Home | Node | Khabetjhe e tlolatlolang

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Khabetjhe e tlolatlolang

Author

Ka Helen Brain

Illustrator

Ditshwantsho ka Vian Oelofsen

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Cassidy Ann le moholwane wa hae, Trixie, ba ne ba dutse ka koloing. Ntatemoholo o ne a kene ka lebenkeleng la meroho, empa o ne a sa tlo nka nako e telele. Ho ne ho se dikoloi pakeng ya dikoloi, ntle feela le lori e kgolo e neng e eme ka lehlakoreng le leng la letangwana. Lori eo e ne e tletse dijalo, mme banna ba ne ba di theolela hodima diteroli ho di isa ka lebenkeleng.

Ka ho sheba terateng Cassidy Ann o ne a kgona ho bona Ntatemoholo a ntse a tsamaya hara mela ya dijalo. O ne a leka ho etsa qeto ya hore ke sehlahla sefe sa dipalesa seo a ka se rekang.

Hanghang khabetjhe ya wela fatshe e tswa hodima lori. Ya tlolatlola fatshe, ya theteha e feta sediba se tshikgonyang.

“Na o a e bona ntho ela, Trixie?” Cassidy Ann a botsa. “Khabetjhe yane e wele loring mane.”

Trixie a phahamisa mahlo bukeng ya hae. “Jwale?” a rialo. "Empa e le khabetjhe feela.”

Cassidy Ann a shebella, a emetse hore ho be teng motho ya boning khabetjhe eo mme a e thonake. Empa banna bao ba ne ba le maphathaphathe haholo, ba ne ba sa e elellwa hore e wele. Khabetjhe eo ya theteha ya theteha ya theosa pakeng e lebile koloing ya bona. Ya emisa hantle ka pela koloi. Cassidy Ann a bula lemati la koloi ho e thonaka.

“O etsang?” Trixie a botsa, a phetla leqephe. Ntatemoholo o itse re lokela ho dula ka koloing.”

Cassidy Ann a kwala lemati. O ile a dula moo ka koloing, a kgathatsehile ka khabetjhe. O ile a bona banna ba palama ba kgutlela ka loring. “Ke ya teng hanyane feela,” a rialo, a bula lemati la koloi hape. “Ke ilo nka khabetjhe yane ke e kgutlisetsa ho banna bane ka loring.”

Banna bao ba ne ba se ba loketse ho tsamaya. Ba ne ba kwala mamati mme mokganni a se a dumisitse enjene.

“Ho lokile,” ha rialo Trixie, “empa ha Ntatemoholo a kgutla mme a fumana o le siyo, e tla ba phoso ya ka.”

Yaba he Cassidy Ann o tlola a tswa koloing, a phamola khabetjhe mme a mathela loring.

Empa o ne a se a le morao. Mokganni o ne a sa mmona. O ile a kganna koloi mme Cassidy Ann o ile a sala a eme moo pakeng ya dikoloi a tshwere khabetjhe e kgolohadi.

“Jwale ke tlilo etsang?” a nahana. “Ha se ya ka, empa nkeke ka fana ka yona. Na ke lokela ho e siya mo? Kapa ke ye le yona lapeng hore Nkgono a tle a e phehe?”

Hanghang khabetjhe ya qala ho sisinyeha! E ile ya sisinyeha haholo hoo Cassidy Ann a neng a hloleha ho e tshwara. Ya sisinyeha haholo hoo e ileng ya qala ho tlolatlola ka hara matsoho a hae. Yaba hang e re Shwii! Phaqa! Ya tlolela moyeng, mme Cassidy Ann a ya le yona.

Ya fofela hodimo, hodimo kwana hodima sefate se selelele sa avocado. Yaba e kgutlela fatshe hape, mme Cassidy Ann a itshwareleditse ka thata, yaba e re BOTHOBOTHO! ya tlolatlola ka hara tsela mme ya leba hodimo hape, kgetlong lena hodima marulelo a lebenkele la dijalo.

Ho ne ho le monate hodimo mane. Cassidy Ann o ne a kgona ho bona ntho tsohle – batho ba rekang dijalo lebenkeleng la dijalo, mosadi ya tsamayang le dintja tsa hae pela noka, dipalesa tsa metsing ka hara letangwana, le Trixie ya balang buka ya hae ka koloing. Ho ne ho le monate.

Empa khabetjhe e ne e qala ho tlolatlola hape. E ne e thothomela e tatasela e eya hodimo le tlase, mme Cassidy Ann a tlameha ho itshwareletsa ka thata ho e thibela hore e se mmalehele.

“O ya kae jwale?” a omana ha khabetjhe e tlolatlola hang, habedi, hararo … yaba hlwiiii moyeng, mme botlololo fatshe hape. Hwalakahla! Ya wela ka metsing a sediba, e phakgatsa metsi hohle. Ya boela ya ya hodimo hape, Cassidy Ann a itshwareleditse a keketeha, mme ya hwalakahla hape ka hara sediba. Metsi a mang a mangata a phakgatseha, a tshela mme ya halefileng ya tshwereng sehlopha sa dipalesa.

Ya nyolohela hodimo hape, hodimo, hodimo, hodimo, ho fihlela Cassidy Ann a utlwa monko wa maru mme a a utlwa a etsa diaparo tsa hae di be mongobo. Hodimo, hodimo, hodimo ho fihlela paka ya dikoloi e shebahala e le hole kwana, mme koloi ya Ntatemoholo e shebeha jwaloka koloi ya thoye. Cassidy Ann o ne a kgona ho bona Ntatemoholo a tswa ka lebenkeleng la dijalo, a sututsa teroli e nang le palesa e kgolo e nang le meutlwa. Khabetjhe ya qala ho thothomela le ho sisinyeha mme ya qalella ho wela fatshe, tlase, tlase. Cassidy Ann o ne a tseba hantle hore jwale o tlo wela hodima sehlahla sa dipalesa se tletseng meutlwa, kahoo a qala ho hoeletsa, “Ntatemoholo, hlokomela, Ntatemoholo!”

Ntatemoholo a sheba hodimo mme a re, “Cassidy Ann, hantlentle o etsa eng o fofa moo ka hara …” Yare pele a wela ka hara sehlahla sa dipalesa tse tletseng meutlwa, Ntatemoholo a otlolla matsoho ka pele mme a kola Cassidy Ann. A tswa botsitsong mme bobedi ba bona ba thetehela ka letangwaneng. Ka lehlohonolo ho ne ho sa sala metsi a mangata ka letangwaneng, empa senqanqane sa tshoha haholo hoo se ileng sa tlolela ka ntle, se lla. Mme Ntatemoholo a dula ka hara letangwana a ena le lehlaku la palesa le leketla hloohong ya hae, mme mose wa Cassidy Ann o ne o le motala hohle o thella ke bolele ba letangwana.

Trixie a tla a matha, mme a thusa Ntatemoholo ho ema. “Ho etsahetseng?” a botsa. “Ho tlile jwang hore le wele ka letangwaneng le le babedi?”

“Cassidy Ann o ntshutuditse,” ha rialo Ntatemoholo. “Ke nahana hore ke sona se etsahetseng seo! Ha ke hopole hantle.”

“E ne e le khabetjhe ya mehlolo e tlolatlolang,” Cassidy Ann a hlalosa. “e ile ya tlolatlola ka nna ya ya hodima sefate, ka hodima ntlo, le ka hara letangwana, hape ya nkisa hodimodimo marung. Mme yaba e kgutlela fatshe hape mme ka batla ke wela hodima sehlahla sa Ntatemoholo sa dipalesa.”

“Hmmmmph,” ha rialo Trixie. “O thibane haeba o ka iqapela dipale tse kang tseo mme o etse ekare ke nnete, Cassidy Ann! Nakong e tlang o ke o etse kamoo o bolelletsweng mme o dule ka koloing.”

Cassidy Ann o ne a batla ho ba bontsha hore ha a iqapele dipale, kahoo a batlana le khabetjhe yane. E ne e le siyo. Yaba o a e bona – e le hodimodimo marung hoo e neng e shebeha jwaloka nonyana, e ntse e tlolatlola hodima maru.

“Ke yane,” a rialo a supile marung. “Hodimo mane.”

Empa ba ne ba ntse ba sa mo kgolwe, Ntatemoholo o ne a sa halefa le ha ho le jwalo. A qala ho tsheha mme ba tsheha kaofela tseleng e lebang lapeng.

Eba le boiqapelo!

Botsa bana ba hao hore ba nahana hore khabetjhe e tlolatlolang e kene jwang loring ya dijalo qalong ya pale. Jwale hlahisa hore ba sebedise menahano ya bona ho ngola sekotwana se ka kenyeletswang paleng ena pele e qala.