu jwang marung kwa?” a botsa. Lekanyane la tsheha, mme Tshwene a honotha. Ha ho motho ya neng a nahanne ka bothata bona. Ho ne ho ena le mehopolo e mengata. Qetellong Sephoko a hlahisa hore dinonyana di kenye mapheo maotong a Kgudu. Ha a ka ba le masiba a lekaneng a ka nna a kgona ho fofa.

 

Kgudu o ne a shebeha jwaloka sephoqo ha a se a kentswe masiba maotong a hae. Diphoofolo tse ngata di ne di batla ho tsheha, empa di ne di tseba hore Kgudu ke yena tshepo ya bona ya ho qetela e ka ba phedisang.

 

Bohle ba ne ba phahamisitse matshwafo ha Kgudu a phukalatsa maoto a hae. Butlebutle a phahama fatshe mme a fofela hodimo sepakapakeng. Diphoofolo tsa mo opela ditlatse mme dinonyana tsa bina ha Kgudu a ntse a nyolohela hodimo le hodimo ho ya marung.

 

Ha Kgudu le dinonyana ba fihla marung, batho ba marung ba ne ba thabetse ho bona dinonyana, mme ba le motlotlo hore di ile tsa nahana ho tla le morena wa tsona. Batho ba marung ba ile ba pheha dijo tse ngata – ditholwana tse tletseng maro le meroho e latswehang eo dinonyana di qetetseng kgale ho di bona.

 

“Dijo tsee ke tsa mang?” ha botsa e nngwe ya dinonyana e thabileng haholo.

 

“Hobaneng, ke tsa lona kaofela,” ha araba batho ba marung.

 

Kgudu a se ke a senya nako. A potlakela kapele ka meharo mme a ja dijo tseo kaofela, ha dinonyana di ntse di mo shebelletse. Batho ba marung ba ne ba makaletse hore dinonyana tsona ha di je, empa ba ile ba nahana hore ke moetlo wa dinonyana ho dumella morena wa tsona ho ja pele.

 

Dinonyana di ne di kgenne haholo mme di lapile! Tsa mathela ho Kgudu mme tsa fihla tsa ntsha masiba a hae kaofela. Yaba di fofela tlase lefatsheng ho ya bolella diphoofolo tse ding ka maqheka ao Kgudu a a entseng.

 

Masiba a Kgudu a fefoha ho theohela lefatsheng mme a iphumana a tshwarehile marung kwana. O ile a sheba kwana le kwana a tlalletswe. Ha a ne a ka tlolela tlase lefatsheng o ne a tla shwa. Hanghang a elellwa Pharote e ntse e ngwapangwapa moo e leka ho bona hore e keke ya fumana dijonyana tse salletseng tseo Kgudu a neng a sa di bona.

 

“Ke a kopa hle, Pharote,” ha kopa Kgudu, “o bolelle mosadi wa ka hore a bokelle qubu e kgolo ya mahlaku hore e tle ere ha ke tlolela fatshe ho tswa mona marung ke tle ke se ke ka otlana ka shwa ha ke wela lefatsheng le thata.”

 

Pharote o ne a halefetse Kgudu hobane a ne a jele dijo kaofela. Yare ha a kgutlela lefatsheng a bolella mosadi wa Kgudu hore monna wa hae o mo kopile hore a ahe qubu ya majwe moo a tlang ho theohela teng.

 

Mosadi wa Kgudu a aha qubu eo ya majwe. Kgudu a sheba tlase a le hodimo marung mme a bona mosadi wa hae a eme pela ntho e itseng. O ile a nahana hore ke qubu ya mahlaku, yaba o kwala mahlo, o hula moya mme o a tlola.

 

Mmelenyana wa hae o tjhitja wa wela fatshe mme a wela ha bohloko hodima majwe. O ile a lla ke bohloko ha kgaketla ya hae e tjhwatleha.

 

Mosadi wa Kgudu o ile a mathela lehlakoreng la hae mme a sheba ka ho tshoha tshenyeho e etsahetseng ho kgaketla ya monna hae e ntle. O ile a mo oka mme a mo hlokomela ho fihlela a qetelletse a fodile, empa ho peperana ha kgaketla ya hae ha dula e le maqeba ho fihlela kgale – letshwao le bontshang sehloho seo a neng a se etse ho dinonyana tsa batho.

 

Ho sa le jwalo, batho ba marung ba ne ba utlwile bohloko ha ba bona kamoo dinonyana di ileng tsa qhekanyetswa ka teng. Ba bokolla ba lla, mme meokgo ya bona ya wela fatshe ho tswa marung ya kolobetsa lefatshe jwaloka pula. Jwang le difate tsa mela hape mme hape dinonyana le diphoofolo tsa eba le dijo. Empa dinonyana ha di a ka tsa hlola di tshepa dikgudu hape, mme ho fihlela kajeno, dikgudu di dula di ipatile dihlooho tsa tsona ka hara dikgaketla ke ho swaba ha di bona nonyana.

Eba le boiqapelo!

* Botsa bana ba hao, “Pale ee e ne e tla fapana jwang hoja Kgudu a ne a arolelane dijo tsa batho ba maru mmoho le dinonyana?” Jwale ba kgothaletse ho pheta pale hape mme ba e fetola ka tsela ena.

* Kgudu o ikutlwa a swabile qetellong ya pale, kahoo mohlomong o ithutile ho hong ka se etsahetseng! E re bana ba hao ba take setshwantsho sa Kgudu mme ba ngole le ho qetella polelo e latelang ka hara pudulana ya puo pela setshwantsho sa bona: Ke ithutile hore …