Home | Node | Bohle ba kgethehile

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Bohle ba kgethehile

Author

Ka Kai Tuomi

Illustrator

Ditshwantsho ka Natalie le Tamsin Hinrichsen

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Mandla o ne a tsamaya a otlolla maoto ka tsatsi le leng ha a tla bona Tlou a itahlela ka metsing nokeng a sesa. Tlou o ne a shebahala a thabile haholo. Ditsebe tsa hae tse kgolo di ne di phukalla mme a phakgatsa metsi ho ya hodimo moyeng a sebedisa nko ya hae e telele.

            “Dumela,” ha rialo Mandla, a dumedisa Tlou.

            Tlou a sheba fatshe ho Mandla mme a phahamisa nko ya hae.

            “Dumela, Mandla,” a rialo, ka lentswe le phahameng.

            “Nko eo ya hao e a makatsa,” ha rialo Mandla.

            “O, o tjho nthwee?” Tlou a sheba nko ya hae. “Ke nahana jwalo le nna, ha ho jwalo?”

            “Ekare ho monate ho ikgasa ka metsi ha letsatsi le tjhesa,” ha rialo Mandla.

            “O, ha se seo feela seo nka se etsang,” ha rialo Tlou. “Hape nka kgona ho sebedisa nko ya ka ho kga ditholwana difateng mme ke hulele Makala tlase. Hape nka e sebedisetsa ho etsa lerata le leholo ha ke batla. Hoo re ho bitsa ho letsa terompeta! E re ke o bontshe ke etsa jwang.”

            Tlou a otlolla nko ya hae. Brrrrpprumph! Modumo o monate ka ho fetisisa, o phahameng wa tswa. O ile wa thwathwaretsa ho kenella morung mme tse ding tsa dinonyana tsa fofa tsa baleha sefateng se haufi. Mandla a tantsha hona tulong eo mme a tsheha.

            “Ke ntho e makatsang,” a rialo. “Ke lakatsa eka nka be ke ena le nko e tshwanang le ya hao.”

            Mandla a siya Tlou a ntse a bapala ka nokeng mme a tsamaya hara moru. O ile a phahamisetsa matsoho a hae hodimo ka pela nko ya hae, a koba sephaka sa hae mme a sotha letsoho la hae hore le shebahale jwaloka nko ya tlou. Yaba o leka ho kga sehlopha sa diberi ka morung. Empa o ne a sa sheba moo a yang teng … THUU! A thula ho hong.

            “Ow,” a rialo a wela fatshe.

            Ntho eo a ileng a e thula e ne e le sootho le mmala wa lamunu. E ne e shebahala e tloha fatshe ho ya hodimo difateng kwana.

            “Ho etsahala eng tlase moo?” ha rialo lentswe ka hodimo ho yena.

            “Thuhlo!” ha rialo Mandla a sheba hodimo.

            “Ke eng?” ha botsa Thuhlo.

            “Ke nna. Mandla!”

            “Mang?” ha botsa Thuhlo.

            Hlooho e kgolohadi qetellong ya molala o molelele ya theosa ho tla fatshe hara difate.

            “O, dumela, Mandla,” ha rialo Thuhlo.

            “Dumela Thuhlo, ke maswabi ha ke ile ka o thula. Ke ne ke iketsa eka ke na le nko e telele jwaloka Tlou mme ke ne ke sa sheba moo ke yang.”

            “Nko e kang ya Tlou?” ha botsa Thuhlo.

            “Nko ya tlou e makatsa haholo,” ha rialo Mandla. “O kgona ho ikgasa ka metsi mme a kge ditholwana difateng mme a etse lerata le leholo.”

            “Tjhe,” ha rialo Thuhlo, “tseo ke dintho tse bohlale haholo ke nahana jwalo, empa nna nka etsa tse ngata ho feta ka molala ona wa ka o molelele.”

            “Tse kang eng?” ha botsa Mandla.

            “Ke kgona ho fihlella ka hodimodimo difateng, moo makala a leng monate ho feta. Hape ke kgona ho bona hohle mme ke bone kotsi e sa tla hole. Leleme la ka le kgethehile le lona,” ha rialo Thuhlo. “Le lelelele haholo.” Thuhlo a ntsha leleme la hae le le lelele le perese. “Mme hape le letenya, e leng se bolelang hore nka nna ka ja difateng leha di ena le meutlwa. Difate tse nang le meutlwa di na le makala a monate haholo, o a tseba,” ha rialo Thuhlo.

            “Ke hantle haholo,” ha rialo Mandla. “Ke lakatsa eka nka be ke le molelele jwaloka wena Thuhlo, mme ke ne ke tla kgona ho bona le ka hodimo ho difate mme ke je makala ao o ntseng o bua ka ona.”

            “Tloha mona,” ha rialo Thuhlo. “Bashemane ha ba je makala. Ka ba ka hopola, ebile ke nako ya dijo tsa motsheare kgetlo la bobedi. Ke tla o bona hamorao Mandla.”

            Yaba Mandla o tsamaya ho parola moru, a tshwere matsoho a hae ka hodima hlooho jwaloka molala wa Thuhlo o molelele mme a ekga mahlaku sefateng.

            “O etsang?” ha botsa lentswe le bonolo haholo.

            Mandla a tlolela morao ke ho tshoha.

            “Ke ne ke sa re ke a o tshosa,” ha rialo lentswe le bonolo. Kgama e nyane e putswa e nang le reng e tshweu mohatleng wa yona, ya kgukguna ho tswa morung.

            “Kgama ya matsha!” ha rialo Mandla. “Ke a kgolwa ke wena ya kgutsitseng ho feta diphoofolo tsohle.”

            Kgama ya matsha ya swaba. “O mosa, Mandla. Ho kgutsa ho nthusa ho dula ke bolokehile. Ha ke rate diphoofolo tseo tse ding tse lerata.”

            “Ke leqheka le letle haholo, ho dula o kgutsitse,” ha rialo Mandla. “Ke lakatsa eka nka nanya ho tshwana le wena, Kgama ya matsha.”

            “O lokela ho e leka ka nako e nngwe! O tla lokela ho ikwetlisa haholo hore o tle o kgone jwaloka nna. Ke tla o bona he, Mandla,” ha rialo Kgama ya matsha, a nanya a kgutlela ka hara moru hape.

            Yaba Mandla o tsamaya butle ka hara moru, a tsamaya ka ditsetsekwane jwaloka Kgama ya metsi. E ne e so be kgale ha a kgotjwa ke lekala le lenyane mme a wela hodima qubu ya mahlaku. Ho ne ho ena le ditsheho tse tlaase tse tswang morung mme Mandla o ile a bona ho tsekema ntho e putswa ha Kgama ya matsha a tloha a kena hara moru. Mandla a phahama mme a matha ka hara moru a kgutlela tlung yabo ka thoko ho moru. Mmae o ne a le ka ntle a ntse a aneha diaparo.

            “Mme?” a rialo a buela fatshe.

            “Molato ke eng, Mandla?” ha botsa mmae. “Hobaneng o shebahala o sa thaba tje?”

            “Mme, hobaneng nna ke se na nko e tshwanang le ya Tlou? Hobaneng ha nna molala wa ka o se molelele jwaloka wa Thuhlo? Mme ke hobaneng ha ke sa kgone ho nanya jwaloka Kgama ya matsha? Kaofela ha bona ba bohlale mme nna ke ikutlwa eka ha ke a kgetheha hohang.”

            Mmae a inama mme a mo suna phatleng.

            “Mandla, ha o ne o ena le nko ya Tlou, ke ne nkeke ka kgona ho o suna ha o robala. Mme hoja o ne o ena le molala o molelele wa Thuhlo, ke ne ke sa tlo kgona ho o phahamisa ke o potolohisa. Mme o ke o nahane, hoja o ne o kgutsitse jwaloka Kgama ya matsha, ke ne ke sa tlo kgona ho o fumana hore ke o hake.”

            Mme wa Mandla a mo hulela ho yena. “Bohle ba na le ho itseng ho kgethehileng. Ke o rata feela kamoo o leng ka teng. Mme ho nna, o kgethehile ho feta diphoofolo tsohle tse ka hara moru,” a rialo.

 

Iqapele!

Qetang nako e itseng le buisana le bana ba hao ka se etsang hore ba kgethehe. (O se ke wa lebala ho ba botsa hore ke hobaneng ha ba nahana hore ba kgethehile!) Ebe o hlahisa hore ba take ditshwantsho tsa bona mme ba qetelle polelo e reng, “Ke kgethehile hobane …” ka tlasa ditshwantsho tsa bona.