Home | Node | Jeresi ya Koketso eo a e ratang

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Jeresi ya Koketso eo a e ratang

Author

Ka Patricia de Villiers

Illustrator

Ditshwantsho ka Vian Oelofsen

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Kamehla letsatsi la Mantaha ke la ho hlatswa tlung ya Nkgono. Ka Mantaha o mong le o mong, esale ka matjeke, Nkgono o ntsha bate e kgolo ya lesenke mme a e behe hodima tafole ka ntle jareteng. Mme ebe o bedisa metsi ka ketlele. O lokela ho bedisa diketlele tse ngata haholo hore a tle a kgone ho tlatsa bate eo.

Jwale ebe Nkgono o tshela sesepa sa phofo a fuduwe ka kgaba e kgolo ya patsi ho fihlela metsi a tshikgunya lekweba. Ebe jwale o kenya dilakane le dilopo tsohle, le masela a kwahelang tafole le borikgwe ba hae bo boholo ba ka hare ka hara bate mme a di hatelle fatshe ka tlasa metsi ka kgaba ya hae e kgolo ya patsi, a nne a di fuduhe, a di fuduhe jwalojwalo.

Ha tsohle di se di hlwekile di qetile ho pudutswa, Koketso o thusa nkgono wa hae ho aneha dintho tseo tse boima tse metsi terateng.

Ka Mantaha o mong o batang hoseng, Koketso a sheba seo a se apereng.

“Mmm,” a nahana, “dikausu tsa ka tse tshweu di hlwekile hantle, empa dieta tsa ka tse bolou di ditshila. Mose wa ka o pinki o hlwekile, empa jeresi ya ka e metsero e tshetswe ke dijo tsa hoseng hohle ho yona! E re ke bone – mahe, tamatisousu, lebese, le panana e nyane le mafoforetsane a MANGATA. Ke rata jeresi ena ya ka e ntle e futhumetseng, empa e hloka ho hlatsuwa hantle!”

“Nkgono!” a hoeletsa. “Na nka kenya jeresi ya ka e metsero le dieta tsa ka tse bolou ka bateng ya hao ya ho hlatswetsa?”

Nkgono a tsheha, “Tjhe, rato la ka, ana ke metsi a TJHESANG haholo. Hohang o se ke wa etsa jwalo!”

Koketso ha a ka a utlwisisa. Hobaneng a ne a sa lokela ho kenya jeresi ya hae le dieta ka bateng ya nkgono? Kahoo he, yare ha Nkgono a ile lebenkeleng ho ya reka ditapole le eiye, Koketso a mathela ka ntle jareteng. A rola dieta tsa hae tse bolou mme a hlobola jeresi ya hae e metsero e kganyang, a nka kgaba e kgolo ya patsi mme a di kenyelletsa ka hare ho bate ya ho hlatswetsa mmoho le diaparo tsohle tse ding tse hlatsuwang.

Tsohle tse neng di le kamoo di ne di tjhesa haholo di le boima. Lekweba la sesepa la etsa hore Koketso a ithimole, empa qetellong a kgona ho kenyelletsa diaparo tsa hae tlase tlase – ka harahare tlasa dilakane le dilopo tsohle, le lesela la ho kwahela tafole le borikgwe bo boholo ba Nkgono ba ka hare.

“Ha se moo,” a rialo ho jeresi le dieta tsa hae, “jwale le tla hlweka le nkge hamonate kaofela.”

Ha Nkgono a kgutla, a elellwa hore Koketso o apere feela mose o bobebe mme a rwetse dikausu feela maotong.

“Koketso,” a rialo, “ho a bata kajeno. Hobaneng o apere dintho tseo? O batla ho tshwarwa ke sefuba?”

“O, Nkgono,” ha rialo Koketso, a foka moya sefahlehong sa hae jwaloka haeka ke fene, “Ke a TJHESA. Ha ke a hatsela hohang.”

Yaba o matha ho theosa tselana a ntse a tsoka letsoho a dumedisa nkgono wa hae. “Sala hantle, Nkgono,” a rialo. “Ke sa ilo bona Pinky.”

“Ako butle hanyane feela …” Nkgono a rialo. Empa Koketso ha a ka a mo utlwa hobane o ne a se a potetse ka huku.

Ha a le tseleng e yang habo Pinky, Koketso a qala ho hatsela. Moya o ne o foka moseng wa hae, mme tsela e ne e bata sa leqhwa ka tlasa maoto a hae. A ikopa ka matsoho mme a matha ka potlako ho leba habo motswalae.

“Pinky!” ha hoeletsa Koketso a ntse a tlolatlola monyako habo Pinky. “Pinky, mpulele hle, ke SHWELE ke serame!”

Pinky a tla monyako. “O a hlanya, Koketso?” a rialo. “Hobaneng o sa apara diaparo tsa mariha?”

Ntlo yabo Pinky e ne e futhumetse ha monate.

“Kena, Koketso,” ha rialo mme wa Pinky, Rakgadi Sarah wa Koketso. “O fihlile hantle bakeng sa ho ja bohobe bo foreshe le jeme.”

Koketso a natefelwa haholo habo Pinky hoo a ileng a lebala ka ho hlatswa ha Nkgono. Hanghang a hopola mme a tlola setulong seo a dutseng ho sona.

“Jowee!” a rialo. “Ke ne ke tshwanetse hore ke thuse nkgono ho aneha diaparo. Ke lokela ho ya hae HONA JWALE!”

“Tjhe bo, o keke wa tsamaya o apere jwalo,” ha rialo Rakgadi Sarah. “Bonyane apara ntho tsena.” Yaba o fa Koketso khatikene e kgolo, e sootho e fihlang mangweleng a hae, le diselepara tsa kgale.

Ha Koketso a fihla hae nkgono wa hae o ne a mo emetse a phuthile matsoho. O ne a halefile haholo. Diaparo tsohle di ne di le terateng, mme qetellong ya lehlakore le leng ho ne ho leketla dieta tse bolou tse rothang metsi le jeresi e nyane hoo e neng e ka lekana lesea.

Koketso a ema moo a ahlame ke ho makala. “Empa,” a hweleketsa, “empa, empa, empa, ha ke utlwisise. Yane ekare ke jeresi ya ka, empa ha se jeresi ya ka.” Yaba o utlwa mahlo a hae a tlala dikgapha. “Hao, Nkgono,” a bokolla, “ho etsahetse eng ka jeresi ya ka? Nna ke batla jeresi ya ka ya kgale!”

Nkgono a mo sheba. “O se ke wa re ke ne ke sa o bolella, Koketso,” a rialo. “Ha o a lokela ho kenya dintho tsa ulu ka metsing a tjhesang. Di a honyela ha o etsa jwalo. Ke kahoo jeresi ya hao e seng e le nyane hakana.”

Esale hoseng ka letsatsi le hlahlamang ha Koketso a tsoha, a fumana hore Nkgono o suntse dikoranta ka hara dieta tsa hae tse bolou mme o di beile haufi le hitara. Di ne di ntse di le mongobo mme di etswa phofodi, empa ka lehlohonolo di ne di sa ntse di le kgolo hantle! Jeresi ya hae e ne e omme mme e mennwe hantle hodima dintho tse ding tse hlatswitsweng tsa Nkgono. Empa e ne e le nyane haholo.

Koketso a tswela ka ntle a apere khatikene e kgolo, e sootho ya Rakgadi Sara, a rwetse le diselepara mme a dula setupung. A ala jeresi e nyane hodima dirope tsa hae. “Ke maswabi, jeresi e metsero,” a rialo, “o ne o le motle o le bonojana.” Mme a ba a lla hanyane.

“O shebahala o futhumetse ha monatjana maemong ana a batang a lehodimo, Koketso,” ha rialo lentswe. E ne e le Malome Koos a kganna teroli ya ho reka mabenkeleng a feta ka tsela. “Ke na le motho mona ya batlileng a hwama ke serame maobane bosiu.” Mme Malome Koos a bula jase ya hae ho mmontsha hore o ne a tshwere ntjanyana e thothomelang.

“Ao, Malome Koos,” ha rialo Koketso, “ntjanyana eo ha e na boya bo lekaneng ho e futhumetsa. Mohlomong e hloka jasenyana e ntle e boya.”

Yaba o nahana ho hong.

“E ka nna ya apara jeresi ya ka ya kgale!” a rialo “E se e le nyane haholo ho nna jwale.”

Jeresi eo ya lekana ntjanyana eo hantle feela.

“Ke taba tse monate tseo, Koketso,” ha rialo Malome Koos. “Bona kamoo ntjanyana ena e thabileng ka teng. Ke tla e rehella ka wena. Jwale lebitso la yona e tla ba Ketso.”

Koketso a tsheha. “Ketso,” a rialo. “Ke nahana hore ke lebitso le monate bakeng sa ntja!”

Ntjanyana ya tsoka mohatla mme ya nyeka Malome Koos nkong.

“Ke bona eka le yona e rata lebitso la yona,” ha rialo Malome Koos, “ebile e rata jasenyana ya yona e kganyang, e metsero ya ulu. Tloo Ketso, ntjanyana ya ka, ha re ye re ilo batlana le dijo tsa hoseng!” Malome Koos a tataetsa Koketso ha a tsamaya mme a theosa ka seterata.

“Ke mohopolo o motle,” ha rialo Koketso ha a kena ka tlung mme a fumana nkgono wa hae, a entse dijo tsa hoseng.